E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Mehlala Ea Seo U Ka Se Buang Le Batho
Letšolo la ho Memela Batho Sehopotsong (La 19 March–La 15 April)
“Re u memela ho ba teng ketsahalong ea bohlokoa eo ho eona ho tla beng ho na le batho ba limilione. Ke sehopotso sa lefu la Jesu.” Fana ka memo e hatisitsoeng kapa ea elektronike. “Memo ena e bontša nako le sebaka seo ketsahalo ena e tla tšoareloa ho sona [kapa kamoo u ka e shebellang Inthaneteng kateng]. Re boetse re u mema ho tla mamela puo e khethehileng beke pele ho Sehopotso.”
Haeba Motho a Thabela Molaetsa: Bapala video ea Ikhopotse Lefu la Jesu [kapa u e romele ka e-mail kapa ka SMS].
Potso: Ke hobane’ng ha Jesu a ile a shoa?
Leeto la Pelea (La 1-18 March, La 16-30 April)
Potso: Jesu ke mang?
Lengolo: Mat 16:16
Potso: Ke hobane’ng ha Jesu a ile a shoa?
Leeto la ho Boelab
Potso: Ke hobane’ng ha Jesu a ile a shoa?
Lengolo: Mat 20:28
Potso: Re ka bontša joang hore re ananela sehlabelo sa Jesu sa thekollo?