Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb22 September leq. 5
  • Lenyalo ke Tlamo ea Bophelo Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lenyalo ke Tlamo ea Bophelo Bohle
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e Ruta’ng ka Lenyalo le Bosoha?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Lenyalo—Mpho e Tsoang ho Molimo ea Lerato
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Ho Itokiselletsa Lenyalo le Atlehileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Tataiso ea Molimo ho Khetheng Molekane oa Lenyalo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
mwb22 September leq. 5
Mora le morali oabo rona ba leferehong ba sebetsa tšimo ’moho.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Lenyalo ke Tlamo ea Bophelo Bohle

Manyalo a Bakreste a atlehileng a tlotlisa Jehova ’me a etsa hore monna le mosali ba thabe. (Mar 10:9) E le hore Bakreste ba thabe lenyalong, ba lokela ho latela melao-motheo ea Bibele haufi-ufi ha ba khetha balekane.

U se ke oa kena leferehong ho fihlela u “fetile palesa ea bocha,” e leng nako eo maikutlo a ho etsa thobalano a leng matla hoo a ka u sitisang hore u etse qeto e nepahetseng. (1Ko 7:36) Ha u ntse u le lesoha, sebelisa nako eo ho matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova le ho ba le makhabane a Bokreste. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u be le lenyalo le atlehileng.

Pele u lumela ho nyalana le motho, nka nako ea ho ithuta eena e le hore u ka tseba “motho ea ka sephiring oa pelo.” (1Pe 3:4) Haeba u qala ho ba le lipelaelo, buisana le motho eo u batlang ho nyalana le eena ka tsona. Motho ea lenyalong o lokela ho nahana haholo ka seo a ka se etsetsang molekane oa hae, eseng seo molekane oa hae a lokelang ho mo etsetsa sona. (Fil 2:3, 4) Ha le sebelisa melao-motheo ea Bibele pele le nyalana, ho tla ba bonolo ho e sebelisa leha le se le nyalane ’me seo se tla etsa hore le thabe lenyalong.

SHEBELLANG VIDEO EA HO ITOKISETSA LENYALO​—KAROLO EA 3: “BALA LITŠENYEHELO” EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Lefereho la morali oa bo rona le Shane le qalile joang?

  • Morali oa bo rona o ile a hlokomela eng ka Shane ha a ntse a tsoela pele ho ithuta eena?

  • Batsoali ba morali oa bo rona ba ile ba mo thusa joang ’me o ile a etsa qeto efe e bohlale?

Mor’abo rona ea leferehong a ka ipotsa lipotso tsena tse latelang:

Morali oa bo rona o na le makhabane afe a Bokreste? O bontša ka litsela life hore ‘Muso oa Molimo o tla pele bophelong ba hae? Na o bontša hore o mamela tataiso e ka Bibeleng le e tsoang ho mokhatlo oa Molimo? Na o tsotella batho ba bang?

Morali oabo rona ea leferehong a ka ipotsa lipotso tsena tse latelang:

Mor’a bo rona o na le makhabane afe a Bokreste? Na o nka borapeli ba hae ho Molimo le boikarabelo ba hae ka phuthehong e le ba bohlokoa ho feta mosebetsi, chelete, lipapali le boithabiso? O tšoara lelapa labo joang? Na o tsotella batho ba bang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela