Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb23 March leq. 3
  • Kamoo U ka Thusang Kateng ha ho Hlaha Koluoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Thusang Kateng ha ho Hlaha Koluoa
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Thusa Batho ka Liphallelo?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Ho Phallela ba Oetsoeng ke Likoluoa ka 2023—“Rea Bona Hore Jehova oa re Rata”
    Kamoo Menehelo e Sebelisoang Kateng
  • Re ka Thusa Joang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
mwb23 March leq. 3

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Kamoo U ka Thusang Kateng ha ho Hlaha Koluoa

Likoluoa tsa tlhaho li se li etsahala hangata matsatsing ana. Ha koluoa e e-ba teng, re lokela ho fana ka thuso ka tsela e hlophisehileng. Ka lebaka leo, Sehlopha se Busang se entse tokisetso ea hore liofisi tsa makala li be le Lefapha le Thusang Nakong ea Likoluoa.

Ka mor’a hore ho be le koluoa, kapele-pele bara ba bo rona ba kopana le baholo ho utloa hore na bahoeletsi ba anngoeng ke koluoa ba hloka thuso efe. Haeba ho bile le tšenyo e kholo hoo bahoeletsi ba sa khoneng ho thusana, ofisi ea lekala e tla romela bara ba bo rona ba tšoanelehang ho etella pele mosebetsi oa ho fana ka thuso. Bara ba bo rona bao, ba ka hlophisa hore ho be le baithaopi, ba kopa menehelo ea lintho tse itseng kapa ba reka le ho fana ka lintho tse hlokahalang sebakeng seo.

Ho etsa lintho ka tsela ena hoa thusa. Ho etsa hore ho se ke ha e-ba le mosebetsi o mongata o sa hlokahaleng, pherekano le tšenyo ea menehelo kapa ea thepa. Sena se ka etsahala haeba re etsa lintho ka tsela ea rona ’me re sa mamele tataiso e fanoeng.

Bara ba bo rona ba khethiloeng ke ofisi ea lekala, ba ka rera hore na ho hlokahala chelete le baithaopi ba bakae. Ba ka boela ba kopa thuso ho ba boholong pusong e le hore mosebetsi o ka fela kapele. Kahoo, ka kopo le se ke la bokella menehelo, la romela liphallelo kapa la ea moo ho hlahileng koluoa haeba le sa kopuoa ho etsa joalo.

Leha ho le joalo, ha koluoa e e-ba teng re batla ho thusa. (Heb 13:16) Re rata bara le barali ba bo rona. Kahoo, re ka etsa’ng ho ba thusa? Re ka rapella bara le barali ba bo rona ba anngoeng ke koluoa hammoho le bohle ba ba thusang. Re ka boela ra fana ka monehelo oa mosebetsi oa lefatše lohle. Liofisi tsa makala li ka sebelisa tataiso ea Sehlopha se Busang ho bona hore na menehelo e ka sebelisetsoa ho thusa hokae. Haeba re batla ho thusa moo koluoa e bileng teng, re ka tlatsa foromo ea Local Design/Construction Volunteer Application (DC-50).

SHEBELLANG VIDEO EA LIKHOHOLA TSE BAKILENG TŠENYO BRAZIL EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:

Setšoantšo sa video ea “Likhohola Tse Bakileng Tšenyo Brazil.” Setšoantšo se hlahisitseng karolo e ka holimo ea matlo le lifate tse anngoeng ke likhohola.

Ke’ng e u khahlang ka tsela eo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa thusa ka eona ka mor’a likhohola tse ileng tsa e-ba teng Brazil ka 2020?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela