Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb23 September leq. 13
  • Thusa Batho ba sa Lumeleng ho Molimo ho mo Tseba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thusa Batho ba sa Lumeleng ho Molimo ho mo Tseba
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Finyella Lipelo Tsa Batho Bao e Seng Balumeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Bontša Bokhoni ha u Sebelisa Lintho Tsa Bohlokoa Tseo re Rutang ka Tsona
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • Liboka Tsa Tšebeletso ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Ruta Molaetsa oa Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
mwb23 September leq. 13
Morali oa bo rona o bua le ’mѐ e mong oa Asia ka Bibele.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Thusa Batho ba sa Lumeleng ho Molimo ho mo Tseba

Na u ee u utloe u tšaba ho bua ka Bibele le batho ba sa lumeleng ho Molimo hobane u nahana hore ba ke ke ba mamela? Haeba ho joalo, hopola hore batho ba bangata ba neng ba sa lumele ho Molimo ho akareletsa le ba neng ba sa lumele hore o teng e ile ea e-ba Lipaki tsa Jehova. Maemong a mangata seo ba neng ba se hloka ke ho ithuta bopaki bo ba kholisang hore Molimo o teng.—Bar 1:20; 10:14.

SHEBELLANG VIDEO EA HOPOLA HORE BATHO BA SE NANG TUMELO BA KA BA LE EONA—BATHO BAO ESENG BALUMELI EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:

Se etsahalletseng Mor’abo rona Tommaso se u thusa joang hore u nolofalloe ke ho bua ka Bibele le batho ba sa lumeleng ho Molimo?

Kamoo u ka etsang sena kateng

Ha u bua le motho ea sa lumeleng ho Molimo, e-ba mosa, u be bohlale ’me u bontše hore u amehile ka hore na ke hobane’ng ha a ikutloa joalo ka taba eo. (2Ti 2:24) Bua ka lintho tse ka hapang thahasello ea hae. Na oa lumela hore le buisane ka bopaki bo kholisitseng batho ba bangata hore Molimo o teng? Haeba ho joalo, sebelisa lingoloa le livideo tse reretsoeng ho thusa batho hore ba lumele hore Molimo o teng. Libukana tse kang Na Lintho Tse Phelang li Bopiloe? le The Origin of Life—Five Questions Worth Asking li kentsoe ka har’a Lithulusi Tsa ho Ruta e le hore li ka fumaneha habonolo.

Ka linako tse ling u ka tšaba ho pakela motho ea sa lumeleng ho Molimo. Kopa thuso ho mohoeletsi ea nang le boiphihlelo. Hopola hore Jehova a ka u thusa ho finyella lipelo tsa batho ba thahasellang ho ithuta ka eena le haeba qalong ba ne ba sa lumele hore o teng.—Lik 13:48.

Bukana ea “Na Lintho Tse Phelang li Bopiloe?”
Bukana ea “The Origin of Life—Five Questions Worth Asking.”
    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela