Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w20 May maq. 8-11
  • Marena a Mabeli a Loantšanang Mehleng ea Bofelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Marena a Mabeli a Loantšanang Mehleng ea Bofelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Morena oa Leboea” Mehleng ea Bofelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Jehova o Senola se “Tla Etsahala Haufinyane”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • “Morena oa Leboea” ke Mang Mehleng Ee?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Part 8—Mokoloko o Molelele oa Mebuso ea Lefatše o Atamela Qetello ea Oona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
w20 May maq. 8-11

Marena a Mabeli a Loantšanang Mehleng ea Bofelo

Boprofeta bo bong bo hlahang chateng ena bo bua ka liketsahalo tse etsahetseng ka nako e le ’ngoe. Kaofela ha bona bo fana ka bopaki ba hore re phela “nakong ea bofelo.”​—Dan. 12:4.

Chate e nang le boprofeta le e bontšang hore na morena oa leboea le morena oa boroa e ne e le bo-mang ho tloha ka 1870 ho fihlela mehleng ena.
  • Chate ea 1 ho tse 4 e bontša boprofeta bo etsahetseng ka nako e le ’ngoe mehleng ea bofelo bo kenyelelitse liketsahalo tsa bo-1870 ho fihlela ka 1918. Lilemo tsa ho tloha ka 1914 ho ea pele li hlalosoa e le mehla ea bofelo. Boprofeta ba 1: Sebata se lihlooho li supileng se hlaha pele ho linako tse hlahang chateng. Ka Ntoa ea I, hlooho ea bosupa ea sebata ea lemala. Ho tloha ka 1917 ho ea pele, hlooho ea bosupa ea fola ’me sebata sea hlaphoheloa. Boprofeta ba 2: Morena oa leboea le morena oa boroa baa hlahella ka 1870. Morena oa leboea o hlahella ka 1871 e le Jeremane. Morena oa boroa e qala ho hlahella pele e le Brithani empa ka 1917 o nkeloa sebaka ke Manyesemane le Maamerika. Boprofeta ba 3: Ho tloha ka 1870, Charles T. Russell le metsoalle ea hae ba hlalosoa e le ‘lenģosa.’ Mathoasong a bo-1880, ‘Zion’s Watch Tower’ e khothaletsa babali ba eona hore ba bolele litaba tse molemo. Boprofeta ba 4: Ho tloha ka 1914 ho ea pele, hoa kotuloa. Lehola le aroloa ho koro. Boprofeta ba 5: Ho tloha ka 1917 ho ea pele, maoto a tšepe le letsopa aa hlahella. Ho boela ho etsahala tjena: Liketsahalo tsa Lefatše ho tloha ka 1914 ho ea ho 1918, Ntoa ea I ea Lefatše. Liketsahalo tse hlahelang bahlanka ba Jehova: Ho tloha ka 1914 ho fihlela ka 1918, Liithuti Tsa Bibele tse Brithani le Jeremane lia tšoaroa. Ka 1918, barab’abo rona ba ntlo-kholo koana Amerika baa tšoaroa.
    Boprofeta ba 1.

    Lengolo Tšen. 11:7; 12:​13, 17; 13:​1-8, 12

    Boprofeta “Sebata” se ’nile sa busa batho ka lilemo tse ka holimo ho 3 000. Nakong ea bofelo, hlooho ea sebata e ile ea lemala. Hamorao, leqeba leo le ile la fola eaba lefatše lohle le latela sebata. Satane o sebelisa sebata seo ‘ho loantša ba setseng.’

    Ho phethahala ha bona Ka mor’a Moroallo, mebuso ea batho e khahlanong le Jehova e ile ea qala ho busa batho. Ka mor’a lilemo tse ka holimo ho 3 000 nakong ea Ntoa ea Pele ea Lefatše, matla a ’muso oa Brithani a ile a thefuleha hampe. O ile oa hlaphoheloa nakong eo o neng o ikopanya le Amerika. Nakong ena ea bofelo, Satane o sebelisitse mebuso ea batho ho hlasela batho ba Molimo.

  • Boprofeta ba 2.

    Lengolo Dan. 11:​25-45

    Boprofeta Nakong ena ea bofelo, morena oa leboea le morena oa boroa ba tsekisana hore ea matla ke mang.

    Ho phethahala ha bona ’Muso oa Jeremane o loantšana le ’muso oa Manyesemane le Maamerika. Ka 1945, morena oa leboea e ba Soviet Union le linaha tse e tšehetsang. Ka 1991, Soviet Union e ile ea felloa ke matla eaba hamorao Russia le ba khemang le eona e ba morena oa leboea.

  • Boprofeta ba 3.

    Mangolo Esa. 61:1; Mal. 3:1; Luka 4:18

    Boprofeta Jehova o romela “lenģosa” hore le il’o “hleka tsela” pele ’Muso oa Molimo o hlomamisoa. “Lenģosa” lena le ile la qala ho ‘bolella ba bonolo litaba tse molemo.’

    Ho phethahala ha bona Ho tloha ka 1870, Mor’abo rona Russell le metsoalle ea hae ba ile ba sebetsa ka thata ho hlalosetsa batho hore na Bibele e ruta’ng. Ka 1881, ba ile ba hlokomela hore ho bohlokoa hore bahlanka ba Jehova ba bolele. Ba ile ba hatisa lihlooho tse kang, “Ho hlokoa Baboleli ba Sekete” le “Anointed to Preach.”

  • Boprofeta ba 4.

    Lengolo Mat. 13:​24-30, 36-43

    Boprofeta Monna e mong o ile a jala koro tšimong eaba sera sona se jala mofoka ’me tsa hola ’moho. Nakong ea kotulo, koro e ile ea aroloa ho mofoka.

    Ho phethahala ha bona Ho tloha ka 1870, ho ile ha bonahala phapang pakeng tsa Bakreste ba ’nete le ba bohata. Nakong ena ea bofelo, Bakreste ba ’nete ba aroloa ho ba bohata ’me ba tlisoa ka phuthehong.

  • Boprofeta ba 5.

    Lengolo Dan. 2:​31-33, 41-43

    Boprofeta Maoto a entsoeng ka tšepe le letsopa ke karolo ea setšoantšo se nang le likarolo tse fapaneng.

    Ho phethahala ha bona Letsopa le emela batho ba busoang ke ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika empa ba le khahlanong le oona. Batho bana ba etsa hore ’muso ona o se ke oa ba matla joaloka tšepe.

  • Chate ea 2 ho tse 4 e bontša boprofeta bo etsahetseng ka nako e le ’ngoe nakong ea bofelo bo kenyelelitse liketsahalo tsa ho tloha ka 1919 ho ea ho 1945. Morena oa leboea o hlahella e le Jeremane ho fihlela ka 1945. Morena oa boroa o hlahella e le ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Boprofeta ba 6: Ka 1919, Bakreste ba tlotsitsoeng ba bokelleloa ka phuthehong ka e hloekisitsoeng. Ho tloha ka 1919 ho ea pele, mosebetsi oa boboleli o nkeloa holimo ’me o ntšetsoa pele. Boprofeta ba 7: Ka 1920, ho thehoa Selekane sa Lichaba eaba se tsoela pele ho fihlela ntoeng ea bobeli. Ho ile ha boela ha etsahala tjena: Boprofeta ba 1, sebata se lihlooho li supileng se tsoela pele ho ba teng. Boprofeta ba 5, maoto a tšepe le letsopa a tsoela pele ho ba teng. Liketsahalo tsa lefatše ho tloha ka 1939 ho fihlela ka 1945, Ntoa ea II. Liketsahalo tse hlahelang bahlanka ba Jehova: Jeremane ho tloha ka 1939 ho fihlela ka 1945, Lipaki tse ka holimo ho 11 000 li isoa chankaneng. Brithani ho tloha ka 1939 ho fihlela ka 1945, Lipaki tse ka bang 1 600 lia tšoaroa. Amerika ho tloha ka 1940 ho fihlela ka 1944, mekhopi e ka holimo ho e 2 500 e hlasela Lipaki.
    Boprofeta ba 6.

    Lengolo Mat. 13:​30; 24:​14, 45; 28:​19, 20

    Boprofeta “Koro” e isoa ‘ntlong ea polokelo’ hape “lekhoba le tšepahalang le le masene” lea khethoa hore le hlokomele ‘bahlanka ba ntlo.’ ‘Litaba tse molemo tsa ’Muso’ li qala ho “boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.”

    Ho phethahala ha bona Ka 1919 ho ile ha khethoa lekhoba le tšepahalang hore le hlokomele batho ba Molimo. Ho tloha ka nako eo, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa qala ho bolela ka sekhahla. Hona joale Lipaki Tsa Jehova li bolela linaheng tse fetang 200 hape li hatisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse fetang sekete.

  • Boprofeta ba 7.

    Mangolo Dan. 12:​11; Tšen. 13:​11, 14, 15

    Boprofeta Sebata se linaka li peli se ile sa bolella batho ba lefatše hore “ba etse setšoantšo bakeng sa sebata” eaba se fa setšoantšo seo “phefumoloho.”

    Ho phethahala ha bona ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ile oa theha Selekane sa Lichaba. Linaha tse ling li ile tsa kena selekaneng sena. Ho tloha ka 1926 ho ea ho 1933, morena oa leboea le eena o ile a kena selekaneng seo. Joalokaha batho ba ne ba lumela hore Selekane sa Lichaba se tla tlisetsa batho khotso, e leng ntho e ka tlisoang ke ’Muso oa Molimo feela, ba ile lumela joalo le ka Machaba a kopaneng.

  • Chate ea 3 ho tse 4 e bontša boprofeta bo etsahetseng ka nako e le ’ngoe nakong ea bofelo bo kenyelelitse liketsahalo tsa ho tloha ka 1945 ho fihlela ka 1991. Morena oa Leboea o hlahella e le Soviet Union le ba khemang le eona ho fihlela ka 1991 eaba ka mor’a moo, e-⁠ba Russia le linaha tse e tšehetsang. Morena oa boroa e ntse e le Manyesemane le Maamerika. Boprofeta ba 8: Mosi o joaloka koae ea lekhoaba o hlahisitsoe ke bomo eo Manyesemane le Maamerika a bakileng tšenyo e mpe haholo ka eona. Boprofeta ba 9: Ho thehoa Machaba a Kopaneng ka 1945, a nkela Selekane sa Lichaba sebaka. Ho feta moo: Boprofeta ba 1, sebata se lihlooho li supileng se tsoela pele. Boprofeta ba 5, maoto a tšepe le letsopa a tsoela pele. Boprofeta ba 6, ka 1945, bahoeletsi ba ka holimo ho 156 000. ka 1991, bahoeletsi ba fetang 4 278 000. Liketsahalo tse hlahelang bahlanka ba Jehova: Nakong ea puso ea Soviet Union ka 1945 ho fihlela lilemong tsa bo-1950, Lipaki tse likete-kete li isoa Siberia.
    Boprofeta ba 8.

    Lengolo Dan. 8:​23, 24

    Boprofeta Morena ea tšosang o “baka tšenyo” e mpe haholo.

    Ho phethahala ha bona ’Muso oa Manyesemane le Maamerika o bolaile batho ba se nang palo le ho baka tšenyo e mpe haholo. Mohlala, nakong ea Ntoa ea II, Amerika e ile ea baka koluoa e e-s’o bonoe ha e ne e liha libomo tse peli naheng e neng e qothisana lehlokoa le Amerika le Brithani.

  • Boprofeta ba 9.

    Mangolo Dan. 11:​31; Tšen. 17:​3, 7-11

    Boprofeta “Sebata se ’mala o sekareleta” se nang le linaka tse leshome se ile sa nyoloha ka sekoting ’me ea e ba morena oa borobeli. Buka ea Daniele e bua ka morena enoa e le “ntho e nyonyehang e etsang lesupi.”

    Ho phethahala ha bona Ntoeng ea bobeli ea lefatše, Selekane sa Lichaba se ile sa fela. Ka mor’a ntoa eo, Machaba a Kopaneng a ile a nkela Selekane seo sebaka. Joaloka Selekane sa Lichaba, Machaba a Kopaneng le oona a fuoe tlotla e lokeloang ke ’Muso oa Molimo. Machaba a Kopaneng a tla hlasela likereke.

  • Chate ea 4 ho tse 4 e bontša boprofeta bo etsahetseng ka nako e le ’ngoe nakong ea bofelo bo kenyelelitse liketsahalo tsa mehleng ena ho fihlela ka Armagedone. Morena oa leboea o hlahella e le Russia le linaha tse e tšehetsang. Morena oa boroa e ntse e le Manyesemane le Maamerika. Boprofeta ba 10: Marena a lefatše a phatlalatsa ‘khotso le tšireletseho.’ Ka mor’a moo, matšoenyeho a maholo aa qala. Boprofeta ba 11: Lichaba li hlasela mekhatlo ea likereke. Boprofeta ba 12: Mebuso ea lefatše e hlasela batho ba Molimo. Batlotsuoa ba setseng ba nkeloa leholimong. Boprofeta ba 13: Armagedone. Ea palameng pere e tšoeu o phetha tlholo ea hae. Sebata se lihlooho li supileng sea bolaoa; setšoantšo se seholo sea pshatloa hammoho le maoto a tšepe le letsopa. Ho feta moo: Boprofeta ba 1, sebata se lihlooho li supileng se tsoela pel ho fihlela ka Armagedone. Boprofeta ba 5, maoto a tšepe le letsopa a tsoela pele ho fihlela ka Armagedone. Boprofeta ba 6, mehleng ena ho na le bahoeletsi ba fetang 8 580 000. Liketsahalo tse hlahelang bahlanka ba Jehova: Ka 2017, ba boholong pusong ea Russia nka mehaho ea lekala le isa Lipaki teronkong.
    Boprofeta ba 10 le 11.

    Mangolo 1 Bathes. 5:3; Tšen. 17:16

    Boprofeta Lichaba li phatlalatsa hore li na le “khotso le tšireletseho” ’me “Linaka tse leshome” le “sebata” li hlasela “seotsoa” le ho se felisa. Ka mor’a moo, lichaba tseo lia felisoa.

    Ho phethahala ha bona Lichaba li ka ’na tsa phatlalatsa hore ho na le khotso le tšireletseho lefatšeng. Ka mor’a moo, lichaba tse tšehetsang Machaba a Kopaneng li hlasela mekhatlo ea bolumeli ba bohata kapa likereke. Matšoenyeho a maholo a tla qala ka nako ena. Matšoenyeho ana a tla fela nakong eo Jesu a felisang puso eohle ea Satane ka Armagedone.

  • Boprofeta ba 12.

    Mangolo Ezek. 38:​11, 14-17; Mat. 24:31

    Boprofeta Gogo o hlasela naha ea batho ba Molimo. Ka mor’a moo, mangeloi a tla bokella “bakhethoa.”

    Ho phethahala ha bona Morena oa leboea hammoho le marena a mang a lefatše, ba tla hlasela Lipaki le ho li hlorisa. Nakoana ka mor’a hore ba qale ho li hlasela, batlotsuoa ba setseng ba tla nkeloa leholimong.

  • Boprofeta ba 13.

    Mangolo Ezek. 38:​18-23; Dan. 2:​34, 35, 44, 45; Tšen. 6:2; 16:​14, 16; 17:​14; 19:20

    Boprofeta Ea “palameng” “pere e tšoeu” o phetha tlholo ea hae ka ho felisa Gogo le lebotho la hae. “Sebata” se “liheloa ka letšeng la mollo” hape setšoantšo se seholo sea pshatloa.

    Ho phethahala ha bona Jesu e leng morena oa ’Muso oa Molimo o pholosa bahlanka ba Molimo. A e-na le ba 144 000 le mabotho a leholimo, o tla felisa lichaba tse ikopantseng hore li hlorise batho ba Molimo ’me ka tsela eo e tla ba tšomo ka mathetho ka puso ea Satane.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela