SEHLOOHO SE ITHUTOANG 38
Etsa Lintho ka Bohlale Nakong ea Khotso
“Naha ha ea ka ea khathatsoa, ho ne ho se na ea mo loantšang lilemong tsena, kaha Jehova o ile a mo fa phomolo.”—2 LIKRON. 14:6.
PINA EA 60 Ba Tla Phela
SELELEKELAa
1. Ke nakong efe eo ho eona ho ka bang thata ho sebeletsa Jehova?
U NAHANA ke nakong efe eo ho eona ho ka bang ka thata ho sebeletsa Jehova? Na ke ha bophelo ba hao bo e-na le mathata a mangata kapa ha bo itsamaela bothebelele feela? Hangata ha re sesa ka har’a mathata, re itšetleha ka Jehova. Empa re etsa’ng haeba bophelo ba rona bo e-na le khotso kapa bo se na mathata? Na ho ka ba le lintho tse ka re sitisang ho sebeletsa Molimo? Jehova o ile a lemosa Baiseraele hore ntho e joalo e ne e ka ba etsahalla.—Deut. 6:10-12.
Morena Asa o ile a ema ka maoto khahlanong le borapeli ba bohata (sheba serapa sa 2)c
2. Morena Asa o re behetse mohlala ofe?
2 Morena Asa ke mohlala o motle haholo oa motho ea ileng a ba bohlale ka ho itšetleha ka Jehova ka botlalo. O ile a sebeletsa Jehova maemong a thata le ha ho ne ho e-na le khotso. Qalong feela, “pelo ea Asa e ne e feletse ho Jehova.” (1 Mar. 15:14) Tsela e ’ngoe eo ka eona Asa a ileng a bontša hore o inehetse ho Jehova ka eona ke ka ho felisa borapeli ba litšoantšo Juda. Bibele e re o ile “a tlosa lialetare lisele le libaka tse phahameng ’me a qhaqha litšiea tse halalelang le ho rema lipalo tse halalelang.” (2 Likron. 14:3, 5) O ile a ba a tlosa nkhono oa hae Maaka bofumahaling. Hobane’ng? Hobane o ne a khothaletsa borapeli ba litšoantšo.—1 Mar. 15:11-13.
3. Re tl’o hlahloba’ng sehloohong see?
3 Asa ha aa ka a felisa borapeli ba bohata feela eaba o fella moo. O ile a khothaletsa borapeli bo hloekileng a ba a thusa batho ba Juda hore ba boele ba rapele Jehova. Jehova o ile a hlohonolofatsa Asa le Baiseraele ka ho ba fa nako ea khotso.b Ka lilemo tse leshome tseo Asa a busitseng ka tsona “naha ha ea ka ea khathatsoa.” (2 Likron. 14:1, 4, 6) Sehloohong sena re tl’o bua ka hore na Asa o ile a sebelisa nako eo ea khotso joang. Ebe ka mor’a moo, re hlahloba mohlala oa Bakreste ba pele bao le bona joaloka Asa ba ileng ba nka monyetla ha ho sa na le khotso. Re tla phethela ka ho araba potso ena: Haeba naheng eo u phelang ho eona ’muso o file bolumeli tokoloho, u ka sebelisa nako eo ea khotso joang ka bohlale?
ASA O ILE A SEBELISA NAKO EA KHOTSO JOANG?
4. Ho ea ka 2 Likronike 14:2, 6, 7, Asa o ile a sebelisa nako ea khotso joang?
4 Bala 2 Likronike 14:2, 6, 7. Asa o ile a bolella sechaba hore ke Jehova ea neng a ba file “phomolo ka hohle.” Asa ha aa ka a nka hore nako eo ea khotso e ne e le ea hore ba rahe qhebelele. Ho fapana le hoo, o ile a qala mosebetsi oa ho haha metse, marako, litora le liheke. O ile a bolella sechaba sa Juda a re: “Re sa ntse re e-na le naha.” Asa o ne a bolele’ng? O ne a bolela hore batho ba na le bolokolohi ba ho haha le ho tsamaea naheng eo Molimo a ba fileng eona ntle ho tšitiso ea ba lireng. O ile a khothaletsa batho hore ba nke monyetla ka nako eo ea khotso.
5. Ke hobane’ng ha Asa a ile a matlafatsa lebotho la hae la sesole?
5 Asa o ile a boela a sebelisa nako eo ea khotso ho matlafatsa sesole sa hae. (2 Likron. 14:8) Na taba eo e ne e bontša hore o ne a sa tšepe Jehova? Le letho. Ho e-na le hoo, Asa o ne a tseba hore ke mosebetsi oa hae joaloka morena ho thusa sechaba ho itlhophela mathata ao se neng se ka ’na sa thulana le ’ona nakong e tlang. Asa o ne a tseba hore khotso eo Juda e nang le eona e ka ’na ea se be teng ho ea ho ile ’me taba eo e ne e le ’nete.
BAKRESTE BA PELE BA ILE BA SEBELISA NAKO EA KHOTSO JOANG?
6. Bakreste ba pele ba ile ba sebelisa nako ea khotso joang?
6 Le hoja Bakreste ba pele ba ne ba hlorisoa hangata, ba ne ba boetse ba thabela menyetla ea khotso eo ba neng ba e-ba le eona. Ba ile ba sebelisa menyetla eo joang? Banna le basali bao ba tšepahalang ba ile ba bolela molaetsa oa ’Muso ba sa tšabe letho. Tlaleho ea Liketso e bontša hore ba ile ba “tsamaea tšabong ea Jehova.” Ba ile ba tsoela pele ba phatlalatsa molaetsa oa ’Muso eaba ba “tsoela pele ho ata.” Ha ho potang hore Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ha ba ntse ba bolela ka cheseho ha ho sa na le khotso.—Lik. 9:26-31.
7-8. Bontša hore na Pauluse le Bakreste ba bang ba ile ba etsa’ng ka menyetla eo ba ileng ba e fumana.
7 Bakreste ba pele ba ile ba sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolela. Ka mohala, ha moapostola Pauluse a hlokomela hore o bulehetsoe ke monyako o moholo ha a le Efese, o ile a nka monyetla oo ho ruta batho le ho etsa barutuoa.—1 Bakor. 16:8, 9.
8 Monyetla o mong o ile oa itlhahisa bakeng sa Pauluse le Bakreste ba bang ha ho ne ho fihleloa qeto ea lebollo ka selemo sa 49 mehleng eo. (Lik. 15:23-29) Ka mor’a hore liphutheho li tsebisoe ka qeto eo, barutuoa ba ile ba etsa boiteko bo matla ba ho “bolela litaba tse molemo tsa lentsoe la Jehova.” (Lik. 15:30-35) Ho ile ha etsahala’ng? Bibele e bontša hore “liphutheho tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.”—Lik. 16:4, 5.
RE SEBELISA NAKO EA KHOTSO MEHLENG ENA
9. Ke maemo afe a teng linaheng tse ling mehleng ee, hona re ka ipotsa’ng?
9 Mehleng ena linaheng tse ngata re ka khona ho bolela ntle ho tšitiso. Na u phela naheng eo ho eona bolumeli bo lumeletsoeng ka molao? Haeba ho joalo, ak’u ipotse, ‘Ke sebelisa tokoloho ee joang?’ Matsatsi a ho qetela ke a thabisang ho bahlanka ba Jehova hobane ba phathahane ka mosebetsi oa bohlokoahali oa ho bolela le ho ruta oo ho seng le ka mohla o kileng oa etsoa ka tsela ena lefatšeng. (Mar. 13:10) Ho na le lintho tse ngata tseo bahlanka ba Jehova ba ka li etsa’ng mosebetsing ona.
Batho ba bangata ba bile le lipale tse monate haholo ha ba ne ba etsa boboleli linaheng tse ling kapa ha ba buisana le batho ba buang lipuo tse ling (Sheba serapa sa 10 ho ea ho sa 12)d
10. 2 Timothea 4:2 e re khothaletsa ho etsa’ng?
10 U ka nka monyetla joang ha ho sa na le khotso? (Bala 2 Timothea 4:2.) Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe maemo a hao kapa a e mong ka lapeng ho bona hore na ke ofe ea ka eketsang tšebeletso ea hae mohlomong ka ho re e be pula-maliboho? Ena ha se nako ea ho batla maruo le chelete e ngata e leng lintho tse ke keng tsa pholoha matšoenyeho a maholo le rona.—Liprov. 11:4; Mat. 6:31-33; 1 Joh. 2:15-17.
11. Batho ba bang ba entseng e le hore ba thuse batho ba bangata kahohle kamoo ba khonang ho utloa molaetsa oa Bibele?
11 Bahoeletsi ba bangata ba ithutile lipuo tse ling e le hore ba ka thusa batho ba bang ho tseba Jehova. Mokhatlo oa Molimo o ba tšehetsa ka ho fetolela lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse ntseng li eketseha. Ka mohlala, ka 2010, lingoliloeng tsa rona li ne li fumaneha ka lipuo tse ka bang 500. Empa hona joale palo eo e nyolohetse ho tse ka holimo ho 1 000!
12. Fana ka mohlala o bontšang hore na batho ba ikutloa joang ha ba utloa molaetsa oa Bibele ka puo ea bona.
12 Batho ba ikutloa joang ha ba utloa molaetsa oa Bibele ka puo eo ba e antseng letsoeleng? Nahana ka mohlala oa morali’abo rona e mong ea ileng a rua molemo o moholo kopanong e neng e tšoaretsoe Memphis, Tennessee, Amerika. Kopano eo e ne e tšoeroe ka Sekinyarwanda e leng puo ea koana Rwanda, Congo (Kinshasa) le Uganda. Ka mor’a kopano, morali’abo rona ea buang puo eo o ile a re: “Lena ke lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse 17 ke lula Amerika ke ileng ka utloisisa lenaneo lohle la kopano.” Kannete morali’abo rona o ne a amehile maikutlo hoo ha a mametse kopano ka puo ea hae. Haeba maemo a hao a u lumella, na u ka ithuta puo e ’ngoe e le hore u thuse batho ba e buang tšimong ea heno? Na u ka se susumeletsehe le ho feta ho ithuta puo eo haeba ho se ntse ho e-na le batho ba e buang? Ha u etsa joalo u tla thaba haholo.
13. Barab’abo rona ba Russia ba ile ba sebelisa nako ea khotso joang?
13 Ha se banab’abo rona bohle ba nang le bolokolohi ba ho bolela. Ka linako tse ling, mebuso e fana ka lithibelo tse matla haholo tseleng eo re etsang mosebetsi oa rona ka eona. Mohlala, ak’u nahane ka barab’abo rona ba Russia. Ka mor’a hore ba hlorisoe ka lilemo tse mashome-shome, ’muso o ile oa ba fa bolokolohi ka March 1991. Ka nako eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 16 000 naheng ea Russia. Lilemo tse mashome a mabeli hamorao, palo eo e ile ea eketseha ho ba e ka holimo ho 160 000! Kannete taba ena ea bontša hore bana bao ba bo rona ba ile ba etsa lintho ka bohlale ha ba sa na le bolokolohi ba ho bolela. Nako eo ea khotso e ile ea fela. Le hoja maemo a fetohile naheng eo, ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka cheseho. Ba ntse ba tšoere ka thata ho sebeletsa Jehova ka ho sebelisa menyetla eohle e hlahang.
NAKO EA KHOTSO E TLA FELA
Ka mor’a hore Morena Asa a rapele ka matla ho tsoa pelong, Jehova o ile a ba thusa ho hlola lebotho le matla le le leholohali (Sheba serapa sa 14 le 15)
14-15. Jehova o ile a bonahatsa matla a hae joang ha a thusa Asa?
14 Mehleng ea Asa, nako ea khotso e ile ea fela. Lebotho le leholohali la masole a ka holimo ho milione le ile la tla le tsoa Ethiopia. Molaoli oa lona e leng Zera, o ne a kholisehile hore eena le lebotho leo la hae ba tl’o hlola sechaba sa Juda. Leha ho le joalo, Morena Asa o ne a tšepile Jehova e seng bongata. Asa o ile a rapela a re: “Re thuse, Jehova Molimo oa rona, etsoe re itšetlehile ka uena, ’me re futuhetse bongata bona ka lebitso la hao.”—2 Likron. 14:11.
15 Le hoja lebotho la Ethiopia le ne le kopola la Asa ka makhetlo a ka bang mabeli, Asa o ile a lumela hore Jehova o tla sebelisa matla le bokhoni ba hae ho ba thusa. Jehova ha aa ka a soetsa Asa kaha lebotho la Ethiopia le ile la hloloa ka tsela e soabisang.—2 Likron. 14:8-13.
16. Re tseba joang hore nako ea khotso e tla fela?
16 Le hoja re sa tsebe hantle hore na ho tla etsahala’ng ka rona nakong e tlang re le batho ka bomong, ntho eo re e tsebang ke hore nako ea khotso eo re nang le eona ke ea nakoana. Ha e le hantle, Jesu o ile a bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela, barutuoa ba hae ba ne ba “tla hlouoa ke lichaba tsohle.” (Mat. 24:9) Ka tsela e tšoanang, moapostola Pauluse le eena o ile a re “bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Tim. 3:12) Satane o “halefile haholo,” kahoo e ne e ka ba booatla haeba re ka nahana hore re ka phonyoha khalefo eo ea hae.—Tšen. 12:12.
17. Tumelo ea rona e ka ’na ea lekoa ka litsela life?
17 Haufinyane, kaofela ha rona re tl’o thulana le liteko tse tla leka botšepehi ba rona. Ho e-s’o ee kae, lefatše le tl’o ba le “matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale.” (Mat. 24:21) Ka nako eo, litho tsa malapa li ka ’na tsa re hlanohela hape le mosebetsi oa rona o ka ’na oa thibeloa. (Mat. 10:35, 36) Na le rona re le batho ka bomong, re tla tšepa Jehova joaloka Asa hore o tla re thusa le ho re sireletsa?
18. Ho ea ka Baheberu 10:38, 39, re tla thusoa ke’ng hore re letele ho fela ha nako ea khotso?
18 Haesale Jehova a re koetlisa bakeng sa lintho tse larileng ka pele ho rona. O sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho fana ka lijo tse re matlafatsang ka “ka nako e tšoanetseng” e le hore re lule re le matla. (Mat. 24:45) Kahoo, le rona re lokela ho etsa boiteko bohle bo hlokehang e le hore re lule re e-na le tumelo e matla ho Jehova.—Bala Baheberu 10:38, 39.
19-20. Ka mor’a ho bala 1 Likronike 28:9, ke lipotso life tseo re lokelang ho ipotsa tsona, hona ke hobane’ng ha re lokela ho ipotsa tsona?
19 Joaloka Morena Asa, re tlameha ho ‘batla Jehova.’ (2 Likron. 14:4; 15:1, 2) Re qala ho mo batla ka hore re mo tsebe re be re kolobetsoe. Re sebelisa monyetla o mong le o mong ho matlafatsa tsela eo re ratang Jehova ka eona. E le ho bona hore na re sebetsa joang tabeng ena, re ka ipotsa: ‘Na ke ba teng libokeng kamehla?’ Ha re ea libokeng tse hlophisitsoeng ke mokhatlo oa Jehova, re khona ho ba le menyetla ea ho ba metsoalle ea hae e haufi-ufi le ho khothatsoa ke Bakreste-’moho le rona. (Mat. 11:28) Re ka boela ra ipotsa, ‘Na ke na le nako e tsitsitseng ea ho ithuta Bibele? Haeba ke lula le lelapa le so kapa la ka, na re na le nako eo re e beheletseng ka thoko bakeng sa borapeli ba lelapa? Kapa haeba ke lula ke le mong, na ke ipehetse nako joalokaha eka ke ntse ke le lapeng? Hape, na ke etsa boiteko bohle mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa?’
20 Ke hobane’ng ha re lokela ho ipotsa lipotso tsee? Bibele e re Jehova o hlahloba menahano le lipelo tsa rona ’me le rona re lokela ho etsa ntho e tšoanang. (Bala 1 Likronike 28:9.) Haeba re bona hore re lokela ho etsa liphetoho linthong tseo re li batlang, boitšoarong le tseleng eo re nahanang ka eona, re lokela ho kopa Jehova hore a re thuse ho etsa liphetoho tseo. Hona joale ke nako ea ho itokisetsa liteko tse larileng ka pele ho rona. U se ke oa lumella letho ho u sitisa ho sebelisa nako ea khotso ka bohlale.
PINA EA 62 Pina e Ncha
a Na u phela naheng eo ho eona u khonang ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi? Haeba ho joalo, u sebelisa nako ee ea khotso joang? Sehlooho sena se tl’o u thusa ho bona hore na u ka etsisa mohlala oa Morena Asa le Bakreste ba mehleng ea pele joang. Ba ile ba sebelisa nako ka bohlale ha ho ne ho se na moferefere.
b TLHALOSO: Ha re bua ka “khotso,” ha re nahane feela ka hore lintoa ha li eo. Lentsoe la Seheberu le boetse le fana ka moelelo oa ho ba le bophelo bo botle, ho sireletseha le ho fumana litlhoko tsa mantlha.
c TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Morena Asa o ile a tlosa nkhono oa hae bofumahaling hobane o ne a khothaletsa borapeli ba litšoantšo. Batho ba tšepahalang ba neng ba e-na le Asa ba ile ba latela mohlala oa hae eaba ba robakanya litšoantšo.
d TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Banyalani ba bang ba chesehang ba bebofatsa bophelo ba bona e le hore ba ka ea sebeletsa moo ho hlokoang bahoeletsi ba eketsehileng.