Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp21 no. 2 maq. 7-9
  • Jesu o Ile a re Lefatše le Tla Felisoa Neng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Ile a re Lefatše le Tla Felisoa Neng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • NAHANA KA LINTHO TSENA TSE PELI TSEO JESU A ILENG A LI BUA MABAPI LE BOFELO BA LEFATŠE:
  • MATŠOAO A MEHLA EA BOFELO
  • “MATSATSI A HO QETELA”
  • LEFATŠE LA PARADEISE LE HAUFI!
  • Lipotso Tse ’Nè ka Bofelo Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na re Phela “Matsatsing a ho Qetela”?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Haufinyane Morero oa Molimo o Tla Phethahala
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Na Bofelo ba Lefatše bo Haufi?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
wp21 no. 2 maq. 7-9
Jesu o hlalosetsa baapostola ba hae matšoao a tla bontša matsatsi a ho qetela.

Jesu o Ile a re Lefatše le Tla Felisoa Neng?

Sehloohong se fetileng, re ithutile hore ha Bibele e bua ka bofelo ba lefatše, ha e bue ka ho felisoa ha lefatše lena leo re lulang ho lona kapa batho kaofela. Ho e-na le hoo, ho tla felisoa lintho tse mpe le batho ba li etsang. Na Bibele ea re bolella hore na lefatše le tla felisoa neng?

NAHANA KA LINTHO TSENA TSE PELI TSEO JESU A ILENG A LI BUA MABAPI LE BOFELO BA LEFATŠE:

“Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa eona hora.”​—MATHEU 25:13.

“Lulang le talimile, le lule le falimehile, kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e tla ba neng.”​—MAREKA 13:33.

Ha ho na motho ea tsebang hantle hore na lefatše le tla felisoa neng. Leha ho le joalo, Molimo o na le “nako e behiloeng,” e leng ‘letsatsi le eona hora’ eo ka eona bofelo ba lefatše bo tla tla ka eona. (Matheu 24:​36) Na see se bolela hore ha ho na tsela leha e le efe ea ho tseba hore na bofelo ba lefatše bo tla tla neng? Che. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae lintho tse tla etsahala tse neng li tla bontša hore bofelo bo atametse.

MATŠOAO A MEHLA EA BOFELO

Matšoao ao e ne e tla ba pontšo ea “qetello ea tsamaiso ea lintho.” Jesu o ile a re: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla, ’me ho tla ba le likhaello tsa lijo le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.” (Matheu 24:3, 7) O ile a boela a re ho tla ba le “mafu a seoa.” (Luka 21:11) Na u bona lintho tsee li etsahala?

Kajeno batho ba utloisoa bohloko ke lintoa, tlala, litšisinyeho tsa lefatše le mafu a fapa-fapaneng. Ka mohlala, ka 2004 ho ile ha e-ba le tšisinyeho e kholo ea lefatše Indian Ocean ’me ea baka tsunami e ileng ea bolaea batho ba ka bang 225 000. Hoo e ka bang selemo le ho feta, lefu la seoa la COVID-19 le bolaile batho ba limilione tse tšeletseng lefatšeng lohle. Jesu o ile a bolela hore liketsahalo tsena li ne li tla bontša hore bofelo ba lefatše bo haufi.

“MATSATSI A HO QETELA”

Bibele e hlalosa nako ea pele ho bofelo e le “matsatsi a ho qetela.” (2 Petrose 3:3, 4) Ho latela lengolo la 2 Timothea 3:1-5, matsatsing a ho qetela, batho ba ke ke ba ba le boitšoaro bo botle. (Sheba lebokose le reng, “Pele Lefatše le Felisoa.”) Kajeno batho ha ba nahanele batho ba bang, ba meharo, ba bohale bo tšosang ebile ha ba na lerato. Bona ke bopaki ba hore bofelo ba lefatše bo haufi haholo.

Matsatsi a ho qetela a tla nka nako e kae? Bibele e re ho setse “nako e khutšoanyane”. Ka mor’a moo Molimo o tla felisa batho “ba senyang lefatše.”​—Tšenolo 11:15-18; 12:12.

Lintoa

Masole a ntoeng a thunya a ipatile ka mor’a lerako.
  • Lipakeng tsa 2007 le 2017, palo ea batho ba ileng ba shoa ka lebaka la lintoa le bokhukhuni e ile ea nyoloha ka liphesente tse 118

Ho kula

Ntate a kulang o robetse betheng sepetlele.
  • A mang a mafu a bolaeang batho haholo ke lefu la pelo, setorouku, lefu la matšoafo, mafu a amang masea, letšollo, kankere le lefuba [TB]

Tlala

Ngoana ea lapileng o tšoere sekotlolo.
  • Ka 2019 batho ba etsang liphesente tse 8.9 lefatšeng kaofela ba ne ba se na lijo tse lekaneng. Bana ba etsang liphesente tse 21.3 ba lilemo tse ka tlaase ho tse hlano, ba ne ba haelloa ke phepo ebile ba sa hola hantle

Ho Ruta Batho Bibele

Lipaki Tsa Jehova li eme pel’a teroli li bua le mohlankana
  • Lipaki Tsa Jehova tse fetang limilione tse 8.4 li fana ka lingoliloeng ka lipuo tse fetang 1 000 linaheng tse 240

LEFATŠE LA PARADEISE LE HAUFI!

Molimo o se a behile letsatsi le hora eo ka eona a tla felisa lefatše lena. (Matheu 24:36) Litaba tse ling tse monate ke hore Molimo “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe.” (2 Petrose 3:9) Ke kahoo a re fang monyetla oa hore re ithute melao ea hae le hore re mo mamele. Hobane’ng? Hobane o batla hore re pholohe ha batho ba khopo ba felisoa ’me re phele lefatšeng la hae le lecha leo e tla beng e le paradeise.

Molimo o lokiselitse hore batho bohle ba ithute hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba phele lefatšeng le lecha ha ’Muso oa hae o se o busa. Jesu o ile a re litaba tse molemo tse mabapi le ’Muso oa Molimo li tla boleloa “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:14) Ka 2019 Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle li ile tsa qeta lihora tse fetang libilione tse peli li ruta batho molaetsa oa Bibele o fanang ka tšepo. Jesu o ile a re batho ba ne ba tla rutoa molaetsa oa Bibele lefatšeng lohle pele bofelo bo ka tla.

Mebuso ea batho e haufi le ho felisoa. Litaba tse monate ke hore u ka pholoha ha lefatše lena le felisoa ’me oa phela lefatšeng la paradeise leo Molimo a re tšepisitseng lona. Sehloohong se latelang re tla ithuta hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re phele lefatšeng leo le lecha.

PELE LEFATŠE LE FELISOA

“Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlola, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona.”​—2 TIMOTHEA 3:1-5.

Boprofeta ba Jesu bo mabapi le “matsatsi a ho qetela” bo re fa tšepo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela