Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp21 no. 3 maq. 9-11
  • Na ho ba Motho ea Lokileng ho ka Etsa Hore U Lule U Thabile?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho ba Motho ea Lokileng ho ka Etsa Hore U Lule U Thabile?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEO BATHO BA BANGATA BA SE ETSANG.
  • LITLA-MORAO E-BA LIFE?
  • Motho e Mong le e Mong o Batla ho Phela Hamonate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Kamoo U ka Fumanang Bophelo bo Thabisang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Selelekela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • “Ba Bonolo ba Tla Rua Lefatše”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
wp21 no. 3 maq. 9-11
Ausi o suthela nkhono hore a lule fatše ka beseng.

Na ho ba Motho ea Lokileng ho ka Etsa Hore U Lule U Thabile?

Ka lilemo-lemo, haesale batho ba bangata ba e-na le maikutlo a hore haeba motho a lokile ebile a itšoere hantle o tla phela hamonate. Ka mohlala, batho ba bangata ba Asia ba lumellana le seo rafilosofi ea tsebahalang ea bitsoang Confucius a ileng a se bua: “U se ke oa etsa batho ba bang seo u sa batleng hore ba u etse sona.”a

SEO BATHO BA BANGATA BA SE ETSANG.

Batho ba bangata ba lumela hore haeba ba itšoere hantle ba tla lula ba thabile. Ba leka ho ba batho ba hlomphang, ba itšoereng hantle, ba nang le boikarabelo le ba lekang ka thata ho lula ba etsa lintho hantle. Linh ea lulang Vietnam o re: “Kamehla ke ne ke lumela hore haeba ke ne ke bua ’nete ebile ke ikokobelitse ke ne ke tla phela hamonate.”

 Ausi o suthela nkhono hore a lule fatše ka beseng.

Ba bang ba leka ho etsa lintho hantle ka lebaka la bolumeli ba bona. Hsu-Yun ea lulang Taiwan o re: “Ke ile ka rutoa hore haeba motho a etsa lintho hantle o tla thaba ka mor’a hore a hlokahale, empa haeba motho a etsa lintho tse mpe o tla hlokofatsoa.”

LITLA-MORAO E-BA LIFE?

’Mè o kukile ngoana a khathetse ebile a nyahame ka mor’a letsatsi le le telele.

Ke ’nete hore haeba re etsetsa batho ba bang lintho tse ntle, ho ba le lintho tse ngata tse re thabisang. Leha ho le joalo, batho ba tšoarang batho ba bang hantle, ba hlokometse hore ha se kamehla ba tšoaroang hantle. Shiu Ping ea lulang Hong Kong o re: “Ke ithutile ka ’na hore batho ba tšoarang batho bang hantle, ha se kamehla ba tšoaroang hantle. Ke lekile ka hohle ho hlokomela lelapa la ka le ho etsa lintho tse ntle. Empa lenyalo la rona ha lea ka la atleha ’me monna oa ka o ile a re siea ’na le mora oa rona.”

Batho ba bangata ba hlokometse hore ha se batho bohle ba kenang kereke ba lokileng. Etsuko ea lulang Japan, o re: “Ke ile ka ba bolumeling bo itseng ’me ka ba mohlophisi oa lintho tsa bacha. Ke ne ke maketse ha ke bona batho ba bolumeli boo ke leng ho bona ba itšoere hampe, ba batla maemo a phahameng, ebile ba sebelisa chelete ea kereke hampe.”

“Ke lekile ka hohle ho hlokomela lelapa la ka le ho etsa lintho tse ntle. Empa lenyalo la rona ha lea ka la atleha ’me monna oa ka o ile a re siea ’na le mora oa ka.”​—SHIU PING, HONG KONG

Batho ba bang ba ileng ba tšepahala malumeling a bona ebile ba itšoere hantle ba ile ba ’na ba soetseha ha lintho tse mpe li ntse li ba etsahalla. Ke kamoo Van ea lulang Vietnam a neng a ikutloa kateng. O re: “Kamehla ke reka litholoana, lipalesa le lijo ’me ke nehelana ka tsona aletareng ea batho ba seng ba hlokahetse, ka tšepo ea hore ke tla lula ke thabile. Ho sa tsotellehe lintho tse ntle tseo ke li entseng le meetlo eohle ea bolumeli ka lilemo tse ngata, monna oa ka o ile a kula haholo. Ka mor’a moo, morali oa ka ea neng a kena sekolo naheng e ’ngoe, o ile a hlokahala a le lilemo li 20 feela.”

KE HOBANE’NG HA HO BA MOTHO EA LOKILENG HO SA LEKANA HORE MOTHO A THABE?

Ke ha bohlokoa ho ba motho ea hantle, empa seo ha se bolele hore u tla lula u phela hamonate. Hobane’ng? Nahana ka seo Mangolo a Halalelang a re bolellang sona.

HA SE MOTHO E MONG LE E MONG EA KHETHANG HO ETSA LINTHO HANTLE

“Moetsalibe a le mong feela a ka senya botle bo bongata.”​—MOEKLESIA 9:18.

Le hoja u ka leka ka matla ho ba motho ea hantle, u ka ’na oa utloisoa bohloko ke lintho tseo batho ba sa nahaneleng batho ba bang ba li etsang. Ka mohlala, nakong ena ea seoa sa Coronavirus u ka ’na oa latela tataiso ea ba boholong pusong le ho qoba ho ba haufi le batho ba bang. Empa ho etsahala’ng ha ba bang ba sa mamele? Boitšoaro ba bona bo ka etsa hore batho ba lekang ho mamela ba kule.

HO KA BA THATA HORE BATHO BA KHETHE SE NEPAHETSENG HO SE FOSAHETSENG

“Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho, empa qetello ea eona ha morao ke litsela tsa lefu.”​—LIPROVERBIA 14:12.

Batho ba bangata ba entse lintho tseo ba neng ba nahana hore li hantle, empa hamorao ba ile ba hlokomela hore ba ne ba fositse. Le hoja ba ne ba nahana hore seo ba se entseng se nepahetse, ba ntse ba utloa bohloko ka lebaka la liqeto tse fosahetseng tseo ba ileng ba li etsa.

U KE KE OA TSEBA TSA LETSATSI LE LATELANG

“Ha le tsebe hore na bophelo ba lona bo tla ba joang hosasane.”​—JAKOBO 4:14.

Esita le motho ea lokileng a ka hlokahala ho sa lebelloa. Ka mohlala, nakong ena ea seoa sa Coronavirus batho ba bangata ba ile ba hlokahala ba leka ho thusa batho ba bang. Nahana ka se etsahalletseng Liting ea lulang China ea ileng a hlokahalloa ke ntate oa hae kotsing ea koloi. O re: “Ke ne ke sa utloisisi hore na ke hobane’ng ha motho ea neng a lokile joalo a ile a hlokahala. Ntate oa ka o ne a sebetsa ka thata, a ikokobelitse ebile a le pelo e ntle. Ke eena fela ea ileng a hlokahala har’a batho bohle ba neng ba le ka koloing.”

Haeba ho ba motho ea lokileng ho sa etse hore o phele hamonate, ke’ng e tla etsa hore o phele hamonate? Ho araba potso ena, re hloka tataiso eo re ka e tšepang e tla re thusa ho araba lipotso tsa rona le ho re bontša hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re lule re thabile nakong e tlang. Ke hokae moo re ka fumanang tataiso eo?

a Ho ithuta lintlha tse eketsehileng ka seo Confucius a ileng a se ruta, sheba Khaolo ea 7, serapeng sa 31-35, bukeng ea Moloko oa Batho o Batla Molimo, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, e boetse e fumaneha Inthaneteng ho www.jw.org.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela