U ka Ikhethela Hore na U Batla Hore Bokamoso ba Hao bo be Joang
Hoo e ka bang lilemo tse 3 500 tse fetileng, Jehova o ile a bolella batho ba batlang ho mo sebeletsa hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba lule ba thabile: “Ke behile bophelo le lefu ka pel’a lona, tlhohonolofatso le thohako, le khethe bophelo e le hore le tsoele pele le phela, lona le bana ba lona.”—Deuteronoma 30:19.
E le hore batho bao ba lule ba thabile, ba ne ba lokela ho etsa qeto e nepahetseng. Le rona kajeno re na le khetho eo. Bibele ea hlalosa hore na ke joang re ka bang le bophelo bo thabisang: “Ka hore le rate Jehova Molimo oa lona, le mamele lentsoe la hae.”—Deuteronoma 30:20.
KE JOANG RE KA RATANG JEHOVA LE HO MAMELA LENTSOE LA HAE?
ITHUTE BIBELE: E le hore u rate Jehova, u lokela ho qala pel’a ka ho ithuta ka eena ka Bibeleng. Ha u ntse u ithuta ka eena, u tla hlokomela hore ke Molimo ea lerato, ea u batlelang se molemo. O batla hore u mo rapele ‘hobane oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Bibele e tšepisa hore haeba u etsa boiteko ba ho atamela ho Molimo le eena ‘o tla atamela ho uena.’—Jakobo 4:8.
SEBELISA SEO U ITHUTANG SONA: Ho mamela Molimo ho bolela ho latela tataiso ea hae e bohlale e hlahang ka Bibeleng. Ha u etsa joalo, “u tla atlehisa tsela ea hao ’me . . . u tla etsa ka bohlale.”—Joshua 1:8.
a Hona joale e fumaneha ka lipuo tse ka bang tse supileng, ho akarelletsa Sechaena sa Mandarin le sa Cantonese.