SEHLOOHO SE ITHUTOANG 11
Ho Bala Bibele ho ka U Thusa Joang Hore U Mamelle Mathata?
“Molimo [o] . . . fana ka mamello.”—BAR. 15:5.
PINA EA 94 Re Ananela Lentsoe la Molimo
SELELEKELAa
1. Bahlanka ba Jehova ba ka tobana le mathata afe?
NA U na le mathata? Na ebe ho na le motho e mong ka phuthehong ea u utloisitseng bohloko? (Jak. 3:2) Na basebetsi-’moho kapa bana bao u kenang sekolo le bona ba u soma hobane u sebeletsa Jehova? (1 Pet. 4:3, 4) Kapa mohlomong na ba lelapa ba leka ho u thibela ho ea libokeng kapa ho bua le batho ba bang ka tumelo oa hao? (Mat. 10:35, 36) Haeba u kheleletse ka har’a mathata, u ka ’na oa utloa eka ho khaotsa ho sebeletsa Jehova ke tharollo. Empa u ka kholiseha hore ho sa tsotellehe hore na u na le mathata a boima hakae, Jehova o tla u fa bohlale ba ho sebetsana le ’ona le matla a hore u a mamelle.
2. Ho ea ka Baroma 15:4, ho bala Lentsoe la Molimo ho ka re ama joang?
2 Ka Bibeleng, Jehova o fane ka lintlha tse keneletseng tsa hore na batho ba bang ba sa phethahalang ba ile ba sebetsana joang le liteko tse boima. Ebe lebaka ke lefe? Ke hore re ithute mehlaleng ea bona. Jehova o ile a susumetsa moapostola Pauluse hore a bue ka taba eo. (Bala Baroma 15:4.) Ho bala litlaleho tsena ho ka re khothatsa le ho re fa tšepo. Leha ho le joalo, ho bala Bibele mohoalotso feela ho ke ke ha re ruisa molemo oa letho. Re lokela ho lumella Mangolo hore a fetole tsela eo re nahanang ka eona le eo re ikutloang ka eona. Re ka etsa’ng haeba re batla keletso mabapi le bothata bo itseng boo re nang le bona? Re ka etsa lintho tsena tse ’ne tse latelang: (1) Rapela, (2) Nahana, (3) Thuisa, le (4) Ho etsa lintho tseo u ithutileng tsona. A re boneng hore na re ka etsa lintho tsena joang.b Ka mor’a moo, re tla sebelisa mokhoa ona ho ithuta linthong tse ileng tsa etsahalla Morena Davida le moapostola Pauluse.
1. RAPELA
Pele u qala ho bala Bibele, kopa Jehova hore a u thuse ho rua molemo thutong ea hao (Sheba serapa sa 3)
3. Pele u bala Bibele u lokela ho etsa’ng, hona hobane’ng?
3 (1) Rapela. Pele u qala ho bala Bibele, kopa Jehova hore a u thuse ho bona hore na u ka ithuta’ng ha u ntse u bala. Ka mohlala, haeba u batla keletso mabapi le hore na u ka sebetsana joang le bothata boo u nang le bona, kopa Jehova hore a u thuse ho fumana melao-motheo ka Lentsoeng la hae e ka u thusang.—Bafil. 4:6, 7; Jak. 1:5
2. NAHANA
Nka hore u motho eo ho buuoang ka eena tlalehong eo ea Bibele (Sheba serapa sa 4)
4. U ka thusoa ke’ng hore u utloisise tlaleho eo u e balang ka Bibeleng?
4 (2) Nahana. Jehova o re file bokhoni bo ikhethang ba ho nahana. E le hore u phelise tlaleho ea Bibele, leka ho nahana ka boemo ba motho eo ’me u leke ho ba moo. Leka ho bona lintho tse mo potolohileng u be u leke ho ikutloa ka tsela eo e ka ’nang eaba u ne a ikutloa ka eona.
3. THUISA
Thuisa ka lintho tseo u li balang le hore na li u ama joang (Sheba serapa sa 5)
5. Ho thuisa ke ho etsa’ng, hona u ka ho etsa joang?
5 (3) Thuisa. Ho thuisa ke ho nahanisisa ka hloko ka ntho eo u e balang le ho bona hore na e u ama joang. Ho u thusa ho kopanya lintho tseo u ithutang tsona e le hore u be le kutloisiso e pharaletseng. Ho bala Bibele u sa thuise ho tšoana le ha u shebile lintho tse tafoleng tse hlokahalang bakeng sa ho etsa bohobe empa u sa li sebelise. Leha ho le joalo, ho thuisa ho tšoana le ha u li kopanya e le hore u etse bohobe. E le hore u khone ho thuisa, u ka ipotsa lipotso tsena le ho leka ho li araba: ‘Motho eo ke balang ka eena, o entse’ng ho rarolla bothata ba hae? Jehova o ile a mo thusa joang? Malebela ao ke a fumaneng, nka a sebelisa joang ho mamella liteko?’
4. ETSA LINTHO TSEO U ITHUTILENG TSONA
Etsa hore lintho tseo u ithutileng tsona li u thuse ho etsa liqeto tse nepahetseng, u be le khotso hape u matlafatse tumelo ea hao (Sheba serapa sa 6)
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa lintho tseo re ithutileng tsona?
6 (4) Etsa lintho tseo u ithutileng tsona. Jesu o ile a re haeba re sa etse lintho tseo re ithutileng tsona, re tšoana le monna ea hahang ntlo ea hae holim’a lehlabathe. Le hoja monna eo a sebetsa ka thata, o ntse a senya matla a hae. Hobane’ng? Hobane ha ho ka ba le sefefo kapa sekhohola, ntlo eo e tla oa. (Mat. 7:24-27) Ka tsela e tšoanang, haeba re rapela, re nahana re bile re thuisa empa re sa etse lintho tseo re ithutileng tsona, re tla be re itšenyelitse nako. Haeba re lekoa kapa re hlorisoa, tumelo ea rona e ke ke ea ba matla. Empa ha re ithuta ebile re etsa lintho tseo re ithutileng tsona, re khona ho etsa liqeto tse nepahetseng, re ba le khotso hape tumelo ea rona e ba matla. (Esa. 48:17, 18) Re nahanne ka lintlha tse ’ne tseo re buileng ka tsona, a re ke re boneng hore na re ka ithuta’ng ho Morena Davida.
U KA ITHUTA’NG HO MORENA DAVIDA?
7. Re tl’o bua ka tlaleho efe e hlahang ka Bibeleng?
7 Na e mong oa lelapa kapa motsoalle oa hao o kile a u utloisa bohloko? Haeba ho joalo, u ka thusoa ke ho hlahloba tlaleho ea Absalome mora oa Morena Davida ea ileng a tsoa ntate oa hae tlaase a ba a leka ho nka puso ea hae.—2 Sam. 15:5-14, 31; 18:6-14.
8. U ka etsa’ng e le hore Jehova a u thuse?
8 (1) Rapela. U nahanne ka tlaleho eo, bolella Jehova hore u ikutloa joang ka tsela e mpe eo u ileng oa tšoaroa ka eona. (Pes. 6:6-9) Toba taba. Kopa Jehova hore a u thuse ho fumana melao-motheo e ka u thusang ha u ntse u leka ho sebetsana le bothata boo.
9. Ho ile ha etsahala’ng pakeng tsa Davida le Absalome?
9 (2) Nahana. Nahana ka lintho tse ileng tsa etsahala tlalehong ena le kamoo Morena Davida a ileng a ameha kateng. Absalome o ile a sebetsa ka thata hore batho ba tle ba mo rate. (2 Sam. 15:7) Ha a bona hore nako e se e fihlile, o ile a romela lihloela metseng eohle ea Iseraele ho ea etsa hore batho ba mo amohele e le morena. Absalome o ile a ba a etsa hore Akitofele e leng moeletsi le motsoalle ea haufi-ufi oa Davida a be morerong oo oa hae. Absalome o ile a iketsa morena eaba o leka ho tšoara Davida le ho mo bolaea nakong eo e ka ’nang eaba Davida o ne a kula haholo. (Pes. 41:1-9) Davida o ile a tseba hore Absalome o ntse a etsa’ng ’me a tloha Jerusalema. Qetellong masole a Absalome a ile a loana le masole a Davida. Masole a Absalome a ile a hloloa eaba le eena oa bolaoa.
10. Morena Davida a ka be a ile a etsa’ng?
10 Joale, ak’u nahane hore na Davida o ile a ikutloa joang ha lintho tsena li ntse li mo etsahalla. O ne a rata Absalome ’me a tšepa Akitofele. Leha ho le joalo, ka bobeli ba ile ba mo tsoa tlaase. Ba ile ba mo utloisa bohloko haholo ba ba ba leka le ho mo bolaea. Davida a ka be a khaolitse ho tšepa metsoalle ea hae e meng ’me a nahana hore le eona e se e tšehetsa Absalome. A ka be a inahanne boeena feela ’me a leka ho baleha a le mong. Kapa a ka be a ile a nyahama haholo feela. Empa Davida ha aa ka a etsa joalo. Ho e-na le hoo, o ile a hlola bothata bona bo boima. O ile a thusoa ke eng?
11. Davida o ile a etsa’ng ha a ne a le boemong bo thata?
11 (3) Thuisa. Ke melao-motheo efe eo u ka ithutang eona tlalehong ee? Ipotse, “Davida o ile a etsa’ng ho rarolla bothata boo?” Davida ha aa ka a haha ha-Tlaka-tlaka kapa a etsa liqeto ka lepotla-potla. Ha aa ka a tšoha haholo hoo a sa tsebeng hore na a etse’ng. Ho e-na le hoo, o ile a rapela Jehova hore a mo thuse. O ile a boela a kopa thuso ho metsoalle ea hae. Ha aa ka a senya nako ea ho etsa lintho tseo a neng a ikemiselitse ho li etsa. Le hoja Davida a ne a utloile bohloko haholo, ha aa ka a hloea batho ba bang le ho khaotsa ho ba tšepa. O ile a tsoela pele a tšepa Jehova le metsoalle ea hae.
12. Jehova o ile a etsa’ng ho thusa Davida?
12 Jehova o ile a thusa Davida joang? Ha u etsa lipatlisiso, u tla hlokomela hore Jehova o ile a fa Davida matla ao a neng a a hloka ho mamella bothata bona. (Pes. 3:1-8; sehloohoana) Jehova o ile a hlohonolofatsa liqeto tsa Davida. O ile a tšehetsa metsoalle ea Davida e tšepahalang nakong eo e neng e loanela morena oa eona.
13. U ka etsisa Davida joang ha motho e mong a u utloisitse bohloko haholo? (Matheu 18:15-17)
13 (4) Etsa lintho tseo u ithutileng tsona. Ipotse, ‘Nka etsisa Davida joang?’ U lokela ho lokisa bothata hang-hang. Ho itšetlehile ka maemo, u ka sebelisa keletso ea Jesu e hlahang ho Matheu khaolo ea 18. (Bala Matheu 18:15-17.) Empa u se ke oa potlakela ho etsa liqeto u nkuoe ke maikutlo. U kope Jehova hore a u thuse ho khoba matšoafo ’me a u fe bohlale ba ho sebetsana le bothata boo. U se ke oa khaotsa ho tšepa metsoalle ea hao. Ho e-na le hoo, ikemisetse ho amohela thuso ea bona. (Liprov. 17:17) Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore u mamele keletso eo Jehova a u fang eona ka Lentsoeng la hae.—Liprov. 3:5, 6.
U KA ITHUTA’NG HO PAULUSE?
14. Ke maemong afe moo 2 Timothea 1:12-16; 4:6-11, 17-22 e ka u khothatsang?
14 Na ba lelapa leno ba u hanyetsa hobane u sebeletsa Jehova? Kapa na moo u lulang teng, mosebetsi oa rona thibetsoe ka litsela tsohle? Haeba ho joalo, u ka khothatsoa ke ho bala 2 Timothea 1:12-16 le 4:6-11, 17-22.c Pauluse o ile a ngola litemana tsena nakong eo a neng a le teronkong.
15. U ka kopa Jehova eng?
15 (1) Rapela. Pele u bala litemana tseo, hlalosetsa Jehova bothata ba hao u be u mo bolelle hore na bo etsa hore u ikutloe joang. Toba taba. Kopa Jehova hore a u thuse ho fumana melao-motheo e tla u thusa ho sebetsana le bothata ba hao litlalehong tse buang ka mathata a Pauluse.
16. Ho ile ha etsahala’ng ka Pauluse?
16 (2) Nahana. Ak’u nahane u le boemong ba Pauluse. O ne a le teronkong Roma. O kile a tšoaroa empa lekhetlong lena oa tseba hore joang kapa joang o tl’o bolaoa. E meng ea metsoalle ea hae e mo lahlile ’me o ne a khathetse.—2 Tim. 1:15.
17. Pauluse a ka be a ile a etsa’ng?
17 Pauluse a ka be a hetlile morao eaba o nahana ka hore hoja o entse qeto e fapaneng a ka be a sa lleloa ke litšepe. A ka be a koatetse banna ba seterekeng sa Asia ba ileng ba mo lahla le ho khaotsa ho tšepa metsoalle e meng ea hae. Empa Pauluse ha aa ka a etsa joalo. Ke hobane’ng ha a ne a kholisehile hore metsoalle ea hae e tla lula e mo tšepahalla le hore Jehova o tla mo putsa?
18. Pauluse o ile a etsa’ng ha a tobane le teko e boima?
18 (3) Thuisa. Ipotse, “Pauluse o ile a rarolla bothata ba hae joang?” Le hoja Pauluse a ne a tseba hore haufinyane o tl’o shoa, ha aa ka a lebala hore na ho bohlokoa hakae ho tlotlisa Jehova. Hape o ile a tsoela pele a nahana ka hore na a ka khothatsa batho ba bang joang. O ile a bontša hore o tšepile Jehova ka hore a rapele nako le nako. (2 Tim. 1:3) Pauluse ha aa ka a lula a nahana haholo ka batho ba ileng ba mo lahla. Ho e-na le hoo, o ile a bontša kamoo a ananelang metsoalle ea hae e ileng ea mo tšehetsa le ho mo thusa kateng. Ho feta moo, Pauluse o ile a lula a ithuta Lentsoe la Molimo. (2 Tim. 3:16, 17; 4:13) Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore o ne a kholisehile hore Jehova le Jesu baa mo rata. Ha ho mohla ba kileng ba mo lahla hape o ne a kholisehile hore ba tla mo putsa ka lebaka la botšepehi ba hae.
19. Jehova o ile a thusa Pauluse joang?
19 Jehova o ile a lemosa Pauluse hore o ne a tla tlameha ho mamella mathata hobane e le Mokreste. (Lik. 21:11-13) Jehova o ile a thusa Pauluse joang? O ile a arabela lithapelo tsa Pauluse eaba ha nako e ntse e-ea, o mo fa matla. (2 Tim. 4:17) Pauluse o ile a tiisetsoa hore o tla fumana moputso oo a o sebelelitseng ka thata. Jehova o ile a boela a susumetsa metsoalle ea Pauluse e tšepahalang hore e mo thuse.
20. U nahanne ka Baroma 8:38, 39, u ka etsisa Pauluse joang?
20 (4) Etsa lintho tseo u ithutileng tsona. Ipotse, ‘Nka etsisa Pauluse joang?’ Joaloka Pauluse, re lokela ho lebella hore le rona re tla hlorisoa ka lebaka la tumelo ea rona. (Mar. 10:29, 30) E le hore re lule re tšepahalla Jehova le ha re e-na le mathata, re lokela ho rapela le ho ba le mokhoa o tsitsitseng oa ho ithuta Lentsoe la Molimo. Hape re lokela ho lula re hopola hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re lokelang ho e etsa ke ho tlotlisa Jehova. Re ka kholiseha hore Jehova a ke ke a re lahla ’me ha ho na motho ea ka etsang hore a khaotse ho re rata.—Bala Baroma 8:38, 39; Baheb. 13:5, 6
ITHUTE MEHLALENG EA BATHO BA BANG BA KA BIBELENG
21. Morali’abo rona Aya le Mor’abo rona Hector ba thusitsoe ke’ng hore ba hlole mathata a bona?
21 Ho sa tsotellehe maemo ao re leng le ’ona, mehlala e hlahang ka Bibeleng e ka re thusa ho mamella. Mohlala, Morali’abo rona Aya eo e leng pula-maliboho Japane o re tlaleho ea Jonase e mo thusitse hore a se ke a tšaba ho etsa bopaki ba phatlalatsa. Mor’abo rona Hector ea mocha ea lulang Indonesia eo batsoali e seng Lipaki eena o re mohlala oa Ruthe o mo thusitse hore a batle ho ithuta ka Jehova le ho mo sebeletsa.
22. U tla thusoa ke’ng hore u rue molemo ha u shebella litšoantšiso tse thehiloeng Bibeleng kapa u bala buka ea “Etsisa Tumelo ea Bona”?
22 U ka fumana mehlala e ka u matlafatsang e hlahang ka Bibeleng hokae? U ka e fumana livideong, litšoantšisong tse mameloang le bukeng ea “Etsisa Tumelo ea Bona.”d Pele u shebella, u mamela kapa u bala litlaleho tsena tse etselitsoeng lipatlisiso ka hloko, kopa Jehova hore a u thuse ho fumana lintlha tsa bohlokoa tseo u ka li sebelisang. Ipehe boemong ba motho eo u ithutang ka eena. Thuisa ka hore na bahlanka bana ba Jehova ba ile ba etsa’ng le hore na ba thusitsoe ke’ng ho hlola mathata a bona. Ebe u etsa lintho tseo u ithutileng tsona bothateng ba hao. Leboha Jehova ka tsela eo a seng a ntse a u thusa ka eona. Bontša hore u ananela thuso eo ka ho batla litsela tseo u ka khothatsang batho ba bang le ho ba tšehetsa ka tsona.
23. Ho ea ka Esaia 41:10, 13, Jehova o tšepisa hore o tla re thusa joang?
23 Lefatše lena le busoa ke Satane ’me ka linako tse ling ho ba thata hoo re sa tsebeng hore na re etse’ng. (2 Tim. 3:1) Empa ha rea lokela ho tšoenyeha kapa ho tšoha. Jehova oa tseba hore na re na le mathata afe. O tšepisa hore o tla re tšoara ka letsoho la hae le matla le letona ha re hloka thuso. (Bala Esaia 41:10, 13.) Re kholisehile hore Jehova o tla re thusa ’me Bibele e re thusa hore re be le matla ao re a hlokang hore re mamelle bothata le ha e le bofe.
PINA EA 96 Molimo o re File Letlotlo
a Bibele e na le litlaleho tse ngata tse bontšang hore Jehova o rata bahlanka ba hae le hore o tla ba thusa ho mamella mathata le ha e le afe. Sehlooho sena se bua ka mokhoa oa ho ithuta Bibele u le mong o tla u thusa ho rua molemo litlalehong tsa Bibele.
b Mokhoa ona oa ho ithuta ke o mong feela oo u ka u sebelisang. E le hore u fumane litlhahiso tse ling tsa kamoo u ka ithutang Bibele kateng, u ka sheba buka ea Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova tlas’a sehlooho se reng “Bibele” sehloohoaneng se reng “Ho Bala le ho Utloisisa Bibele.”
c U se ke oa bala litemana tsena nakong ea Molula-Qhooa.
d Ho jw.org. sheba sehlooho sa “Etsisa Tumelo ea Bona—Banna le Basali ba ka Bibeleng.” (Kena ho LITHUTO TSA BIBELE > FAITH IN GOD.)