Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp22 no. 1 maq. 12-13
  • 4 | U ka Hlola Lehloeo ka Thuso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 4 | U ka Hlola Lehloeo ka Thuso ea Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Bibele e se Rutang:
  • Seo Temana Ena e se Bolelang:
  • Seo U ka se Etsang:
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Re ka Etsa’ng Hore re Hlole Lehloeo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
  • Re ka Khona ho Hlola Lehloeo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Hloeane Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
wp22 no. 1 maq. 12-13
Batho ba ea Bibeleng e ba khantšelitseng. Liriti tsa bona li bontša lintho tse mpe tseo ba neng ba li etsa pele.

KE HOBANE’NG HA BATHO BA HLOEANE HAKAALE?

4 | Molimo A Ka U Thusa Hore U Hlole Lehloeo

Seo Bibele e se Rutang:

“Litholoana tsa moea ke lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.”​—BAGALATA 5:​22, 23.

Seo Temana Ena e se Bolelang:

Re ka khona ho hlola lehloeo ka thuso ea Molimo. Moea oa hae o halalelang o ka re thusa hore re be le makhabane ao re ke keng ra khona ho ba le ’ona ka borona. Ho e-na le ho leka ho hlola lehloeo ka matla a rona, ho molemo hore re kope thuso ea Molimo. Haeba re etsa joalo, re tla ikutloa ka tsela eo moapostola Pauluse a neng a ikutloa ka eona. O ile a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafilipi 4:​13) Le rona re ka khona hore re re: “Thuso ea ka e tsoa ho Jehova.”​—Pesaleme ea 121:2.

Seo U ka se Etsang:

“Jehova o fetotse bophelo ba ka ha ke sa le motho ea mabifi empa ke se ke le motho oa khotso.”​—WALDO

Rapela Jehova ka tieo ’me u mo kope moea oa hae o halalelang. (Luka 11:​13) Kopa hore a u thuse ho ba le makhabane a tšoanang lea hae. Ithute seo Bibele e se rutang ka makhabane a ka re thusang hore re se ke ra ba le lehloeo, a kang lerato, khotso, tiisetso le boitšoaro. Leka ho bonahatsa makhabane ana. E-ba motsoalle oa batho ba lekang hore ba be le makhabane ana. Metsoalle e joalo e tla “[u] susumelletsa leratong le mesebetsing e metle.”​—Baheberu 10:24.

Pale ea Bophelo​—WALDO

O Ile a Khaotsa ho ba Mabifi

Waldo.

Waldo o hotse ka thata ’me seo se ile sa etsa hore a be le lehloeo. O re: “Ke ne ke atisa ho loana le bahoebi ba lithethefatsi . . . Ka lekhetlo le leng, sehlopha se seng sa litloko-tsebe se ile sa hira motho ea neng a tsebahala ka hore ke ’molai hore a mpolaee empa ke ile ka pholoha ke e-na le leqeba la thipa feela.”

Waldo o ne a sa thaba ha mosali oa hae a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. O re: “Ke ne ke hloile Lipaki ’me hangata ke ne ke li rohaka. Empa ha ho mohla li neng li iphetetsa.”

Ha nako e ntse e e-ea, Waldo le eena o ile a qala ho ithuta Bibele. O re: “Ho ne ho se bonolo ho sebelisa seo ke ithutang sona. Ke ne ke kholisehile hore nke ke ka hlola ke khona ho laola bohale ba ka.” Leha ho le joalo, lintho tseo a ithutileng tsona ka Bibeleng li ile tsa mo thusa hore a etse liphetoho.

Waldo o re: “Ka letsatsi le leng, Alejandro e leng motho ea neng a ithuta le ’na o ile a nkopa hore ke bale Bagalata 5:​22, 23. . . . Alejandro o ile a re nke ke ka khona ho ba le makhabane ao ka matla a ka empa nka thusoa ke moea o halalelang oa Molimo. Seo se ile sa fetola tsela eo ke neng ke ikutloa ka eona ka ho felletseng.”

Waldo o ile a khaotsa ho hloea batho ba bang hobane o ile a amohela thuso e tsoang ho Molimo. O re: “Beng ka ’na le metsoalle ea ka ea nakong e fetileng ha ba kholoe kamoo ke entseng liphetoho ka teng.” O boetse o re: “Jehova o fetotse bophelo ba ka, ha ke sa le motho ea mabifi empa ke se ke le motho oa khotso.”

U ka bala pale ea Waldo ho Molula-Qhooa oa October 1, 2013, leqepheng la  12 ho ea ho la 13, o fumanehang ho jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela