SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 32
Bacha—Tsoelang Pele ho Tiea Tumelong ka Mor’a ho Kolobetsoa
“A re holeng linthong tsohle ka lerato.”—BAEF. 4:15.
PINA EA 56 Rata Jehova, U mo Mamele
SEO RE TL’O ITHUTA SONAa
1. Ke lintho life tse thabisang tseo bacha ba li entseng?
SELEMO le selemo ho ba le bacha ba likete ba kolobetsoang. Na le uena u se u fetile moo? Haeba ho joalo, bara le barali beno ka phuthehong ba thabisoa ke seo. Jehova le eena oa thaba. (Liprov. 27:11) Ka motsotsoana feela ak’u nahane ka seo u se finyeletseng ho fihlela hona joale. Ka mohlala, u tšepahalletse ho ithuta Bibele mohlomong ka lilemo tse itseng. Ho ithuta ho u kholisitse hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Ho feta moo, u ile oa tseba le ho rata Mongoli oa Bibele. Lerato la hao ho Jehova le bile matla hoo u ileng oa etsa qeto ea ho inehela ho Jehova ’me oa kolobetsoa. Eo e bile qeto e bohlale.
2. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?
2 Mohlomong pele u kolobetsoa u ile oa thulana le mathata a mangata a ileng a etsa hore ho be thata ho lula u tšepahalla Jehova. Empa ha u ntse u hola, u tla thulana le mathata a mang ao u qalang ho a bona. Satane o tl’o leka ho fokolisa lerato la hao ho Jehova e le hore u tlohele ho mo sebeletsa. (Baef. 4:14) Ha oa lokela ho lumella seo ho etsahala. Empa ke eng e ka u thusang hore u tsoele pele ho tšepahalla kano eo u e etselitseng Jehova? U lokela ho sebetsa ka thata ho ba Mokreste ea holileng tumelong. (Baheb. 6:1) Sehloohong sena re tl’o bua ka hore na u ka etsa sena joang?
U KA ETSA’NG HORE U BE MOKRESTE EA TIILENG?
3. Bakreste bohle ba lokela ho etsa eng ka mor’a ho kolobetsoa?
3 Ka mor’a hore re kolobetsoe, re lokela ho sebelisa keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Bakreste ba Efese. O ile a ba khothaletsa hore e be Bakreste ba holileng “ka ho feletseng.” (Baef. 4:13) Sena se bolela hore ba ne ba lokela ho tsoela pele ho tiea tumelong. Pauluse o ile a bapisa tsela eo Bakreste ba tieang ka eona tumelong le tsela eo ngoana a holang ka eona. Batsoali ba ngoana e monyenyane baa mo rata ebile ba motlotlo ka eena. Empa e ke ke ea e-ba ngoana ho ea ho ile. Ha nako e ntse e e-ea o tla lokela ho lahla “mekhoa ea bongoana.” (1 Bakor. 13:11) Hoa tšoana le ka Bakreste. Ka mor’a ho kolobetsoa re lokela ho tsoela pele ho tiea tumelong. A re hlahlobeng tse ling tsa lintho tse ka re thusang ho etsa joalo.
4. Hlalosa hore na ke’ng e ka u thusang hore u tsoele pele ho tiea tumelong. (Bafilipi 1:9)
4 U ’ne u rate Jehova le ho feta. U se u ntse u rata Jehova haholo. Empa lerato la hao ho eena e ka ba le tebileng le ho feta. Joang? Moapostola Pauluse o re bontša tsela e ’ngoe ea ho etsa joalo ho Bafilipi 1:9. (E bale.) Pauluse o ne a rapella hore lerato la Bafilipi le ‘ate ka ho eketsehileng.’ Re ka etsa’ng e le hore re lule re rata Jehova? Re ka etsa joalo ka ho batla “tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng.” Ha re tsoela pele ho tseba Jehova re mo rata le ho feta, re ananela botho ba hae le tsela eo a etsang lintho ka eona. Re labalabela ho mo thabisa ’me ha ho mohla re batlang ho mo soabisa. Re leka kahohle ho utloisisa seo a se hlokang ho rona le seo re lokelang ho se etsa.
5, 6. Hlalosa hore na u ka etsa’ng e le hore u rate Jehova haholoanyane.
5 Jesu o ile a etsisa botho ba Jehova ka ho phethahetseng. Kahoo, ha re tseba Jesu hamolemo re tla rata Jehova le ho feta. (Baheb. 1:3) Re ka tseba Jesu haholoanyane ka ho ithuta Likosepele tse ’nè tsa Bibele. Haeba ha u e-s’o itloaetse ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, ke hobane’ng ha u sa qale hona joale? Ha u ntse u bala litlaleho tse buang ka Jesu, lebisa tlhokomelo makhabaneng a hae. O ne a atameleha ’me ka lerato o ile a sika bana ba banyenyane matsohong a hae. (Mar. 10:13-16) Jesu o ne a le mosa ebile a le botsoalle hoo barutuoa ba hae ba neng ba ikutloa ba lokolohile ho mo phetlela sefuba. (Mat. 16:22) Ka ho etsa joalo, Jesu o ne a etsisa Ntate oa hae ea leholimong. Jehova le eena o atameleha haholo. Re ka bua le eena ka thapelo. Ha re rapela, re ka mo bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e nahanang le tsela eo re ikutloang ka eona. Re kholisehile hore a ke ke a re ahlola.—1 Pet. 5:7.
6 Jesu o ne a utloela batho bohloko. Moapostola Matheu o re: “Ha a bona bongata a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Mat. 9:36) Jehova eena o ikutloa joang? Jesu o ile a re: “Hase ntho e lakatsehang ho Ntate ea leholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.” (Mat. 18:14) Mantsoe ana aa re thabisa hobane a bontša hore Jehova o re rata haholo. Lerato la rona ho Jehova le ba matla le ho feta ha re ntse re tseba Jesu haholoanyane.
7. Ho qeta nako le Bakreste ba matla tumelong ho ka u tsoela molemo joang?
7 Ntho e ’ngoe e ka u thusang ho ba Mokreste ea tiileng le ho rata Jehova haholo, ke ho qeta nako u e-na le bara le barali babo rona ba matla tumelong phuthehong ea heno. Hlokomela kamoo ba thabileng kateng. Ha ba ikoahlaele qeto ea bona ea ho sebeletsa Jehova. Ba kope hore ba u qoqele lintho tse ba etsahalletseng ha ba ntse ba sebeletsa Jehova. Ba kope hore ba u eletse ha ho e-na le qeto ea bohlokoa eo u lokelang ho e etsa. Hopola hore “ho na le [katleho] ha baeletsi ba le bangata.”—Liprov. 11:14.
U ka itokisa joang ha u kopana le thuto ea ho iphetola ha lintho sekolong? (Sheba serapa sa 8 le 9)
8. U ka etsa’ng haeba u ka ba le lipelaelo ka seo Bibele e se rutang?
8 Hlola lipelaelo. Joalokaha ho bontšitsoe serapeng sa bobeli, Satane a ka leka ho u sitisa ho matlafatsa tumelo ea hao le ho atamela haufi le Jehova. A ka etsa hore u qale ho belaella lithuto tse ling tse hlahang ka Bibeleng. Ka mohlala, batho ba bang ba ka leka ho etsa hore u lumele thuto ea ho iphetola ha lintho ebe ba re ha se Molimo ea re bopileng. Mohlomong ha ho mohla u kileng oa nahana ka thuto ena ha u ntse u le ngoana empa ho ka etsahala hore hona joale u se u rutoa ka eona sekolong. Lintho tseo matichere a hao a li buang ka thuto ea ho iphetola ha lintho li ka utloahala eka ke ’nete. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ha ba e-s’o ka ba ipha nako ea ho hlahloba bopaki ba hore ho na le ’Mopi. Hopola molao-motheo o hlahang ho Liproverbia 18:17. E re: “Oa pele nyeoeng ea hae o lokile; oa habo oa kena ’me ka sebele oa mo phenya.” Ho e-na le ho nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e rutoang sekolong e le ’nete, iphe nako ea ho hlahloba seo Bibele e se buang. Etsa lipatlisiso lingoloeng tsa mokhatlo. Bua le bara le barali babo rona ba kileng ba lumela thuto ea ho iphetola ha lintho. Ba botse hore na ke eng e ba kholisitseng hore ho na le ’Mopi ea re ratang. Puisano eo e ka u thusa ho fumana bopaki ba hore ho na le ’Mopi.
9. U ithuta’ng linthong tse ileng tsa etsahalla Melissa?
9 Morali oabo rona Melissa o ile a fumana molemo lipatlisisong tseo a ileng a li etsa ka popo.b O re: “Sekolong matichere a ruta thuto ea ho iphetola ha lintho ka tsela e etsang hore batho ba lumele hore ke ’nete. Qalong, ke ne ke tšaba ho etsa lipatlisiso hobane ke ne ke nahana hore ho na le ntho e phoso eo nka e fumanang ka bolumeli ba ka. Empa ke ile ka re Jehova ha a batle hore re mo sebeletse ka hlooho e ntšo. Kahoo, ke ile ka qala ho etsa lipatlisiso. Ke ile ka bala buka ea Is There a Creator Who Cares About You? le bukana ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? le The Origin of Life—Five Questions Worth Asking. Ena ke eona ntho eo ke neng ke hlile ke e hloka. Ke ile ka lakatsa eka nka be ke ile ka etsa joalo li sa tloha feela.”
10, 11. U ka thusoa ke eng hore u lule u hloekile boitšoarong? (1 Bathesalonika 4:3, 4)
10 Hana boitšoaro bo bobe. Ha u kena lilemong tsa bocha, takatso ea ho etsa thobalano e ka ba matla haholo. Ka linako tse ling batho ba bang ba ka u phehella hore u etse boitšoaro bo bobe. Satane o batla hore u inehele litakatsong tsena. U ka thusoa ke eng hore u lule u hloekile boitšoarong? (Bala 1 Bathesalonika 4:3, 4.) Ha u rapela moo u leng mong, bolella Jehova kamoo u ikutloang kateng ’me u mo kope hore a u matlafatse. (Mat. 6:13) Hopola hore Jehova u batla ho u thusa eseng ho u ahlola. (Pes. 103:13, 14) U ka boela oa fumana thuso Lentsoeng la Molimo Bibele. Melissa, eo ho buuoeng ka eena pejana, o ne a thatafalloa ho tlohela ho nahana ka boitšoaro bo bobe. O re: “Ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ho ile ha nthusa hore ke se ke ka inehela boitšoarong bo litšila. E ile ea nkhopotsa hore ke inehetse ho Jehova ’me ke batla ho mo sebeletsa.”—Pes. 119:9.
11 U se ke oa leka ho itharollela mathata a hao u le mong. Bua le batsoali ba hao. Ho ka ba thata ho bua ka litaba tsena empa ke habohlokoa ho etsa joalo. Melissa o re: “Ke ile ka rapella sebete ’me ka bua le ntate oa ka ka bothata bona. Ka mor’a moo, ke ile ka imoloha. Ke ne ke tseba hore Jehova o motlotlo ka ’na.”
12. Ke eng e ka u thusang hore u etse liqeto tse nepahetseng?
12 Lumella melao ea Bibele hore e u tataise. Ha u ntse u hola batsoali ba hao ba tla u lumella hore u iketsetse liqeto. Empa ho tla be ho ntse ho e-na le lintho tse ngata tseo u sa li tsebeng. Ke joang u ka qobang ho etsa liphoso tse ka senyang setsoalle sa hao le Jehova? (Liprov. 22:3) Morali oabo rona Kari oa hlalosa hore na ke eng e ileng ea mo thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng. O ne a utloisisa hore Bakreste ba tiileng ha ba hloke melao bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang. O re: “Ke ne ke lokela ho utloisisa tsela eo Jehova a bonang lintho ka eona.” Ha u bala Bibele ipotse: ‘Karolong ee ke ithuta eng ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona? Na e ka nthusa ho etsa se nepahetseng? Haeba ho joalo, ho e kenya tšebetsong ho tla ntsoela molemo joang?’ (Pes. 19:7; Esa. 48:17, 18) Ha u bala Bibele ebile u nahanisisa ka seo u se balang ho tla ba bonolo ho uena hore u etse liqeto tse thabisang Jehova. Ha u ntse u ntlafatsa u tla hlokomela hore ha u hloke molao bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe hobane u tla be u utloisisa tsela eo Jehova a nahanang ka eona.
Morali oabo rona e mong e mocha o ile a khetha metsoalle e joang? (Sheba serapa sa 13)
13. Metsoalle e nepahetseng e ka u thusa joang? (Liproverbia 13:20)
13 Khetha metsoalle e ratang Jehova. Joalokaha re bone serapeng sa bosupa, ho khetha metsoalle e nepahetseng ho ka re thusa hore re be Bakreste ba nang le boiphihlelo. (Bala Liproverbia 13:20.) Morali oabo rona Sara o ne a se a sa thaba joaloka pele. Empa ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea mo thusa hore a boele a thabe hape. Sara o re: “Ke ile ka fumana metsoalle e nepahetseng ka nako e nepahetseng. Re ne re kopana le morali oabo rona e mong e mocha beke le beke ho lokisetsa sehlooho sa Molula-Qhooa. Motsoalle e mong oa ka o ne a nthusa ho araba libokeng. Metsoalle ea ka e ile ea nthusa hore ke iphe nako ea ho ithuta ke le mong le ho rapela ka botebo. Setsoalle sa ka le Jehova se ile sa matlafala kahoo ke ile ka boela ka thaba.”
14. Julien o ile a fumana metsoalle e molemo joang?
14 Metsoalle e ka bang le tšusumetso e ntle ho uena u ka e fumana joang? Julien eo hona joale e seng e le moholo o re: “Ha ke ntse ke hola, batho bao ke neng ke sebetsa tšimo le bona e ile ea e-ba metsoalle ea ka. Metsoalle ena ea ka e ne e cheseha ’me e ile ea nthusa ho bona hore na nka thabela tšimo haholo hakae. Ho tloha ka nako eo, toro ea ka e ne e se e le ho finyella tšebeletso ea nako e tletseng. Ke ile ka boela ka hlokomela hore ntho e ’ngoe e neng e etsa hore ke seke ka ba le metsoalle e mengata e molemo ke hobane ke ne ke etsa setsoalle le lithaka tsa ka feela. Hamorao ke ile ka ba le metsoalle Bethele. Ba ile ba mpehela mohlala o motle o ileng oa nthusa hore ke khethe boithabiso bo molemo. Kahoo, ke ile ka ba le setsoalle se haufi le Jehova.”
15. Ke keletso efe eo Pauluse a ileng a e fa Timothea mabapi le ho etsa metsoalle? (2 Timothea 2:20-22)
15 U lokela ho etsa eng ha u hlokomela hore ho qeta nako le motho ea itseng ka phuthehong ho ka senya setsoalle sa hao le Jehova? Pauluse o ile a hlokomela hore batho ba itseng ka phuthehong ba ne ba sa nahane kapa ho etsa lintho joaloka Bakreste. Kahoo, o ile a bolella Timothea hore a ba qobe. (Bala 2 Timothea 2:20-22.) Setsoalle sa rona le Jehova ke sa bohlokoa haholo. Re sebelitse ka thata haholo ho ba le setsoalle se haufi le Jehova kahoo ha re batle ho ba le metsoalle e tla senya setsoalle seo.—Pes. 26:4.
HO BA LE LINTHO TSEO U BATLANG HO LI FINYELLA HO KA U THUSA JOANG HORE U TSOELE PELE HO TIEA TUMELONG?
16. Ke lintho life tseo u ka khethang ho li finyella?
16 Lintho tseo u batlang ho li finyella e be tse molemo. Batla ho finyella lintho tse tla matlafatsa tumelo ea hao le ho u thusa hore u be Mokreste ea tiileng. (Baef. 3:16) Ka mohlala, u ka ’na oa etsa qeto ea ho ntlafatsa ntlheng ea ho ithuta le ho bala Bibele kamehla. (Pes. 1:2, 3) Kapa u ka leka ho rapela ka makhetlo ’me u rapele ho tsoa pelong. Mohlomong u lokela ho ba hlokolosi haholoanyane ka boithabiso boo u bo khethang le lintho tseo u qetang nako u li etsa. (Baef. 5:15, 16) Jehova o tla thaba ha a bona u sebetsa ka thata e le hore u ntlafatse.
Morali oabo rona e mocha o ile a ipehela lintho tsa mofuta ofe tseo a ka li finyellang? (Sheba serapa sa 17)
17. Ho thusa batho ba bang ho tla u tsoela molemo joang?
17 U tla ba Mokreste ea tiileng tumelong haholoanyane ha u thusa ba bang. Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.” (Lik. 20:35) Haeba u sebelisa mahlaha-hlaha a hao a bocha le nako ea hao ho thusa batho ba bang, u tla thaba haholo. Ka mohlala, u ka etsa hore ntho eo u batlang ho e finyella ebe ho thusa bara le barali babo rona ba holileng ka phuthehong kapa ba nang le bokooa, u ka ba ela mabenkeleng kapa oa ba thusa ka lisebelisoa tsa bona tsa elektronike. Haeba u mor’abo rona, etsa hore ho ba mohlanka ea sebeletsang e be ntho eo u batlang ho e finyella e le hore u ka thusa bara le barali babo rona haholoanyane. (Bafil. 2:4) U boetse u bontša lerato ho batho ba ka ntle ho phutheho ha u ba ruta ka molaetsa oa ’Muso oa Molimo. (Mat. 9:36, 37) Haeba ho khoneha, etsa hore tšebeletso ea nako e tletseng e be ntho eo u batlang ho e finyella.
18. Tšebeletso ea nako e tletseng e ka u thusa joang hore setsoalle sa hao le Jehova se tiee?
18 Tšebeletso ea nako e tletseng e ka u fa menyetla e mengata ea hore setsoalle sa hao le Jehova se tiee. Ho ba pula-maliboho ho ka etsa hore u be monyetleng oa ho ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso. U ka ba le menyetla ea ho sebeletsa Bethele kapa liprojekeng tsa kaho. Morali oabo rona e mocha oa pula-maliboho e leng Kaitlyn o re: “Ho qeta nako le bara le barali babo rona tšebeletsong ea tšimo ho nthusitse hore setsoalle sa ka le Jehova se tiee ka mor’a hore ke kolobetsoe. Ba ile ba mpehela mohlala o motle o ileng oa nthusa hore ke ithute Bibele haholoanyane hape ke ntlafatse tsela eo ke rutang ka eona.”
19. U tla fumana litlhohonolofatso life ha u ntse u tsoela pele ho tiea tumelong?
19 Ha u ntse u tsoela pele ho matlafatsa tumelo ea hao, u tla fumana litlhohonolofatso tse ngata. U tla qoba ho sebelisa nako ea hao le matla linthong tse se nang thuso. (1 Joh. 2:17) U ke ke oa iphumana u entse liqeto tse tla etsa hore u soetsehe habohloko. Ho e-na le hoo, u tla atleha u be u fumane thabo ea ’nete. (Liprov. 16:3) Mohlala oa hao o motle o tla khothatsa bara le barali babo rona ka kakaretso. (1 Tim. 4:12) Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore u tla ba le khotso le khotsofalo tse tlisoang ke ho thabisa Jehova le ho ba le setsoalle se haufi le eena.—Liprov. 23:15, 16.
PINA EA 88 Nthute Thato ea Hao
a Bahlanka ba Jehova baa thaba ha bacha ba kolobetsoa. Le ka mor’a ho kolobetsoa barutuoa ba bacha ba lokela ho sebetsa ka thata hore ba ’ne ba tiee tumelong. Sehloohong sena re tl’o ithuta litsela tseo ka tsona ba bacha ba qetang ho kolobetsoa ba ka tsoelang pele ho tiea tumelong.
b Mabitso a mang a fetotsoe.