Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w22 December leq. 14
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova—“Mopholosi” Mehleng ea ha ho ne ho Ngoloa Bibele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Itšetlehe ka Moea oa Molimo ha U Sebetsana le Maemo a Bophelo a Ntseng a Fetoha
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • “Nthute ho Etsa Thato ea Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • A re Phahamiseng Lebitso la Jehova Hammoho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
w22 December leq. 14

Lipotso Tse Tsoang Ho Babali

Na mopesaleme Davida o ne a feteletsa lintho ha a ne a re o tla rorisa lebitso la Molimo “ka ho sa feleng” ho Pesaleme ea 61:8?

Morena Davida o bina a ntse a letsa harepa.

Ha ho joalo. Seo Davida a ileng a se ngola se ne se nepahetse.

Nahana ka seo a ileng a se ngola temaneng eo le tse ling tse tšoanang le eona. O ile a re: “Ke tla binela lebitso la hao lithoriso ka ho sa feleng ha ke ntse ke phetha likano tsa ka letsatsi le letsatsi.” “Jehova Molimo oa ka, ke u rorisa ka pelo ea ka eohle, ke tla tlotlisa lebitso la hao ka ho sa feleng.” “Ke tla rorisa lebitso la hao ka ho sa feleng.”—Pes. 61:8; 86:12; 145:1, 2.

Davida o ne a sa feteletse lintho kapa hona ho nahana hore a ke ke a shoa. O ne a tseba hore Jehova o ile a re batho ba tla shoa hobane e le baetsalibe ’me o ne a boetse a tseba hore le eena o etsa libe. (Gen. 3:3, 17-19; Pes. 51:4, 5) Hape o ne a tseba hore banna ba neng ba thabisa Molimo ba kang Abrahama, Isaka le Jakobo ba ile ba shoa. Davida o ne a tseba hore le eena o tl’o shoa. (Pes. 37:25; 39:4) Seo Davida a se ngotseng ho Pesaleme ea 61:8 se bontša hore o ne a ikemiselitse ho rorisa Molimo ka ho sa feleng hafeela a ntse a phela.—2 Sam. 7:12.

Davida o ile a ngola lintho tse ling tse ileng tsa mo etsahalla bophelong, joalokaha re bona lihloohong tse ho Pesaleme ea 18, 51 le ea 52. Ho Pesaleme ea 23, Davida o ile a re Jehova ke molisa ea tataisang, ea khathollang le ea sireletsang. Davida le eena e ne e le molisa ea joalo ’me o ne a batla ho sebeletsa Molimo ‘ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.’—Pes. 23:6.

Re lokela ho hopola hore Jehova ke eena ea bolelletseng Davida hore a ngole lintho tsohle tseo a li ngotseng. O ile a ngola lintho tse neng li tla etsahala nakong e tlang. Ka mohlala, ho Pesaleme ea 110 Davida o ile a ngola ka nako eo ka eona Morena oa hae a neng a tla “lula ka letsohong la [Molimo] le letona” leholimong ’me a fuoe matla. Morena eo o tla etsa’ng? O tla hlola lira tsa Molimo le ho “ahlola lichaba.” Davida e ne e le moholo-holo oa Jesu e leng Mesia ’me Mesia o ne a tla busa a le leholimong e le “moprista ka ho sa feleng.” (Pes. 110:1-6) Jesu o ile a re boprofeta bo ho Pesaleme ea 110 bo ne bo bua ka eena ’me bo ne bo tla phethahala nakong e tlang.—Mat. 22:41-45.

Jehova o ile a re Davida a ngole ka lintho tse neng li etsahala mehleng ea hae le tse neng li tla etsahala nakong e tlang ha a se a tsositsoe ’me a khona ho mo rorisa ka ho sa feleng. Kahoo, Pesaleme ea 37:10, 11, 29 e bua ka lintho tse etsahetseng ha e ne e ngoloa le tse tla etsahala nakong e tlang. Litemana tseo li bua ka lintho tse ileng tsa etsahala mehleng ea Iseraele le tse tla etsahala nakong e tlang ha Molimo a phethahatsa litšepiso tsa hae.—Sheba serapa sa 8 sehloohong se reng “U Tla ba le ’Na Paradeiseng” se makasineng ena.

Pesaleme ea 61:8 le litemana tse ling tse tšoanang le eona li bontša hore Davida o ne a batla ho rorisa Jehova mehleng ea Iseraele ho fihlela a hlokahala. Hape li bontša seo Davida a tla se etsa nakong e tlang ha Jehova a mo tsosa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela