Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp23 no. 1 maq. 6-7
  • 1 | Thapelo—“Lahlelang Lintho Tsohle Tse le Tšoenyang ho Eena”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1 | Thapelo—“Lahlelang Lintho Tsohle Tse le Tšoenyang ho Eena”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2023
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Taba ee e Bolela’ng?
  • Ho Tseba Taba ee ho ka re Thusa Joang?
  • Lahlelang Matšoenyeho ’Ohle a Lōna ho Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Nka Sebetsana le ho Tšoenyeha Joang?
    Bacha Baa Botsa
  • Lahlela Matšoenyeho ’Ohle a Hao ho Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Bibele E Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2023
wp23 no. 1 maq. 6-7
Mocha ea tšoenyehileng o behile letsoho la hae sefubeng ha a ntse a rapela.

1 | Thapelo “Lahlelang Lintho Tsohle Tse le Tšoenyang ho Eena”

BIBELE E RE: “Lahlelang lintho tsohle tse le tšoenyang ho [Molimo] hobane oa le tsotella.”—1 PETROSE 5:7.

Taba ee e Bolela’ng?

Jehova Molimo o batla hore re mo bolelle lintho tsohle tse re tšoenyang. (Pesaleme ea 55:22) Jehova oa re tsotella ebile o utloisisa hantle kamoo re ikutloang kateng. Kahoo, re lokela ho mo rapela ho sa tsotellehe hore na ntho e re tšoenyang e kholo kapa e nyenyane hakae. Ho mo rapela ho bohlokoa hobane ho tla etsa hore re be le khotso.—Bafilipi 4:6, 7.

Ho Tseba Taba ee ho ka re Thusa Joang?

Ha re e-na le khatello ea maikutlo re ka ikutloa eka batho ba bang ha ba re tsotelle. Ha se kamehla batho ba bang ba ka utloisisang hore na re ikutloa joang. (Liproverbia 14:10) Empa Molimo eena oa utloisisa ebile o tla lula a re mamela ha re mo bolella hore na re ikutloa joang. Jehova oa re bona, o tseba bohloko boo re bo utloang le mathata a re hlahelang ’me o batla hore re mo bolelle lintho tsohle tse re tšoenyang.—2 Likronike 6:29, 30.

Ho rapela Jehova ho ka re kholisa le ho feta hore oa re tsotella. Re ka ikutloa joaloka mongoli e mong oa pesaleme ea ileng a re ha a rapela: “U bone mahlomola a ka. Oa tseba hore ke tšoenyehile haholo.” (Pesaleme ea 31:7) Ho tseba hore Jehova oa hlokomela hore na re tšoenngoa ke’ng ho ka re thusa hore re ’ne re mamelle mathata. Empa ha se eona feela ntho eo Jehova a e hlokomelang. O utloisisa tsela eo re ikutloang ka eona ho feta motho leha e le ofe ’me o re tšelisa le ho re khothatsa a sebelisa Bibele.

Bibele e Thusitse Julian

Kamoo ho Tšoenyeha ho Etsang Hore ke Ikutloe Kateng

Julian.

“Ke motho ea tšoenyehang ebile ke na le bothata ba ho nahana ka lintho tse etsang hore ke tšoenyehe haholo. Bothata bona bo itlhahela feela ke sa lebella. Ke tla be ke ntse ke ikutloa ke le hantle ebe hang feela ke utloa ke se ke tšoenyehile haholo ho se na letho le lebe le etsahetseng. Hangata ke tšoenyeha haholo ha ke le har’a batho ba bang. Ke tšoenyeha ka hore na ba nahana’ng ka ’na.

“Metsoalle ea ka e tsebang hore ke na le bothata bona ba ho tšoenyeha e leka ka hohle ho nthusa. Ke ’nete hore ka linako tse ling ba na le ho bua lintho tse sa nthuseng empa ke ananela hore ebe ba leka ho nthusa.

“Ka linako tse ling ke na le ho utloa ke thatafalloa ke ho rapela ka lebaka la bothata boo ke nang le bona ba ho tšoenyeha haholo. Ho ba thata hore ke laole kelello ea ka ha ke rapela Jehova. Ke nahana lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe hoo ke qetellang ke se ke ferekane. Ha ke sa khone ho laola maikutlo a ka le lintho tseo ke li nahanang, ho ba thata hore ke hlalosetse Jehova hore na ke ikutloa joang kapa hore na ke nahana’ng.”

Bibele e Nthusitse

“Ho ithuta Bibele ho nthusitse ho bona hore ha ho hlokahale ke rapele nako e telele e le hore Molimo a mamele lithapelo tsa ka. Ka linako tse ling ha ke sa khone ho hlalosetsa Jehova hore na ke ikutloa joang, ke re ha ke rapela: ‘Jehova ke kopa u nthuse.’ Kea tseba hore Jehova oa utloisisa hore na ke ikutloa joang ’me o mpha ntho eo ke e hlokang ka nako eo. Ke ’nete hore ho rapela ho ile ha nthusa empa ke ile ka boela ka batla thuso ea lingaka. Ho rapela le ho kopa thuso ea lingaka ho nthusitse haholo ’me hona joale ke ikutloa ke le betere. Le hoja ho le thata hore ke hlalosetse Jehova kamoo ke ikutloang kateng, ke ntse ke bua le eena hobane kea tseba hore oa nthata ebile o batla ho nthusa.”

Ntho e ka Thusang Bacha

Video ea “E-ba Motsoalle oa Jehova—Rapela ka Linako Tsohle.”

Kena websaeteng ea jw.org/st e le hore u ithute hore na ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore Jehova o utloa lithapelo tsa hao ebile oa li arabela.

Shebella video ea E-ba Motsoalle oa Jehova—Rapela ka Linako Tsohle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela