Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp23 no. 1 maq. 8-9
  • 2 | ‘Mangolo aa re Tšelisa’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 2 | ‘Mangolo aa re Tšelisa’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2023
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Taba ee e Bolela’ng?
  • Ho Tseba Taba ee ho ka re Thusa Joang?
  • Ke Hobane’ng ha Bacha ba E-na le Khatello ea Maikutlo? Ba ka Thusoa Ke’ng?
    Tsoha!—2017
  • Ho Hlōla Ntoa ea ho Tepella Maikutlong
    Tsoha!—1987
  • Thuso e Tsoang ho “Molimo oa Matšeliso”
    Tsoha!—2009
  • Maikutlo A Fosahetseng—A ka Hlōloa Joang?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2023
wp23 no. 1 maq. 8-9
Ntate ea holileng o nahana ka seo a se balileng Bibeleng.

2 | ‘Mangolo aa re Tšelisa’

BIBELE E RE: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa khale li ile tsa ngolloa ho re ruta e le hore re be le tšepo. Ha e le hantle, Mangolo ao aa re tšelisa ebile a re thusa hore re mamelle.”—BAROMA 15:4.

Taba ee e Bolela’ng?

Bibele e na le mantsoe a tšelisang a ka re thusang ha re nahana ka lintho tse re nyahamisang. Molaetsa oa Bibele o boetse o re fa tšepo ea hore haufinyane ha re sa tla hlola re utloa bohloko.

Ho Tseba Taba ee ho ka re Thusa Joang?

Kaofela ha rona re ka ’na ra ba le nako eo re ka ikutloang re sa thaba empa batho ba nang le khatello ea maikutlo ba qeta nako e ngata ba sa thaba. Bibele e ka re thusa joang?

  • Bibele e bua ka lintho tse ngata tse khothatsang tse ka etsang hore re se ke ra qeta nako e ngata re nahana ka lintho tse nyahamisang. (Bafilipi 4:8) E ka re thusa hore re nahane ka lintho tse tšelisang le tse ka re thusang hore re khobe matšoafo e le hore re khone ho laola maikutlo a rona.—Pesaleme ea 94:18, 19.

  • Bibele e ka re thusa hore re tlohele ho nahana hore ha re na thuso.—Luka 12:6, 7.

  • Litemana tse ngata tse ka Bibeleng lia re kholisa hore ha re bang le hore Molimo e leng ’Mopi oa rona o utloisisa hantle kamoo re ikutloang kateng.—Pesaleme ea 34:18; 1 Johanne 3:19, 20.

  • Bibele ea re tšepisa hore nakong e tlang Molimo o tla etsa hore re se ke ra hlola re hopola lintho tse bohloko tse re etsahaletseng. (Esaia 65:17; Tšenolo 21:4) Tšepiso ena e re thusa hore re mamelle ha re nahana ka lintho tse re tšoenyang.

Bibele e Thusitse Jessica

Kamoo Khatello ea Maikutlo e Etsang Hore ke Ikutloe Kateng

Jessica o khalehile a ntse a tšoere Bibele.

“Ha ke le lilemo li 25 ke ile ka ba le bothata ba ho tšoenyeha haholo eaba ha ke ea ngakeng, lingaka li mpolella hore ke na le khatello ea maikutlo. Ke ne ke lula ke nahana ka lintho tse bohloko tse ileng tsa nketsahalla nakong e fetileng. Lingaka li ile tsa nthusa ho utloisisa hore ke na le khatello ea maikutlo hobane ke ne ke lula ke nahana ka lintho tse fosahetseng ka lebaka la lintho tse bohloko tse nketsahaletseng bophelong. Ke ile ka fumana meriana e nthusang eaba kea e sebelisa hape ke ile ka bua le lingaka e le hore li nthuse ho tlohela ho nahana ka lintho tse etsang hore ke nyahame.”

Bibele e Nthusitse

“Ha khatello ea ka ea maikutlo e ne e e-ba matla, ke ne ke tšoha, ke tšoenyeha haholo ebile ke sa khone ho robala. Hangata bosiu ke ne ke nahana ka lintho tse fosahetseng ’me ke ne ke sa khone ho khaotsa ho nahana ka tsona. Pesaleme ea 94:19 e bontša hore Molimo oa re tšelisa le ho re thoba lipelo ha re tšoenyehile haholo. Kahoo, ke ne ke lula ke behile Bibele pel’a bethe ea ka le buka eo ke ngotseng mangolo a nkhothatsang ho eona. Ha ke sa khone ho robala, ke ne ke bala litemana tsa Bibele e le hore ke lumelle Lentsoe la Molimo hore le ntšelise.

Bibele e re khothaletsa hore re se ke ra nahana ka lintho tse sa lumellaneng le seo re se tsebang ka Molimo. Nakong e fetileng, ke ne ke kholisehile hore ha ke na thuso le hore ha ho na motho ea nthatang. Empa ke ile ka ithuta hore lintho tseo ke li nahanang ha li lumellane le seo Bibele e se buang hobane e bontša hore Molimo ke Ntate ea lerato, ea utloelang batho bohloko le ea tsotellang batho ka bomong. Butle-butle ke ile ka khona ho laola lintho tseo ke li nahanang. Ke ithutile ho italima ka tsela eo Molimo a ntalimang ka eona ’me ho etsa joalo ho nthusitse hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa.

“Ke lebeletse nako eo re ke keng ra hlola re hopola lintho tse bohloko tse re etsahaletseng le ho nahana ka lintho tse re nyahamisang. Kea tseba hore nakong e tlang ha ke sa tla hlola ke e-ba le khatello ea maikutlo. Taba ena e nthusa hore ke mamelle hona joale le hore ke be le tšepo ea hore ha ke sa tla hlola ke e-ba le khatello ea maikutlo.”

Haeba u Batla ho Fumana Lintlha Tse Ling:

Bala sehlooho se reng “Thuso e Tsoang ho ‘Molimo oa Matšeliso,’” makasineng ea Tsoha! ea July 2009 ho jw.org/st.

Bala buka ea Lipesaleme ho jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela