SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 8
“E-bang Bohlale ’Me le Falimehe”
“E-bang bohlale ’me le falimehe.”—1 PET. 5:8.
PINA EA 144 A re Luleng re E-na le Tšepo
SEO RE TL’O ITHUTA SONAa
1. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae eng mabapi le bofelo ba lefatše, hona o ile a ba fa temoso efe?
MATSATSI a seng makae pele Jesu a shoa, barutuoa ba hae ba bane ba ile ba mo botsa ba re: “Re tla bona ka’ng hore . . . lefatše lee lea fela?” (Mat. 24:3) E ka ’na eaba barutuoa bao ba ne ba ipotsa hore na Jerusalema le tempele ea eona li tla felisoa neng. Ha Jesu a ba araba ha aa ka a bua feela ka ho felisoa ha Jerusalema le tempele ea eona empa o ile a bua hape le ka bofelo ba lefatše. Ha Jesu a bua ka bofelo ba lefatše o ile a re: “Ha ho ea tsebang letsatsi leo kapa hora. Mangeloi a maholimong ha a le tsebe le Mora ha a le tsebe, ke Ntate feela ea le tsebang.” Ka mor’a moo, o ile a lemosa barutuoa ba hae hore ‘ba lule ba hlaphohetsoe’ ba be ‘ba falimehe.’—Mar. 13:32-37.
2. Ke hobane’ng ha ho ne ho le bohlokoa hore Bakreste ba mehleng ea pele ba lule ba falimehile?
2 Bakreste ba pele ba Bajuda ba ne ba lokela ho lula ba falimehile e le hore ba pholohe. Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore na ba shebe eng e le hore ba tle ba tsebe ha Jerusalema le tempele ea eona li le haufi le ho felisoa. O ile a re: “Ha le bona Jerusalema e pota-potiloe ke masole, le tsebe hore e haufi le ho timetsoa.” Hang ha ba bona lintho tseo li etsahala, ba ne ba lokela ho mamela temoso ea Jesu ’me “ba balehele lithabeng.” (Luka 21:20, 21) Batho ba ileng ba mamela temoso eo ba ile ba pholoha ha Baroma ba felisa Jerusalema.
3. Re tl’o ithuta eng sehloohong see?
3 Re phela nakong eo lefatše lena le khopo le leng haufi le ho felisoa. Kahoo, le rona re lokela ho ba bohlale ’me re falimehe. Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na re ka ba hlokolosi joang ha re bona lintho tse etsahalang lefatšeng. Re tla boela re bone hore na re ka itlhokomela joang le hore na re ka etsa’ng hore re sebelise nako e setseng hantle.
E-BA HLOKOLOSI HA U BONA LINTHO TSE ETSAHALANG LEFATŠENG
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella ho bona kamoo lintho tse etsahalang lefatšeng li phethahatsang boprofeta ba Bibele kateng?
4 Re na le mabaka a utloahalang a ho thahasella ho bona hore na lintho tse etsahalang lefatšeng li phethahatsa boprofeta ba Bibele joang. Ka mohlala, Jesu o ile a bua ka lintho tse tla etsahala tse tla re thusa ho bona ha lefatše lena la Satane le le haufi le ho timetsoa. (Mat. 24:3-14) Moapostola Petrose o ile a re khothaletsa hore re ele hloko kamoo boprofeta bo phethahalang kateng e le hore tumelo ea rona e ka lula e le matla. (2 Pet. 1:19-21) Lengolo la ho qetela la Bibele le qala ka mantsoe a reng: “Tsena ke lintho tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona. O ile a li bolelloa ke Molimo e le hore a bontše bahlanka ba Molimo lintho tse tla etsahala haufinyane.” (Tšen. 1:1) Kahoo, re thahasella ho bona lintho tse etsahalang lefatšeng le ho tseba hore na e ka ’na eaba li phethahatsa boprofeta ba Bibele joang. Hape re ka ’na ra batla ho bua le batho ba bang ka lintho tsena.
Re lokela ho etsa’ng ha re buisana ka boprofeta ba Bibele, hona re lokela ho qoba eng? (Sheba serapa sa 5)b
5. Re lokela ho qoba ho etsa’ng, hona re lokela ho etsa’ng? (Sheba litšoantšo.)
5 Leha ho le joalo, ha re buisana ka boprofeta ba Bibele ha rea lokela ho inahanela hore na ho tla etsahala’ng. Hobane’ng? Hobane ha re batle ho bua letho le ka etsang hore ho be le ho se utloane ka phuthehong. Ka mohlala, re ka ’na ra utloa baeta-pele ba lefatše ba bua kamoo ba ka rarollang bothata bo itseng kateng ’me ba etsa hore ho be le khotso le tšireletseho. Ho e-na le ho nahana hore seo ba se buang se phethahatsa boprofeta bo hlahang ho 1 Bathesalonika 5:3, re lokela ho tseba hore na lingoliloeng tsa morao-rao li re’ng ka taba eo. Haeba lintho tseo re li buang li thehiloe ka har’a lingoliloeng tsa rona, re tla etsa hore phutheho e momahane hape e ‘shebe lintho ka tsela e tšoanang.’—1 Bakor. 1:10; 4:6.
6. Re ithuta’ng ho 2 Petrose 3:11-13?
6 Bala 2 Petrose 3:11-13. Moapostola Petrose o re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba boprofeta ba Bibele. O re khothaletsa hore ‘re lule re hopola’ letsatsi la Jehova. Hobane’ng? Ha se hobane re batla ho tseba ‘letsatsi kapa hora’ eo Jehova a tla tlisa Armagedone ka eona empa lebaka ke hobane re batla ho sebelisa nako ea rona hantle hore re ‘halalele le ho sebeletsa Molimo ka botšepehi.’ (Mat. 24:36; Luka 12:40) Ka mantsoe a mang, re batla ho etsa lintho tse nepahetseng le ho etsa bonnete ba hore re etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe hobane re rata Jehova haholo. Re lokela ho itlhokomela e le hore re khone ho etsa joalo.
HO BOLELOA’NG HA HO THOE RE ITLHOKOMELE?
7. Re ka bontša joang hore rea itlhokomela? (Luka 21:34)
7 Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba se ke ba sheba feela lintho tse etsahalang lefatšeng empa le bona ba itlhokomele. Ntlha ena e hlakisitsoe hantle keletsong e hlahang ho Luka 21:34. (E bale.) Hlokomela hore Jesu o ile a re: “Le itlhokomele.” Motho ea itlhokomelang o hlokolosi ka lintho tse ka senyang setsoalle sa hae le Jehova ’me oa li qoba. Ha a etsa joalo, Molimo o tla lula a mo rata.—Liprov. 22:3; Juda 20, 21.
8. Ke keletso efe eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Bakreste?
8 Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore ba itlhokomele. Ka mohlala, o ile a re ho Bakreste ba Efese: “Le ichebe hore na le itšoere joang. Le se ke la itšoara joaloka batho ba se nang kelello empa le itšoare joaloka ba bohlale.” (Baef. 5:15, 16) Satane o lula a batla ho senya setsoalle sa rona le Jehova. Kahoo, Bibele e re eletsa hore ‘re utloisise hore na thato ea Jehova ke efe’ e le hore re khone ho itšireletsa khahlanong le Satane.—Baef. 5:17.
9. Re ka utloisisa thato ea Jehova joang?
9 Bibele ha e re bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka senyang setsoalle sa rona le Jehova. Hangata re lokela ho etsa liqeto ka lintho tseo ho sa buuoang ka tsona ka ho toba ka Bibeleng. E le hore re khone ho etsa liqeto tse bohlale, re lokela ho utloisisa “thato ea Jehova.” Re ka etsa joalo ka ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho nahanisisa ka lona kamehla. Ha re ntse re utloisisa thato ea Jehova haholoanyane re bile re leka ho “nahana joaloka Kreste,” ho tla ba bonolo hore re etse lintho ka bohlale le haeba ho se na molao o tobileng oa hore na re etse eng. (1 Bakor. 2:14-16) Ka linako tse ling ho bonolo ho bona hore na ke lintho life tseo re lokelang ho li qoba empa ka linako tse ling ho ka ba thata.
10. Re lokela ho qoba lintho life tse kotsi?
10 Tse ling tsa lintho tse kotsi tseo re lokelang ho li qoba li akarelletsa ho bapala ka maikutlo a motho oa bong bo fapaneng ka ho etsa lintho tse ka etsang hore a nahane hore rea mo rata, ho noa haholo, ho ja ho tlola, ho bua lintho tse utloisang batho ba bang bohloko, ho shebella lintho tse nang le ntoa, pornography le lintho tse ling tse kang tseo. (Pes. 101:3) Sera sa rona Diabolose se lula se batla menyetla ea ho senya setsoalle sa rona le Jehova. (1 Pet. 5:8) Haeba re se hlokolosi, Satane a ka re susumetsa hore re be le mekhoa e mebe e kang mohono, ho se tšepahale, meharo, lehloeo, boikakaso le bohale. (Bagal. 5:19-21) Qalong re ka ’na ra nahana hore lintho tsena ha li kotsi hakaalo. Empa haeba re sa potlakele ho tlohela mekhoa ena, e ka hola kapele joaloka lehola eaba e re bakela mathata.—Jak. 1:14, 15.
11. Ke kotsi efe e ’ngoe e poteletseng eo re lokelang ho e qoba, hona hobane’ng?
11 Kotsi e ’ngoe e poteletseng ke ho tloaelana le batho ba etsang lintho tse mpe. Nahana ka boemo bona. A re re u sebetsa le motho e mong eo e seng Paki ea Jehova. Ha u batle hore mosebetsi-’moho le uena a nke Lipaki Tsa Jehova hampe. Kahoo, u ba mosa ebile oa mo thusa. Mohlomong u bile u ja le eena ka linako tse ling ka nako ea khefu. Ho e-s’o ee kae, le qalella ho ja hammoho hangata. Ka linako tse ling a ka ’na a bua ka lintho tse tsoileng tseleng. Qalong u ka ’na oa se ke oa rata lintho tseo a li buang empa ha nako e ntse e e-ea u ka ’na oa utloa li se li se mpe hakaalo. Ka letsatsi le leng ka mor’a mosebetsi, o u kopa hore le e’o noa ’me oa lumela. Qetellong u iphumana u se u nahana joaloka eena. U qalella le ho etsa lintho joaloka eena. Le hoja re lokela ho ba mosa le ho hlompha batho bohle, re lokela ho hopola hore ho ka ba bonolo hore re iphumane re etsa lintho joaloka batho bao re qetang nako re e-na le bona. (1 Bakor. 15:33) Joalokaha Jesu a re khothalelitse, re tla be re itlhokomela haeba re qoba ho tloaelana le batho ba sa pheleng ka melao-motheo ea Jehova. (2 Bakor. 6:15) Re tla bona kotsi ebe rea e qoba.
SEBELISA NAKO EA HAO HANTLE
12. Barutuoa ba Jesu ba ne ba lokela ho etsa’ng ha ba ntse ba emetse bofelo?
12 Barutuoa ba Jesu ba ne ba lokela ho phathahana ha ba ntse ba emetse hore bofelo bo fihle. O ile a ba fa mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa. O ile a ba laela hore ba bolele litaba tse monate “Jerusalema, libakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e hole-hole ea lefatše.” (Lik. 1:6-8) Kannete oo e ne e le mosebetsi o mongata. Ba ne ba sebelisa nako ea bona hantle ha ba ne ba etsa sohle ho bolela litaba tse monate.
13. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa nako ea rona hantle? (Bakolose 4:5)
13 Bala Bakolose 4:5. E le hore re itlhokomele, re lokela ho nahana ka ho teba hore na re sebelisa nako ea rona joang. E mong le e mong oa rona a ka “hlaheloa ke lintho ka tšohanyetso.” (Moek. 9:11) Re ka shoa ka tšohanyetso.
Re ka sebelisa nako ea rona hantle joang? (Sheba serapa sa 14 le 15)
14, 15. Re ka sebelisa nako ea rona hantle joang? (Baheberu 6:11, 12) (Sheba setšoantšo.)
14 Re ka sebelisa nako ea rona hantle ka hore re etse thato ea Jehova le ho matlafatsa setsoalle sa rona le eena. (Joh. 14:21) Re lokela ho ‘ema re tiile, re sa sisinyehe. Re lule re phathahane ka mosebetsi oa Morena.’ (1 Bakor. 15:58) Ho sa tsotellehe hore na bofelo boa fihla kapa re khaoletsoa ke lefu, re tla be re tseba hore re entse sohle ho sebeletsa Jehova.—Mat. 24:13; Bar. 14:8.
15 Le mehleng ena Jesu o tataisa barutuoa ba hae ha ba bolela ka ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle. O phethahalitse tšepiso ea hae. Jesu o sebelisa mokhatlo ho re fa lintho tsohle tseo re li hlokang le ho re koetlisa e le hore re ka bolela litaba tse monate. (Mat. 28:18-20) Re tla be re etsa seo Jesu a lebeletseng hore re se etse haeba re ruta le ho bolella batho ka ’Muso oa Molimo, le ka ho lula re falimehile ha re ntse re emetse hore Jehova a tlise bofelo ba lefatše lena. Haeba re mamela keletso e hlahang ho Baheberu 6:11, 12, re tla lula re e-na le tšepo e matla “ho fihlela qetellong.”—E bale.
16. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?
16 Jehova o se a entse qeto ea hore na o tla felisa lefatše lena la Satane neng. Ha nako eo e fihla, Jehova o tla phethahatsa boprofeta bohle bo hlahang ka Lentsoeng la hae. Empa ka linako tse ling re ka bona eka bofelo ba lefatše lena bo lieha ho fihla. Leha ho le joalo, letsatsi la Jehova ‘le ke ke la siuoa ke nako.’ (Hab. 2:3) E se eka re ka ikemisetsa ho mamella le ho letela Jehova, Molimo oa rona ea pholosang.—Mik. 7:7.
PINA EA 139 Ipone U le Teng Lefatšeng le Lecha
a Sehloohong sena, re tl’o ithuta hore na re ka lula re le hlokolosi joang ha re bona lintho tse etsahalang lefatšeng. Re tla boela re ithute hore na re ka etsa’ng e le hore re itlhokomele le hore re sebelise nako ea rona hantle.
b LITŠOANTŠO: (Ka holimo) Banyalani ba shebeletse litaba. Ha ba le libokeng, ba bolella batho ba bang hore na ba nahana hore lintho tseo ba li boneng litabeng li bolela’ng. (Ka tlase) Banyalani ba shebeletse tlaleho ea Sehlopha se Busang e le hore ba tsebe hore na mokhatlo o hlalosa boprofeta ba Bibele joang morao tjena. Ba fa motho sengoliloeng se thehiloeng Bibeleng se tsoang ho mohlanka ea tšepahalang.