Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w24 June leq. 19
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho ba Jehova ba Rata Bolumeli ba ’Nete
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
  • “Ba Bonolo ba Tla Rua Lefatše”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • Mopesaleme o Bina Lithoriso Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • ‘Ha a Hōle le e Mong le e Mong oa Rōna’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
w24 June leq. 19

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha batho ba bang ba re mantsoe a hlahang ho Pesaleme ea 12:7 a bua ka “lipolelo tsa Jehova,” (temana ea 6) ha Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha eona e bontša hore ho buuoa ka batho “ba hlophehileng” (temana ea 5)?

Litaba tse hlahang khaolong ena lia bontša hore ho buuoa ka batho temaneng ena.

Pesaleme ea 12:​1-4 e re “batho ba tšepahalang ba felile.” Joale nahana ka Pesaleme ea 12:​5-7, e leng litemana tse hlahang potsong ena.

“Jehova o re, ‘Ka lebaka la hore ba hlophehileng baa hatelloa,

Ka lebaka la hore ba futsanehileng baa lla,

Ke tla etsa ho hong ho ba thusa.

Ke tla ba pholosa ho ba ba tšoarang hampe.’

Lipolelo tsa Jehova li hloekile.

Li tšoana le silevera e hloekisitsoeng seboping sa mollo, e hloekisitsoeng ka makhetlo a supileng.

Jehova, u tla ba lebela.

U tla sireletsa e mong le e mong oa bona molokong ona ka ho sa feleng.”

Temana ea bohlano e bontša hore Molimo o tla pholosa “ba hlophehileng.”

Temana ea botšelela e re “lipolelo tsa Jehova li hloekile, li tšoana le silevera e hloekisitsoeng.” Ana ke mantsoe ao Bakreste ba lumellanang le ’ona ka ho feletseng.—Pes. 18:30; 119:140.

Libibeleng tse ling, temana ea bosupa e re: “U tla li lebela.” Hape, kahobane temana e tlang pele ho eona e bua ka “lipolelo tsa Jehova,” batho ba bang ba ka nahana hore ha ho thoe “li” ho buuoa ka lipolelo tsa Molimo. Rea tseba hore Molimo o ile a sireletsa Bibele ho sa tsotellehe lintho tseo bahanyetsi ba ileng ba li etsa ho leka ho e thibela kapa ho e felisa.—Esa. 40:8; 1 Pet. 1:25.

Leha ho le joalo, se boletsoeng temaneng ea bohlano le sona ke ’nete. Jehova o ile a thusa “batho ba hlorisoang” le ba ‘hateletsoeng’ a ba a ba pholosa ’me o tla tsoela pele a etsa joalo.—Jobo 36:15; Pes. 6:4; 31:​1, 2; 54:7; 145:20.

Kahoo, litemana tse hlahang Pesalemeng ena lia bontša hore temana ea bosupa e bua ka batho.

Ho Pesaleme ea 12:​1, Davida o bua ka “batho ba tšepahalang” ba thetsitsoeng. Litemana tse latelang lia bontša hore Jehova o tla nka khato ka batho ba buang lintho tse mpe. Mopesaleme oa re tiisetsa hore re ka tšepa hore Molimo o tla nka khato molemong oa batho ba hae hobane lipolelo tsa hae li hloekile.

Temana ea bosupa e bontša hore Jehova o tla lebela le ho sireletsa “ba” hlophehileng ka lebaka la ba khopo.

Likopi tsa Mangolo a Seheberu tse tšeptjoang li sebelisitse lentsoe “bona” temaneng ena. Septuagint ea Segerike eona e sebelisa lentsoe “rona” habeli temaneng ea bosupa, e buang ka ba tšepahalang e leng ba hlophehileng le ba hateletsoeng. Qetellong temana ea bosupa e bontša hore “e mong le e mong” oa bana ba tšepahalang ba tla sireletsoa “molokong ona,” o khothaletsang hore ho etsoe lintho tse mpe. (Pes. 12:​7, 8) Phetolelong ea Searame ea Mangolo a Seheberu, mantsoe a qalang a temana ea bosupa a fetoletsoe ka tsela ena: “Uena Morena, u tla sireletsa ba lokileng, u tla ba lebela molokong ona o khopo ka ho sa feleng.” Temana ena e fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore Pesaleme ea 12:7 ha e bue ka lipolelo tsa Molimo.

Kahoo, temana ena e fa “batho ba tšepahalang” tšepo ea hore Molimo o tla nka khato.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela