Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w24 September leq. 32
  • Leka ho Fumana Lintho Tse Ncha ha u Ithuta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leka ho Fumana Lintho Tse Ncha ha u Ithuta
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Hlokomela Batho ba Hae
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Ho Ithuta Hoa Putsa
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Latela Mohlala oa Marena
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ho Fumana Thabo Lentsoeng la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
w24 September leq. 32

LINTHO TSE KA U THUSANG HA U ITHUTA

Leka ho Fumana Lintho Tse Ncha ha u Ithuta

Ha re ntse re itokisetsa ho ithuta, re ka ’na ra ipotsa, ‘Ke eng seo ke lebeletseng ho ithuta sona?’ Empa re lokela ho hopola hore le hoja ho e-na le lintho tseo re lebeletseng ho ithuta tsona, seo ha se bolele hore ha ho na lintho tse ncha tseo Jehova a batlang ho re ruta tsona. Ke eng e tla re thusa ho mamela seo Jehova a batlang hore re ithute sona?

Rapella bohlale. Kopa Jehova hore a u thuse ho utloisisa lintho tseo a batlang hore u ithute tsona hona joale. (Jak. 1:5) Ikemisetse ho ithuta lintho tse ncha.—Liprov. 3:​5, 6.

Lumella matla a lentsoe la Molimo hore a sebetse bophelong ba hao. “Lentsoe la Molimo lea phela.” (Baheb. 4:12) Ka hona, nako le nako ha re bala Bibele, re ka ithuta lintho tse itseng tse ncha le ho fumana lintlha tse fapaneng tse ka re thusang bophelong. Leha ho le joalo, seo se tla etsahala feela ha re lumella lentsoe la Molimo hore le re rute.

Ananela lintho tsohle tseo Jehova a li sebelisang ho re ruta. Lintho tseo a re fang tsona ho matlafatsa tumelo ea rona li tšoana le “mokete oa lijo tsa maemo.” (Esa. 25:6) U se ke oa qoba ho bala lihlooho tseo u nahanang hore u ke ke oa thabela ho ithuta tsona. Ha u etsa joalo u tla be u lumella Molimo hore a u thuse u be motho ea molemo ’me u tla thabela ho ithuta.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela