Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 March maq. 2-7
  • U se ke oa Lieha ho Kolobetsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ke oa Lieha ho Kolobetsoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BASAMARIA BA ILE BA KOLOBETSOA
  • SAULE OA TARSASE O ILE A KOLOBETSOA
  • KORNELIASE O ILE A KOLOBETSOA
  • BAKORINTHE BA ILE BA KOLOBETSOA
  • TUMELO EA HAO E KA SUTHISA LITHABA
  • Lula u Latela Jesu ka Mor’a Hore u Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Na u se u Loketse ho Inehela ho Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Na U se U Itokiselitse ho Kolobetsoa?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Molebeli oa Potoloho
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 March maq. 2-7

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 9

PINA EA 51 Re Sebeletsa Molimo

U se ke oa Lieha ho Kolobetsoa

“U sa emetseng? Ema, u kolobetsoe.”—LIK. 22:16.

NTLHA-KHOLO

Ithute kamoo mohlala oa Basamaria, Saule oa Tarsase, Korneliase le Bakorinthe o ka u thusang kateng hore u etse liphetoho tse hlokahalang e le hore u kolobetsoe.

1. Ke mabaka afe a bohlokoa a etsang hore u kolobetsoe?

NA U rata Jehova Molimo, ea u fileng mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo, ho akarelletsa le bophelo ka bobona? Na u batla ho bontša hore oa mo rata? Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho etsa joalo, ke ka hore u inehele ho eena u be u kolobetsoe. Lintho tsena tse peli ke tsona tse tla etsa hore u be karolo ea lelapa la Jehova. Ha u etsa joalo, Ntate le Motsoalle oa hao o tla u tataisa a be a u hlokomele hobane u ikarabella ho eena. (Pes. 73:24; Esa. 43:1, 2) Boinehelo le kolobetso li boetse li u fa monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.—1 Pet. 3:21.

2. Re tl’o ithuta eng sehloohong see?

2 Na ho na le ntho e u sitisang hore u kolobetsoe? Haeba ho joalo, ha u mong. Batho ba limilione bao e bileng Lipaki pele ho uena le bona ba ile ba tlameha ho etsa liphetoho boitšoarong le tseleng eo ba nahanang ka eona, e le hore ba tšoanelehe ho kolobetsoa. Hona joale ba sebeletsa Jehova ka cheseho ebile ba thabile. U ka ithuta’ng ho batho ba ileng ba kolobetsoa mehleng ea pele? A re bueng ka lintho tse neng li ka ba sitisa ho kolobetsoa le hore na re ka ithuta eng mohlaleng oa bona.

BASAMARIA BA ILE BA KOLOBETSOA

3. Basamaria ba ne ba lokela ho etsa’ng pele ba kolobetsoa?

3 Basamaria ba ne ba ikarabella sehlopheng sa bolumeli mehleng ea Jesu ’me ba bangata ba bona ba ne ba lula likarolong tse ka leboea ho Judea, metseng ea Shikeme le Samaria. Pele Basamaria bao ba kolobetsoa, ba ne ba lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo haholoanyane. Basamaria ba ne ba lumela hore ke libuka tse hlano feela tse qalang tsa Bibele tse bululetsoeng, e leng Genese ho ea ho Deuteronoma, mohlomong le buka ea Joshua. Leha ho le joalo, Basamaria ba ne ba lebelletse hore Mesia o tla tla, ho latela tšepiso ea Molimo e hlahang ho Deuteronoma 18:18, 19. (Joh. 4:25) E le hore ba kolobetsoe, ba ne ba lokela ho amohela hore Jesu ke Mesia ea tšepisitsoeng. “Basamaria ba bangata” ba ile ba etsa sona seo. (Joh. 4:39) E ka ’na eaba ba bang ba ile ba tlameha ho hlola lehloeo le neng le le teng pakeng tsa Basamaria le Bajuda.—Luka 9:52-54.

4. Ho ea ka Liketso 8:5, 6, 14, Basamaria ba bang ba ile ba etsa’ng ha Filipi a ba ruta?

4 Ke eng e thusitseng Basamaria hore ba kolobetsoe? Ha moevangeli Filipi a ba ruta “ka Kreste,” Basamaria ba bang ‘ba ile ba amohela lentsoe la Molimo.’ (Bala Liketso 8:5, 6, 14.) Le hoja Filipi e ne e le Mojuda, ba ile ba mo mamela. Mohlomong ba ne ba hopola litemana tse tsoang libukeng tse hlano tsa Bibele tse qalang, tse bontšang hore Molimo ha a leeme. (Deut. 10:17-19) Ba ne “ba mo mamela” ha a ruta ka Kreste, hape ba ne ba hlokomela hore Filipi o tšehelitsoe ke Molimo. O ne a boetse a etsa mehlolo e mengata, e neng e akarelletsa ho phekola batho ba kulang le ho leleka bademona.—Lik. 8:7.

5. U ka ithuta eng ho Basamaria?

5 Basamaria bao ba ka be ba ile ba lumella leeme kapa ho hloka tsebo ho ba sitisa ho etsa liphetoho. Empa ha baa ka ba lumella seo hore se etsahale. Basamaria ha baa ka ba lieha ho kolobetsoa ka mor’a hore ba kholisehe hore seo Filipi a ba rutileng sona ke ’nete. Ha Bibele e bua ka bona e re: “Ha Filipi a ba bolella litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo le ka Jesu Kreste, banna le basali ba lumela litaba tsa hae eaba baa kolobetsoa.” (Lik. 8:12) Na u kholisehile hore Lentsoe la Molimo ke ’nete le hore Lipaki Tsa Jehova li loanela ho se be leeme ebile li leka ho bontšana lerato la ’nete, e leng lona letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete? (Joh. 13:35) Joale etsa qeto ea hore u kolobetsoe ’me u kholisehe hore Jehova o tla u hlohonolofatsa.

6. U ka rua molemo joang mohlaleng oa Mor’abo rona Ruben?

6 Nahana ka Mor’abo rona Ruben ea lulang Jeremane, ea holetseng lelapeng la Lipaki. Ha a sa le mocha, o ne a belaella taba ea hore Jehova o teng. Ke eng e ileng ea mo thusa hore a khaotse ho belaela? O ile a etsa qeto ea hore a ithute haholoanyane ka taba ena kaha o ile a hlokomela hore o haelloa ke tsebo. O re: “Hangata ha ke etsa thuto ea botho, ke ne ke bala lihlooho tse buang ka ho iphetola ha lintho e le hore ke tlose lipelaelo tseo ke nang le tsona.” O ile a bala buka ea Is There a Creator Who Cares About You? Buka eo e ile ea matlafatsa tumelo ea Ruben ho Molimo haholo. O ile a ipolella a re: “Kannete Jehova o teng.” Ha Ruben a etetse ntlo-kholo, kananelo ea hae e ile ea eketseha ha a bona tsela e hlollang eo bahlanka ba Jehova ba momahaneng ka eona lefatšeng lohle. Ha Ruben a khutlela Jeremane, o ile a etsa qeto ea ho kolobetsoa ha a le lilemo li 17. Haeba u na le lipelaelo ka seo u ithutileng sona, etsa lipatlisiso lingoloeng tsa rona e le hore u hlole lipelaelo tseo. U ka hlola lipelaelo ka hore u be le tsebo e nepahetseng. (Baef. 4:13, 14) Ha u utloa litlaleho tse buang ka lerato le bonngoe bo teng har’a batho ba Jehova likarolong tse fapaneng tsa lefatše ebile u bona bopaki boo phuthehong ea heno, kananelo ea hao bakeng sa bahlanka ba Jehova ba lefatšeng lohle e tla eketseha.

SAULE OA TARSASE O ILE A KOLOBETSOA

7. Saule o ne a nahana’ng ha a hlorisa Bakreste?

7 A re bueng ka mohlala oa Saule oa Tarsase. O ne a tseba molao oa Bajuda hantle ebile o ne a tumme har’a Bajuda. (Bagal. 1:13, 14; Bafil. 3:5) Nakong eo Bajuda ba bangata ba neng ba nka Bakreste e le bakoenehi, Saule o ile a ba hlorisa ka sehloho. O ne a nahana hore o etsa thato ea Molimo. (Lik. 8:3; 9:1, 2; 26:9-11) E le hore Saule a amohele Jesu a be a kolobetsoe hore ebe Mokreste, o ile a tlameha ho ikemisetsa hore le eena a hlorisoe.

8. (a) Ke eng e thusitseng Saule hore a kolobetsoe? (b) Ho ea ka Liketso 22:12-16, Ananiase o ile a thusa Saule joang? (Sheba setšoantšo.)

8 Ke eng e thusitseng Saule hore a kolobetsoe? Saule o ile a foufatsoa ke khanya e hlahang leholimong ha Jesu a ntse a bua le eena. (Lik. 9:3-9) O ile a itima lijo ka matsatsi a mararo ’me e tlameha ebe ka nako eo o ile a thuisa ka se sa tsoa mo etsahalla. Kannete Saule o ile a kholiseha hore Jesu ke Mesia le hore balateli ba hae ke barapeli ba ’nete. E ka ’na eaba Saule o ile a ikutloa a le molato ka ho kenya letsoho polaong ea Setefane. (Lik. 22:20) Ka mor’a matsatsi a mararo, morutuoa ea bitsoang Ananiase o ile a atamela Saule ka mosa, a mo thusa hore a bone hape ’me a mo khothalletsa hore a kolobetsoe ntle ho tšenyo ea nako. (Bala Liketso 22:12-16.) Ka boikokobetso, Saule o ile a amohela thuso eo a neng a e fuoa eaba oa kolobetsoa.—Lik. 9:17, 18.

Saule o kena ka letamong e le hore a kolobetsoe. Batho ba ’maloa ba shebelletse ba thabile.

Na u tla amohela ha u khothalletsoa hore u kolobetsoe, joalokaha Saule a ile a etsa? (Sheba serapa sa 8)


9. Re ka ithuta lintho life ho Saule?

9 Ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ho Saule. O ne a ka ’na a lumella boikhohomoso kapa ho tšaba batho ho mo sitisa hore a kolobetsoe. Empa ha aa ka a etsa joalo. Ka boikokobetso, Saule o ile a fetola tsela eo a neng a phela ka eona ha a amohela ’nete eo a ithutileng eona ka Kreste. (Lik. 26:14, 19) Saule o ne a ikemiselitse ho ba Mokreste, le hoja a ne a tseba hore ho etsa joalo ho tla etsa hore a hlorisoe. (Lik. 9:15, 16; 20:22, 23) Le ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a tsoela pele a itšetlehile ka Jehova hore a mo thuse ho mamella liteko tse sa tšoaneng. (2 Bakor. 4:7-10) Ke ’nete hore ha u kolobetsoa ’me u ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova, u tla kopana le lintho tse tla leka tumelo ea hao, empa kholiseha hore u tla fumana thuso eo u e hlokang. U ka kholiseha hore Molimo le Kreste ba tla lula ba u tšehelitse.—Bafil. 4:13.

10. Mohlala oa Anna o ka u thusa joang?

10 Anna o holetse Europe Bochabela lelapeng la Makurdishe. Ka mor’a hore ’mè oa hae a kolobetsoe, Anna o ile a qala ho ithuta Bibele a le lilemo li robong ka tumello ea ntate oa hae. Leha ho le joalo, ho ithuta Bibele ho ile ha etsa hore Anna a hanyetsoe ke beng ka eena ba neng ba lula habo. Beng ka eena ba ne ba nka e le ntho e hlabisang lihlong ha motho a tlohela bolumeli ba baholo-holo ba hae. Ha Anna a le lilemo li 12, o ile a kopa ntate oa hae hore a mo lumelle hore a kolobetsoe. Ntate oa hae o ne a batla ho tseba hore na Anna o entse qeto eo ka boeena kapa ho na le motho ea mo qobelletseng. Anna o ile a re, “Ke rata Jehova.” Kahoo, ntate oa hae o ile a mo lumella hore a kolobetsoe. Ka mor’a moo, beng ka eena ba ile ba mo soma le ho mo tšoara hampe. E mong oa beng ka eena o ile a re, “Ho ka be ho le betere hoja ebe u ne u itšoere hampe ebile u tsuba, ho e-na le hore ebe u Paki ea Jehova.” Anna o ile a thusoa ke eng ho mamella? O re: “Jehova o nthusitse hore ke be matla, ’me ’mè oa ka le ntate oa ka ba ntšehelitse haholo.” Anna o boloka lethathamo la liketsahalo tse khethehileng, moo a ileng a bona letsoho la Jehova bophelong ba hae. Nako le nako o lula a sheba lethathamo leo, e le hore a se ke a lebala kamoo Jehova a mo thusitseng kateng. Haeba u tšaba ho hanyetsoa, hopola hore Jehova o tla u thusa le uena.—Baheb. 13:6.

KORNELIASE O ILE A KOLOBETSOA

11. Ke lintho life tse neng li ka etsa hore Korneliase a liehe ho kolobetsoa?

11 Bibele e boetse e bua ka mohlala oa Korneliase. O ne a laola masole a lekholo a lebotho la Roma. (Lik. 10:1) Ka lebaka leo, e ka ’na eaba o ne a tsebahala sechabeng a bile a tumme sesoleng. “O ne a phallela bafutsana.” (Lik. 10:2) Jehova o ile a romela moapostola Petrose hore a e’o mo bolella litaba tse monate. Na taba ea hore Korneliase o ne a tumme, e ile ea etsa hore a liehe ho kolobetsoa?

12. Ke eng e thusitseng Korneliase hore a kolobetsoe?

12 Ke eng e thusitseng Korneliase hore a kolobetsoe? Bibele e re eena le lelapa la hae ba ne ba hlompha Molimo. Korneliase o ne a lula a rapela Molimo ka matla. (Lik. 10:2) Ha Petrose a bolella Korneliase litaba tse monate, eena le lelapa la hae ba ile ba amohela Kreste ’me ba kolobetsoa ntle ho tšenyo ea nako. (Lik. 10:47, 48) E tlameha ebe Korneliase o ne a ikemiselitse ho etsa liphetoho life kapa life tse hlokahalang e le hore eena le ba lelapa la hae ba ka khona ho sebeletsa Jehova hammoho.—Josh. 24:15; Lik. 10:24, 33.

13. Ke lintho life tseo u ka ithutang tsona ho Korneliase?

13 Joaloka Saule, Korneliase a ka be a ile a lumella maemo a hae a ho tuma ho mo sitisa hore ebe Mokreste. Empa ha aa ka a etsa joalo. Na le uena ho na le liphetoho tse kholo tseo u lokelang ho li etsa e le hore u kolobetsoe? Haeba ho joalo, Jehova e tla ba Mothusi oa hao. O tla hlohonolofatsa boikemisetso ba hao ba ho mo sebeletsa u ipapisitse le melao-motheo ea Bibele.

14. Mohlala oa Mor’abo rona Tsuyoshi o ka u tsoela molemo joang?

14 Mor’abo rona Tsuyoshi ea lulang Japane, o ile a lokela ho etsa liphetoho mosebetsing oa hae e le hore a ka tšoaneleha hore a kolobetsoe. E ne e le motlatsi oa mosuoe-hlooho sekolong se neng se tumme haholo se bitsoang Ikenobo, se rutang batho ho hlophisa lipalesa. Mosuoe-hlooho o ne a hlophisa lipalesa tsa lepato le ho etsa meetlo ea Sebuddha e etsoang lepatong. Ha mosuoe-hlooho a ne a sa khone ho ea mafung, hangata Tsuyoshi e ne e le eena a eang bakeng sa hae. Leha ho le joalo, ha Tsuyoshi a ithuta ’nete ka lefu, mosebetsi ona o ile oa mo sitisa hore a kolobetsoe. O ile a etsa qeto ea hore a ke ke a hlola a kenella meetlong ea Sebuddha. (2 Bakor. 6:15, 16) Tsuyoshi o ile a bua le mosuoe-hlooho oa sekolo ka taba eo. Liphello e bile life? Tsuyoshi o ile a tsoela pele ho sebetsa moo empa a se a sa kenelle litabeng tsa meetlo. Ka mor’a hore a qete selemo a ithuta Bibele o ile a kolobetsoa.a Haeba u hloka ho etsa liphetoho mosebetsing e le hore u thabise Molimo, kholiseha hore o tla u tšehetsa uena le lelapa la hao ka lintho tseo le li hlokang.—Pes. 127:2; Mat. 6:33.

BAKORINTHE BA ILE BA KOLOBETSOA

15. Ke lintho life tse neng li ka sitisa Bakorinthe hore ba kolobetsoe?

15 Batho ba neng ba lula Korinthe ea boholo-holo ba ne ba tsebahala ka boitšoaro bo hlephileng le ho rata maruo. Batho ba bangata ba neng ba lula moo ba ne ba etsa lintho tseo Molimo a sa li rateng. Ho hlakile hore ho phela moo, e ne e tla ba teko ho batho ba amohelang litaba tse monate. Ho ntse ho le joalo, ha moapostola Pauluse a fihla motseng oo ’me a ba bolella litaba tse monate ka Kreste, “Bakorinthe ba bangata ba ileng ba utloa lentsoe le bona ba lumela ’me ba kolobetsoa.” (Lik. 18:7-11) Joale Morena Jesu Kreste a hlaha ho Pauluse ponong, a re: “Ke sa na le batho ba bangata bao e tla ba barutuoa motseng ona.” Kahoo, Pauluse o ile a nka selemo le halofo a ntse a ruta litaba tse monate moo.

16. Ke eng e thusitseng batho ba bang ba Korinthe hore ba hlole lintho tse neng li ba sitisa ho kolobetsoa? (2 Bakorinthe 10:4, 5)

16 Ke eng e thusitseng Bakorinthe hore ba kolobetsoe? (Bala 2 Bakorinthe 10:4, 5.) Lentsoe la Molimo le moea oa hae o halalelang o matla, o ile oa ba thusa hore ba etse liphetoho tse kholo bophelong ba bona. (Baheb. 4:12) Batho ba lulang Korinthe ba ileng ba amohela litaba tse monate ka Kreste, ba ile ba khona ho tlohella lintho tse mpe tse kang botahoa, bosholu le ho etsa thobalano le batho ba bong bo tšoanang.—1 Bakor. 6:9-11.b

17. U ka ithuta’ng ho Bakorinthe?

17 Hlokomela hore le hoja batho ba bang ba Korinthe ba ne ba e-na le litloaelo tse metseng ka metso tseo ba neng ba lokela ho li hlola, ha baa ka ba etsa qeto ea hore ho tla ba thata haholo hore ebe Bakreste. Ba sebelitse ka thata hore ba kene tseleng e patisaneng e isang bophelong bo sa feleng. (Mat. 7:13, 14) Na u thatafalloa ke ho hlola mokhoa kapa tloaelo e mpe e le hore u kolobetsoe? U se ke oa khathalloa ke pere. Kopa Jehova ka tieo hore a u fe moea oa hae o halalelang o tla u thusa hore u hlole takatso ea ho etsa ntho e mpe.

18. Mohlala oa Morali oa bo rona Monika o ka u tsoela molemo joang?

18 Morali oa bo rona Monika ea lulang naheng ea Georgia, o sebelitse ka thata ho tlohella ho bua lipuo tse litšila le boithabiso bo fosahetseng e le hore a tšoanelehe ho kolobetsoa. O re: “Ha ke sa le mocha, thapelo ke eona e neng e mpha matla. Jehova o ne a tseba hore ke batla ho etsa ntho e nepahetseng ’me o ne a lula a nthusa a bile a ntataisa.” Monika o ile a kolobetsoa a le lilemo li 16. Na ho na le lintho tse sa thabiseng Jehova tseo u lokelang ho li tlohela e le hore u mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang? Tsoela pele ho mo kopa hore a u fe matla a ho etsa liphetoho. Jehova ha a timane ka moea oa hae o halalelang.—Joh. 3:34.

TUMELO EA HAO E KA SUTHISA LITHABA

19. Ke eng e ka u thusang hore u hlole litšitiso tse tšoanang le lithaba? (Sheba setšoantšo.)

19 Kholiseha hore Jehova oa u rata ebile o batla hore u be karolo ea lelapa la hae. Taba ena ke ’nete ho sa tsotellehe hore na u tobane le mathata afe a u sitisang hore u kolobetsoe. Jesu o ile a re ho sehlopha sa barutuoa ba hae: “Haeba tumelo ea lona e lekana le peo ea mosetareta, le tla re ho thaba ena: ‘Tloha mona u ee mane,’ ebe ea tloha ’me ha ho letho leo le ke keng la khona ho le etsa.” (Mat. 17:20) Batho ba neng ba mametse Jesu ha a bua mantsoe ana, ba ne ba e-na le lilemo tse ’maloa e le barutuoa ba hae. Kahoo, e ne e le hona tumelo ea bona e ntseng e ba matla. Empa Jesu o ile a ba kholisa hore haeba ba matlafatsa tumelo ea bona ka ho lekaneng, Jehova o tla ba thusa hore ba hlole litšitiso tse tšoanang le lithaba. Le uena Jehova o tla u thusa!

Sehlopha sa bara le barali ba bo rona ba thabile kopanong ’me ba opela bahoeletsi ba qetang kolobetsoa matsoho.

Kholiseha hore Jehova oa u rata ebile o batla hore u be karolo ea lelapa la hae (Sheba serapa sa 19)c


20. Mehlala ea Bakreste ba mehleng ea pele le ea Bakreste ba mehleng ena eo ho builoeng ka eona sehloohong sena, e u matlafalitse joang?

20 Haeba u hlokomela hore ho na le lintho tse u sitisang hore u kolobetsoe, nka mehato ea hore u li tlose ntle ho tšenyo ea nako. Mehlala ea Bakreste ba mehleng ea pele le Bakreste ba mehleng ena, e ka u tšelisa eaba ea u fa matla. E se eka mohlala oa bona o ka u khothatsa oa ba oa u susumelletsa hore u inehele ho Jehova u be u kolobetsoe. Eo ke qeto e molemo ka ho fetisisa eo u ka e etsang.

U ITHUTILE ENG HO BAKRESTE BA LATELANG BA MEHLENG EA PELE TSELENG EO BA ILENG BA HLOLA LINTHO TSE NENG LI BA SITISA HORE BA KOLOBETSOE?

  • Basamaria

  • Saule oa Tarsase le Korneliase

  • Bakorinthe

PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa

a Pale ea bophelo ea Mor’abo rona Tsuyoshi Fujii e hlaha makasineng ea Tsoha! ea August 8, 2005, leq. 20-23.

b Sheba video e hlahang ho jw.org/st e nang le sehlooho se reng: ‘Hobane’ng u Lieha ho Kolobetsoa?’

c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Sehlopha sa bara le barali ba bo rona se amohela ka mofuthu batho ba qetang ho kolobetsoa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela