LIPOLELO TSE HLAHANG KA BIBELENG
Sebelisa “Mpho e Tsoang ho Molimo”
Kaofela ha rona re thabela ho khothatsana ha re e-na le bara le barali ba bo rona. Empa e le hore re khothatsane e le kannete, re lokela ho etsa ho fetang feela ho ba ’moho. Bibele e re bokhoni ba rona ba ho matlafatsana tumelo ke “mpho e tsoang ho Molimo.” (Bar. 1:11, 12) Re ka etsa’ng e le hore mpho ee e re tsoele molemo ka ho felletseng?
Khothatsa batho ba bang ka seo u se buang. Ka mohlala, ha re arabela libokeng, ha rea lokela ho bua ka rona haholo empa re bue ka Jehova, Lentsoe la hae le ka batho ba hae. Ha re bua le balumeli-’moho le rona, re ka khetha ho bua ka lintho tse hahang.
Khothatsa ba bang ka lintho tseo u li etsang. Ka mohlala, batho ba bang ba entse qeto ea ho tsoela pele ka tšebeletso ea nako e tletseng ho sa tsotellehe mathata ao ba nang le ’ona. Ba bang bona ba ba teng libokeng le hoja ba phathahane mosebetsing kapa ba e-na le bokuli bo sa foleng.
Na u khothatsa bara le barali ba bo rona ka lintho tseo u li buang le tseo u li etsang? Na le uena u itumella hore u khothatsoe ke bara le barali beno ka lipuo le liketso tsa bona?