Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Nicaragua
Naha ena e ntle-ntle e na le libōpeho tse sa tšoaneng le batho ba mefuta-futa. Leha ho le joalo, ho bohloko hore ebe Nicaragua e bile le likoluoa tsa tlhaho le tse bakiloeng ke batho. Empa, likoluoa ha lia thibela batho ba bangata ho amohela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Bona kamoo tlhohonolofatso ea Jehova e enneng e tlisitseng litholoana tse ngata tsa moea naheng ena ea tropike ea matša, linōka le lithaba.
Philippines
Ak’u nahane hore na ho bolela litaba tse molemo ho pholletsa le naha e nang le lihlekehleke tse fetang 7 000, tseo boholo ba tsona ho leng thata ho li finyella ka lebaka la likhoa le lithaba, ke phephetso e kaakang! Ho phaella moo, litsokotsane, meroallo, litšisinyeho tsa lefatše le ho foqoha ha seretse se chesang ke lintho tse tloaelehileng. Bala kamoo borapeli bo hloekileng bo ’nileng ba anafala le ho atleha Philippines ho sa tsotellehe litšitiso tse joalo.