Temana ea Selemo ea 2011
“Tšabela lebitsong la Jehova.”—SOFONIA. 3:12.
“Pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.” (Bar. 8:22) Mantsoe ana a bululetsoeng a ke ke a hanyetsoa. Batho ba limilione ba tšoeroe ka leeme, ba hateletsoe, baa kula, ba futsanehile, ba hlaheloa ke likoluoa tsa tlhaho, ba libakeng tse aparetsoeng ke lintoa le tlōlo ea molao. Le rōna ba sebeletsang Jehova, ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e re potang ka thōko. Ho phaella moo, feela joalokaha Jesu a boletse, batho baa re khesa, baa re hlorisa ebile ba re hloile.
Le hoja lefatše la Satane le re bakela mathata, ha rea nyahama. Ho e-na le hoo, re thabela ho tseba hore haufinyane Jehova o tla felisa mahlomola ’ohle lefatšeng. Re tšepile Molimo oa rōna. Ka sebele setšabelo sa rōna ke Jehova eo ho seng mohla a soetsang batho ba hae ba tšepahalang.