Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb15 leq. 170
  • Ke ne ke Batla ho Khaotsa ho Sebeletsa Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke ne ke Batla ho Khaotsa ho Sebeletsa Molimo
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepo Bakeng sa ba se Nang Bolulo le ba Futsanehileng
    Tsoha!—2015
  • Lebaka Leo Moruti a Ileng a Nyahlatsa Kereke
    Tsoha!—2015
  • Ke ile ka Tlohella Bolumeli
    Bibele e Fetola Batho
  • Jehova o Ntlhohonolofalitse Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
yb15 leq. 170
Setšoantšo se leqepheng la 171

DOMINICAN REPUBLIC

Ke ne ke Batla ho Khaotsa ho Sebeletsa Molimo

Martín Paredes

  • O HLAHILE KA 1976

  • O KOLOBELITSOE KA 1991

  • PALE EA BOPHELO BA HAE Martín o ne a ithutela boruti ha a qala ho utloa ’nete. O thusitse batho ba bangata hore e be barapeli ba ’nete.

Setšoantšo se leqepheng la 170

KE HŌLETSE lelapeng la Mak’hatholike a popota ’me ba batla hore ke be moruti. Kahoo ha ke le lilemo li 12, ka etsa lithuto tse tharo tse rutoang ke baruti ba bararo. Eaba ka 1990, ha ke le lilemo li 14, ke memeloa ho ea ho e ’ngoe ea liseminari tse khōlō ka ho fetisisa ka har’a naha.

Ke ile ka hatela pele ka potlako ’me ka bolelloa hore haeba ke ntse ke ikitlaetsa, ke tla ba mobishopo. Leha ho le joalo, ke ile ka nyahama. Ho e-na le ho ithuta Bibele, re ne re ithuta filosofi ea batho. Boitšoaro ba baruti le bona bo ne bo le bobe haholo. Nakong eo ba neng ba leka ho kopanela liphate le ’na, ke ile ka batla ho khaotsa ho sebeletsa Molimo.

Ka nako eo, banyalani ba baromuoa ba ile ba etela motšoari oa libuka tsa chelete seminaring ba mo fa buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Ke ile ka e alima eaba ke e bala kaofela. Ka re ka pelong, ‘Sena ke sona seo ke ntseng ke se batla.’ Ka tloha seminaring, ’me ka ithuta le Lipaki, eaba ke qala ho ea libokeng. Ke ile ka kolobetsoa ka mor’a likhoeli tse robeli, ka July 1991. Ka bula maliboho ’me hamorao ka nyala morali’abo rōna oa pula-maliboho oa kamehla ea bitsoang María. Re bile bo-pula-maliboho ba khethehileng ho tloha ka 2006. Ha kea ka ka khaotsa ho sebeletsa Molimo, empa hona joale ke rata ho thusa batho ba lapetseng ’nete hore ba mo sebeletse.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela