PALE EA BOPHELO
Bana ba Motho Bao e Neng e le Baitlami, e ba Lipaki
KA LE leng, ngoan’eso ea bitsoang Araceli o ile a nkharumela, a re: “Ak’u thōle. Ha ke batle ho utloa letho ka bolumeli boo ba hao. Kea bo nyonya. Ebile ua ntena!” Mantsoe ao a hae a ile a nkutloisa bohloko haholo. Hona joale ke lilemo li 91, ’me le hoja e le khale a a buile ke ntse ke a hopola ka ho hlaka. Empa feela joalokaha Moeklesia 7:8 e bolela, “qetello ea taba hamorao e molemo ho feta tšimoloho ea eona.”—Felisa.
Felisa: Ke hōletse lelapeng la maemo a tlaase, Spain. Re ne re le Mak’hatholike ’me re chesehela bolumeli. Ha e le hantle, beng ka ’na ba 13 e ne e le basebeletsi ba kereke. Motsoala oa ’Mè e ne e le moprista ebile e le tichere sekolong sa Mak’hatholike. O ile a hlokahala, ’me ka mor’a moo Mopapa John Paul II a mo halaletsa. Ntate o ne a sebetsa ka litšepe, ’Mè eena a sebetsa masimong. Lapeng re bana ba robeli ’me ke ’na letsibolo.
Ha ke le lilemo li 12, ho ile ha qhoma ntoa ea lehae Spain. Ha ntoa e lala, Ntate o ile a koalloa chankaneng kaha o ne a le mokheng oa bohanyetsi. Kahoo, ’Mè a sala a sokola ho re fepa. Eaba o isa banab’eso ba bararo, e leng Araceli, Lauri le Ramoni, ntlong ea baitlami e motseng oa Bilbao. Moo ba ne ba tla ba le lijo tse lekaneng.
Araceli: Ka nako eo ke ne ke le lilemo li 14, Lauri a le lilemo li 12, ’me Ramoni a le lilemo li 10. Re ne re hloloheloa hae haholo. Mosebetsi oa rōna e ne e le ho hloekisa. Ka mor’a lilemo tse peli re le moo, re ile ra isoa lehaeng le leholoanyane la baitlami le Zaragoza, moo ho neng ho hlokomeloa batho ba seng ba hōlile. Re ne re sebetsa ka thata re hloekisa kichine, e leng se neng se etsa hore re khathale.
Felisa: Ha banab’eso ba isoa lehaeng la baitlami le Zaragoza, ’Mè le Malome, eo e neng e le moprista ba ile ba etsa qeto ea hore le ’na ke ee teng. Ba ne ba batla ho nkarohanya le mohlankana e mong ea neng a nthata. Ke ile ka thaba ha ba re ke ee moo, kaha ke rata Molimo. Ke ne ke ea kerekeng letsatsi le leng le le leng, ke bile ke batla ho ba moromuoa oa Kereke e K’hatholike, joaloka motsoala oa ka ea ileng Afrika.
Ka ho le letšehali: Ntlo ea baitlami e Zaragoza, Spain; ka ho le letona: Phetolelo ea Bibele ea Nácar-Colunga
Empa ha ke le moo, ke ne ke sa khone ho etsa lintho tse ngata tseo ke neng ke batla ho li etsa. Ho fapana le seo ke neng ke se lebeletse, baitlami ba ne ba sa nkhothaletse ho ea ba moromuoa oa kereke naheng e ’ngoe. Ka mor’a selemo ke ile ka khutlela hae ho ea hlokomela Malome. Ke ne ke mo thusa ka mosebetsi oa ka tlung, re bile re rapela Rosari mantsiboea a mang le a mang. Ke ne ke boetse ke rata ho hlophisa lipalesa ka kerekeng le ho khabisa litšoantšo tsa Maria le tsa “bahalaleli.”
Araceli: Ha ke le Zaragoza, ke ile ka nka likano tsa pele tsa ho ba moitlami. Ka mor’a moo, baitlami ba ile ba etsa qeto ea ho re arola. Ba ile ba nkisa Madrid ’me Lauri eena ba mo isa Valencia. Ramoni o ile a sala Zaragoza. Ha ke le Madrid, ke ile ka boela ka nka likano tse ling tsa ho ba moitlami. Ho ne ho e-na le batho ba bangata ba lulang moo, ho akarelletsa liithuti le batho ba hōlileng. Kahoo, mosebetsi o ne o le mongata. Ke sebetsa sepetleleng sa kereke.
Ke ne ke labalabela ho ba moitlami. Ke nahana hore re tla qeta nako e ngata re bala Bibele re bile re bua ka eona. Empa ke ile ka soetseha. Ho ne ho se motho ea phetlang Bibele kapa hona ho bua ka Molimo le Jesu. Ke ne ke ithuta Selatine le tsela eo “bahalaleli” ba K’hatholike ba neng ba phela ka eona, ’me ke rapela Maria. Empa boholo ba nako re ne re sebetsa ka thata.
Ke ile ka qala ho nyahama. Ke ne ke se ke batla ho sebetsa e le hore ke thuse ba lelapa leso, ho e-na le ho sebeletsa ho ruisa batho ba bang. Kahoo, ke ile ka buisana le ’mè ea okametseng baitlami, ’me ka mo bolella hore ke batla ho tlohela. O ile a nkoalla ka kamoreng. O ne a nahana hore seo se tla etsa hore ke fetole maikutlo.
Baitlami ba ile ba mpulela, empa eitse ha ba hlokomela hore ke ntse ke batla ho tlohela boitlami, ba boela ba nkoalla. Ka mor’a ho nkoalla ka makhetlo a mararo, ba ile ba re nka tsamaea hafeela nka ngola mantsoe a reng: “Kea tsamaea hobane ke khetha ho sebeletsa Satane ho e-na le Molimo.” Taba eo e ile ea ’makatsa. Ke ne ke batla ho tsamaea, empa ke sa batle ho ngola mantsoe ao. Qetellong ke ile ka kōpa ho bua le moprista ’me ka mo bolella se etsahetseng. O ile a kōpa mobishopo hore a nkhutlisetse Zaragoza. Ka mor’a likhoeli tse seng kae ke le moo, ba ile ba ntokolla. Nakoana ka mor’a moo, Lauri le Ramoni le bona ba ile ba tlohela boitlami.
BUKA E ILENG EA RE AROHANYA
Felisa
Felisa: Ha nako e ntse e ea, ke ile ka nyaloa ’me ka lula profinseng ea Cantabria, Spain. Ke ne ke ntse ke khothalletse ho ea kerekeng. Ka Sontaha se seng, moruti o ile a re ka bohale, “Lea e bona buka ee!” O ne a tšoere buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Eaba o re, “Haeba ho na le motho ea u fileng eona, e tlise koano kapa u e lahle!”
Ke ne ke se na buka eo, empa ke e batla. Matsatsi a seng makae hamorao, ke ile ka eteloa ke bo-’mè ba babeli. E ne e le Lipaki Tsa Jehova ’me ba mpha buka eo. Ke ile ka e bala hona bosiung boo. Ha ba khutla ba ile ba mpotsa hore na nka thabela ho ithuta Bibele, kahoo ka lumela.
Buka ea ’Nete
Haesale ke batla ho etsa lintho tse khahlisang Molimo. Ha ke qala ho ithuta ’nete ka Jehova, ke ile ka mo rata ka ho tebileng. Ke ne ke batla ho bolella motho e mong le e mong ka eena. Ke ile ka kolobetsoa ka 1973. Neng le neng ha ho khoneha ke ne ke leka ho pakela ba lelapa leso. Empa ba ne ba re ke khelohile, haholo-holo Araceli.
Araceli: Ha ke ntse ke le moitlami ke ne ke tšoeroe ka thata, ’me seo sa etsa hore ke se thabele bolumeli ba ka. Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke ea kerekeng ka Lisontaha, ke bile ke rapela Rosari letsatsi le leng le le leng. Empa ke ne ke ntse ke batla ho utloisisa Bibele, ’me ke rapela Molimo hore a nthuse. Eaba Felisa o mpolella lintho tseo a ithutileng tsona. O ne a li chesehela hoo ke neng ke nka hore o se a hlanya. Ke ne ke sa lumellane le seo a se buang.
Araceli
Ha nako e ntse e ea, ke ile ka khutlela Madrid ka sebetsa teng ’me hamorao ka nyaloa. Ho theosa le lilemo, ke ile ka elelloa hore hangata batho ba kenang kereke ha ba phele tumellanong le lithuto tsa Jesu. Kahoo, ka khaotsa ho ea kerekeng. Ke ne ke se ke sa lumele hore ho na le “bahalaleli” kapa mollo oa lihele, ke bile ke sa lumele hore moruti a ka tšoarela batho libe. Ke ile ka ba ka lahla litšoantšo tsohle tsa kereke. Ke ne ke sa tsebe hantle hore na kea nepa kapa che. Ke ne ke nyahame, empa ka tsoela pele ho rapela Molimo, ka re: “Ke batla ho u tseba. Ke kōpa u nthuse!” Ke ile ka hopola hore ke ka makhetlo Lipaki Tsa Jehova li nketela, empa ho se mohla ke li amohelang. Ke ne ke se ke sa tšepe bolumeli leha e le bofe.
Lauri o ne a lula Fora, ’me Ramoni a le Spain. Ka bo-1980, ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ke ne ke lumela ka tieo hore le bona joaloka Felisa, ba ntse ba rutoa mashano. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka tloaelana moahelani oa ka e mong ea bitsoang Angelines. Le eena e ne e le Paki ea Jehova. Angelines le monna oa hae ba ne ba lula ba nkhothalletsa ho ithuta Bibele. Ba ne ba hlokomela hore le hoja ke re ha ke batle bolumeli, ke thahasella ho ithuta Bibele. Qetellong ke ile ka re ho bona: “Ho lokile, ke tla ithuta. Empa ke tla ithuta le lōna haeba feela le ntumella ho sebelisa Bibele ea ka!” Ke ne ke e-na le phetolelo ea Bibele ea Nácar-Colunga.
QETELLONG BIBELE EA RE KOPANYA
Felisa: Ka 1973 ha ke kolobetsoa, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 70 Santander, e leng motse-moholo oa Cantabria. Re ne re tlameha ho ea paka metseng e hōle profinseng eo. Kahoo, re ne re tsamaea ka libese empa morao tjena ho se ho sebelisoa likoloi.
Ho theosa le lilemo, ke ithutile Bibele le batho ba bangata, ’me ba 11 ho bona ba kolobelitsoe. Boholo ba bona e ne e le Mak’hatholike. Ke ne ke lokela ho ba le mamello ha ke ntse ke ithuta le bona. Ho tšoana le ’na, ba ne ba hloka nako e le hore ba lemohe hore seo ba se lumelang se fosahetse. Ke ne ke tseba hore ke Bibele feela le moea o halalelang oa Jehova o ka thusang motho hore a fetole tsela eo a nahanang ka eona e le hore a utloisise ’nete ea Bibele. (Baheberu 4:12) Monna oa ka, e leng Bienvenido, eo e neng e le lepolesa, o ile a kolobetsoa ka 1979, ’me ’Mè a qala ho ithuta nakoana pele a hlokahala.
Araceli: Ha ke qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ke ne ke sa li tšepe. Empa ha nako e ntse e ea, ke ile ka qala ho li tšepa. Lipaki li ruta batho Bibele ebile li latela seo e se rutang. Ke ile ka qala ho lumela ho Jehova le ho tšepa Bibele, ’me seo sa nthabisa haholo. Baahelani ba ka ba bang ba ile ba lemoha seo, ’me ba re ho ’na, “Araceli, tsoela pele ho etsa seo u se qalileng!”
Ke hopola ke rapela, ke re, “Kea leboha Jehova hore ebe ha ua ka ua ntahla le hore ebe u nthusitse ka litsela tse ngata hore ke fumane seo ke neng ke ntse ke se batla, e leng ho tseba ’nete ea Bibele.” Ke ile ka ba ka kōpa tšoarelo ho ausi oa ka, Felisa, ha ke mo buetse mantsoe a hlabang. Ka mor’a moo, re ne re se re sa ngangisane, ho e-na le hoo re thabela ho buisana ka Bibele. Ke kolobelitsoe ka 1989, ke le lilemo li 61.
Felisa: Hona joale ke lilemo li 91. Monna oa ka o hlokahetse, le ’na ha ke sa na matla a ho etsa lintho joaloka pele. Empa ke ntse ke bala Bibele letsatsi le leng le le leng, ’me ke ea libokeng le tšimong neng le neng ha ke khona.
Araceli: Ke thabela ho bua le baruti le baitlami bohle bao ke kopanang le bona ka Jehova, mohlomong kaha ke ne ke le moitlami. Ke ’nile ka buisana hamonate le ba bangata ba bona, ’me ba nka libuka le limakasine. Ke hopola puisano ea ka le moprista e mong ka ho khetheha. Ka mor’a hore ke buisane le eena ka makhetlo a seng makae, o ile a lumellana le seo ke se buang. Eaba o re ho ’na: “Empa ha ke se ke tsofetse tjee, ke sa tla ea hokae? Hona litho tsa kereke le beng ka ’na ba tla re’ng?” Ke ile ka re: “Empa Molimo eena o tla re’ng?” O ile a hlokomela hore seo ke se buang ke ’nete, ’me ka elelloa hore o saretsoe. Feela ho ile ha bonahala hore o tšaba ho nka khato.
Ke sa hopola mohla monna oa ka a neng a re o batla ho ea le ’na libokeng. O ne a se a fetile lilemo tse 80 ha a qala ho ea libokeng, ’me ha ho mohla a kileng a lofa seboka ka mor’a moo. O ile a ithuta Bibele ’me a qala ho bolela litaba tse molemo. Ho na le lintho tse ngata tseo re li thabetseng ha re ntse re sebetsa hammoho tšimong. O hlokahetse ho setse likhoeli tse peli a kolobetsoa.
Felisa: Ha ke qala ho sebeletsa Jehova, banab’eso ba ne ba nkhanyetsa. Empa ha nako e ntse e ea, le bona ba ile ba amohela ’nete. Sena se ile sa nthabisa haholo. Ha ba se ba amohetse ’nete, re ne re thabela ho qeta nako e ngata re buisana ka Jehova Molimo oa rōna ea lerato le ka Lentsoe la hae! Qetellong, re ne re momahane borapeling ba Jehova.a
a Araceli o lilemo li 87, Felisa o 91, ’me Ramoni eena o 83. Kaofela ha bona ba ntse ba sebeletsa Jehova ka botšepehi. Lauri o hlokahetse ka 1990, a ntse a tšepahala ho Jehova.