Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 55
  • Bibele e Re’ng ka Lefatše le Ntseng le Senyeha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng ka Lefatše le Ntseng le Senyeha?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho senyeha ha tikoloho ho ile ha boleloa esale pele
  • Lefatše la rona le tla sireletseha nakong e tlang
  • Na Lichaba li ka Ikopanya ho Hlola Koluoa ea ho Feto-fetoha ha Maemo a Leholimo?—Bibele e Re’ng?
    Lihlooho Tse Ling
  • Bibele e Re’ng ka Mocheso o Ntseng o Hloa Mekoalaba Lefatšeng Lohle?
    Lihlooho Tse Ling
  • Lefatše le Tšoeroe ke “Feberu”—Na ho na le Pheko?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na Batho ba Tla Senya Lefatše ka ho Feletseng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 55
Polanete ea lefatše ha u e shebile u le sepaka-pakeng. Halofo ea eona e shebahala hantle ha halofo e ’ngoe e shebahala e chele e bile e senyehile.

LULANG LE LEBETSE!

Bibele e Re’ng ka Lefatše le Ntseng le Senyeha?

“Batho ba etsa lintho tse ngata tseo haufinyane li tl’o baka mathata a ho fetoha ha boemo ba leholimo. Litoropo tse kholo li tla koaheloa ke metsi. Ho tla ba le mocheso o otlang pelo, lifefo tse tšosang le khaello ea metsi libakeng tse ngata. Mefuta ea liphoofolo le limela tse ka bang limilione li kotsing ea ho fela ka lebaka la liketso tsa batho. Litaba tsena ha se tšomo feela. Ke seo saense e reng se tla etsahala haeba mebuso e sa fetole tsela eo e sebelisang matla ao e a fumanang linthong tsa tlhaho ka eona.”​—Puo ka António Guterres e leng mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng mabapi le tlaleho ea Intergovernmental Panel on Climate Change ea April 4, 2022.

“Borasaense ba re haufinyane liphaka tse ka bang 423 tsa Amerika li tla senyeha ka lebaka la ho fetoha ha maemo a leholimo, haholo-holo hobane liphaka tsena li ka senyeha haholo ka lebaka la mocheso o phahameng. Lintho tse mpe tse ka ’nang tsa etsahala li tšoana le likoluoa tseo u ka balang ka tsona ka Bibeleng tse kang mollo le likhohola, ho qhibiliha ha leqhoa, ho phahama ha maqhubu a leoatle le mocheso o mongata.”​—“Flooding Chaos in Yellowstone, a Sign of Crises to Come,” The New York Times, June 15, 2022.

Na mathata a lefatše a tikoloho a ka rarolleha? Haeba ho joalo, a tla rarolloa ke mang? Hlokomela seo Bibele e se buang.

Ho senyeha ha tikoloho ho ile ha boleloa esale pele

Bibele e re Molimo o tla ‘felisa ba senyang lefatše.’ (Tšenolo 11:​18) Temana ena ea Bibele e re ruta lintho tse tharo:

  1. 1. Batho ba tla etsa lintho tse tla senya lefatše haholo.

  2. 2. Ho senyeha ha lefatše ho tla fela.

  3. 3. Molimo ke eena ea tla felisa mathata a tikoloho a lefatše eseng batho.

Lefatše la rona le tla sireletseha nakong e tlang

Bibele e re “lefatše le lula le le teng ho ea ho ile.” (Moeklesia 1:4) Lefatše le tla lula le e-na le batho.

  • “Lefatše e tla ba lefa la ba lokileng, ba tla phela ho lona ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ea 37:29.

Lefatše le tla khutlisetsoa boemong bo botle.

  • “Lefeella le sebaka se omeletseng li tla thaba le lehoatata le tla thaba ’me le thunye joaloka lipalesa tsa safrone.”​—Esaia 35:1.

Ho ithuta hore na ke hobane’ng ha re kholisehile hore Molimo o tla lokisa lefatše, bala sehlooho se reng “Who Will Save the Earth?” (“Ke Mang ea Tla Pholosa Lefatše?”)

Ho bona hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha ka bokamoso ba rona ho sa tsotellehe mathata a boemo ba leholimo bo feto-fetohang, bala sehlooho se reng “Climate Change and Our Future​—What the Bible Says.” (“Bibele e Reng ka ho Feto-fetoha ha Maemo a Leholimo le Bokamoso ba Rona?”)

Ho bona hore na Bibele e ka re thusa joang ho sebetsana le liphephetso tse bakoang ke maemo a tikoloho, bala sehlooho se reng “Extreme Weather​—Can the Bible Help You to Cope?” (“Na Bibele e ka U Thusa Hore U Sebetsane le Maemo a Leholimo a Mabe?”)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela