Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 86
  • Bibele e Re’ng ka Likhohola Tse Bakang Tšenyo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng ka Likhohola Tse Bakang Tšenyo?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Mehleng ea bofelo” ho tla etsahalang?
  • Bibele e fana ka tšepo
  • Bibele e Re’ng ka Mathata a Bileng Teng Selemong sa 2023?
    Lihlooho Tse Ling
  • Bibele e Re’ng ka Mocheso o sa Tloaelehang Lefatšeng Lehlabuleng la 2023?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ke Mang ea Tla Sireletsa Batho ba se Nang Molato Nakong ea Ntoa?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • U ka ba le Tšepo ka Selemo sa 2023—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 86
’Me le ngoana ba ka har’a metsi a mangata a phallang ka sekhahla.

Photo by Zhai Yujia/China News Service/VCG via Getty Images

LULANG LE FALIMEHILE!

Bibele e Re’ng ka Likhohola Tse Bakang Tšenyo?

Litlaleho tsa litaba tse latelang lia bontša hore lefatšeng lohle batho ba bangata ba hlaheloa ke likhohola tse bakang tšenyo:

  • Ka la 2 August 2023, AP News, e ile ea tlaleha ea re: “China ho bile le pula e ngata haholo lipakeng tsa Moqebelo le Laboraro, eo esale ba e qetela lilemong tse ka bang 140 tse fetileng.”

  • Ka la 3 August 2023, tlaleho ea litaba ea Jeremane, Deutsche Welle e ile ea re: “Labone e ne e le letsatsi la bobeli leholiotsoana le bitsoang Khanun le bakile lipula tse matla tse nang ka moea o mongata Japane e boroa ’me batho ba babeli ba hlokahetse. . . . Pula e nele haholo.”

  • Ka la 24 July 2023, BBC News e ile ea tlaleha ea re: “Likhohola tse ileng tsa e-ba Nova Scotia mafelo-beke, li bakiloe ke lipula tse matla tse ileng tsa na lebopong la leoatle la Atlantic Canada. Pula e joalo e qetetsoe lilemong tse ka bang tse 50 tse fetileng.”

Bibele e re’ng ka liketsahalo tse tšoanang le tsee?

“Mehleng ea bofelo” ho tla etsahalang?

Bibele e bontša hore re phela “mehleng ea bofelo.” (2 Timothea 3:1) Jesu o ile a profeta hore mehleng ena re tla bona “lintho tse tšosang.” (Luka 21:11) Maemo a feto-fetohang a leholimo ke ona a ka sehloohong a bakang liketsahalo tsena tse tšosang le tse sa lebelloang ka sekhahla.

Bibele e fana ka tšepo

Bibele e re bontša hore lintho tse ngata tse tšosang tse etsahalang lefatšeng kajeno ha e le hantle li re fa tšepo. Hobane’ng? Jesu o ile a re: “Ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’Muso oa Molimo o haufi.”—Luka 21:31; Matheu 24:3.

Liketsahalo tsena li bontša hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla lokisa lefatše le be maemong a bolokehileng le a laolehileng.—Jobo 36:27, 28; Pesaleme ea 107:29.

Ho ithuta ho eketsehileng ka hore na ’Muso oa Molimo o tla lokisa lefatše joang, bala sehlooho se re’ng: “Who Will Save the Earth?”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela