Thomas Jackson/Stone via Getty Images
LULANG LE FALIMEHILE!
Na u ka Fumana Tšepo Selemong sa 2024?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
Batho ba bangata ha ba na tšepo ea hore mathata ao lefatše le tla tobana le ’ona a tla ba le tharollo ka 2024. Leha ho le joalo, re ntse re ka tšepa hore ho tla loka. Ebe re ka thusoa ke’ng?
Bibele e re fa tšepo
Bibele e re tšepisa hore Molimo o tla rarolla mathata a etsang hore re felloe ke tšepo. Haufinyane Molimo “o tla hlakola meokho eohle ea bona. Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:4.
Hore u fumane na Bibele e tšepisa eng ka bokamoso, bala sehlooho se reng: “A Real Hope for a Better Tomorrow.”
Bibele e ka u thusa joang hona joale?
E re fa tšepo ka bokamoso, tšepo eo e ka re thusa hore re se ke ra nyahama. (Baroma 15:13) Kaha keletso ea Bibele e molemo, e ka re thusa ho mamella mathata ao re nang le ’ona hona joale a kang tlala, ho hloka toka le ho kula.
Bona kamoo Bibele e thusitseng motho e mong ho thaba le ho ba le khotso le hoja a hotse a sokola. Shebella video e nang le sehlooho se reng: “Juan Pablo Zermeño: Jehova o Mpontshitse Morero wa Bophelo.”
Ho fumana kamoo Bibele e ka u thusang ka teng ha u ikutloa u le molato, u hloname, u tšoenyehile kapa u hlokahalletsoe, bala sehlooho se reng: “Can I Find Words of Comfort in the Bible?”
’Mè ea neng a sebetsa sesoleng ebile a re e ne e le motho ea khopo le ea sa tsotelleng, o re Bibele e ile ea mo thusa joang? Shebella video ea I Put Down My Rifle.
Etsa hore 2024 e be selemo se monate ho uena le ba lelapa la hao. Ithute ka ho eketsehileng hore na Bibele e ka u thusa joang. Re kopa hore u ithute Bibele le rona mahala. Ithute hore na Molimo a ka u “tlisetsa khotso, . . . tšepo le bokamoso” joang hona joale.—Jeremia 29:11.