AspctStyle/stock.adobe.com
Jesu o Tl’o Felisa Lintoa Lefatšeng
Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bontša hore o rata batho hoo a ileng a ba a tela bophelo ba hae bakeng sa bona. (Matheu 20:28; Johanne 15:13) Haufinyane o tla boela a bontša hore o rata batho ka hore a sebelise matla a hae joaloka Morena oa ’Muso oa Molimo ho “felisa lintoa lefatšeng lohle.”—Pesaleme ea 46:9.
Utloa seo Bibele e reng Jesu o tla se etsa:
“O tla pholosa ea futsanehileng ea llang ho kopa thuso le ea maemong a tlase le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla qenehela ba maemong a tlase le ba futsanehileng ebile o tla pholosa bafutsana. O tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba loantšang.”—Pesaleme ea 72:12-14.
Re ka bontša joang hore re ananela lintho tseo Jesu a re etselitseng tsona le tseo a tla re etsetsa tsona haufinyane? Tsela e ’ngoe ke ka ho ithuta haholoanyane ka “molaetsa o monate oa ’Muso oa Molimo” e leng molaetsa oo a neng a o bolela. (Luka 4:43) Bala sehlooho se reng “’Muso oa Molimo ke Eng?”