Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 121
  • Ke Mang eo u ka mo Tšepang?—Bibele e Re’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang eo u ka mo Tšepang?—Bibele e Re’ng?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motho eo u ka mo tšepang
  • Ho Tšepa ba Bang ke Habohlokoa Hore Motho a Thabele Bophelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Batho ha ba sa Tšepa Bo-ralipolotiki—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Jesu o Tla Felisa Bofutsana
    Lihlooho Tse Ling
  • U ka Tšepa Bara le Barali Babo Rona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 121
Litšoantšo: Batho bao hangata ba nkoang ba tšepahala: 1. Ralipolotiki o eme ka pel’a microphone. 2. Moprista o phuthile matsoho. 3. Rasaense o tšoere ntho eo a ngollang ho eona.

Ka ho le letšehali: Olena Yefremkina/stock.adobe.com; bohareng: lunamarina/stock.adobe.com; ka ho le letona: Rido/stock.adobe.com

LULANG LE FALIMEHILE!

Ke Mang eo u ka mo Tšepang?—Bibele e Re’ng?

Batho baa soetseha ha batho bao ba neng ba ba tšepile ba ba phoqa. Ka lebaka la seo, batho ha ba sa tšepa . . .

  • bo-ralipolotiki ba behang lintho tseo ba li batlang ka pele ho litlhoko tsa batho.

  • mecha ea litaba e sa bueng lintho tseo e leng ’nete.

  • bo-rasaense ba sa nahaneleng sechaba.

  • baeta-pele ba bolumeli ba tšehetsang lipolotiki ka botlalo ho e-na le ho emela Molimo.

Ke hantle hore batho ba be hlokolosi ka hore na ke mang eo ba ka mo tšepang, hobane Bibele e lemosa ka ho re:

  • “Le se ke la tšepa likhosana kapa motho hobane a ke ke a le pholosa.”—Pesaleme ea 146:3. nal, Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

Motho eo u ka mo tšepang

 Bibele e bua ka motho eo u ka mo tšepang, e leng Jesu Kreste. E ne e se monna feela ea lokileng ea phetseng lilemong tse ngata tse fetileng. Molimo o khethile Jesu hore e be Morena ’me “puso ea hae e ke ke ea fela.” (Luka 1:32, 33) Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo, o busang o le leholimong.—Matheu 6:10.

  • Ho ithuta haholoanyane ka hore na ke hobane’ng ha u ka tšepa Jesu, bala lihlooho tsena: “Morena oa ’Muso oa Molimo ke Mang?” le “’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng?”

Buka eo u ka e tšepang

Bibele e bua ka litaba tsa bophelo ba Jesu le lintho tse ling tsa bohlokoa. Buka ena e ikhethang e na le molaetsa oa bohlokoa oo u ka o tšepang. Ho iphumanela oona, u ka tlatsa kopo ea ho ithuta Bibele mahala. Lenaneong lena la ho ithuta Bibele u tla fuoa libuka tseo u tla li hloka bakeng sa ho ithuta Bibele le motho ea tla u thusa. Tse ling tsa lintho tseo u tla ithuta tsona ke hore na Jesu ke motho ea joang, o ile a etsa’ng, o etsa’ng hona joale le hore na o tla etsa’ng nakong e tlang.

Kopa Thuto ea Bibele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela