Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 125
  • Meferefere ea Lipolotiki e Phethahatsa Boprofeta ba Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Meferefere ea Lipolotiki e Phethahatsa Boprofeta ba Bibele
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Meferefere ea lipolotiki “matsatsing a bofelo”
  • Boprofeta ba Daniele bo phethahala joang kajeno?
  • Kamoo boprofeta ba Daniele bo tlang ho phethahala ka teng
  • Rua molemo boprofeteng ba Daniele bo buang ka meferefere ea lipolotiki
  • Senatla sa Boprofeta—Ho oa ha Sona ho Tla Bolela Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ho Ema le ho oa ha Setšoantšo se Seholohali
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Ithute Boprofeta ba Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • ’Muso oa Molimo oa Busa!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 125
Lifolakha tsa naha ea Amerika le Brithani li foka ka mor’a mehaho ea ’muso. Batho ba bangata ba ipelaetsang ba eme ka pel’a mehaho eo ’me lefatše lea petsoha tlas’a bona.

Meferefere ea Lipolotiki e Phethahatsa Boprofeta ba Bibele

Kajeno batho ba na le maikutlo a fapaneng ka lipolotiki. Ha ba lumellane ka melao e amang lintho tseo ba li etsang letsatsi le letsatsi ’me ka bohale ba hlalosa maikutlo a bona a fapaneng ka lipolotiki. Batho ba etsang melao le ba boholong pusong hangata ba na le maikutlo a fapaneng ’me ha ba ikemisetsa ho mamela ba bang. Ho se utloisisane hoo ho ka baka meferefere ea lipolotiki ’me ha sitisa ’muso ho etsa mosebetsi.

Meferefere e etsahalang Amerika le Brithani e tsebahalang ka United Kingdom e ea ikhetha. Hobane’ng? Hobane Bibele e ile ea bolela esale pele hore ho tla ba le meferefere linaheng tsena tse peli. Nakong eo ea meferefere, ’Muso oa Molimo o leholimong o ne o tla nka khato ho lokisa maemo a teng lefatšeng.

Meferefere ea lipolotiki “matsatsing a bofelo”

Bibele e-na le boprofeta bo hlollang bo tlalehiloeng bukeng ea Daniele. Boprofeteng boo, Molimo o ile a bontša se neng “se tl’o etsahala matsatsing a bofelo,” e leng nako e neng e tla tlisa liphetoho tse kholo molokong oa batho.—Daniele 2:28.

Boprofeta bona ba Bibele bo ile ba hlaha torong eo Molimo a ileng a etsa hore morena oa Babilona a be le eona. Torong eo, morena o ile a bona setšoantšo se seholohali se entsoeng ka lirafshoa tse fapaneng. Hamorao moprofeta Daniele o ile a hlalosa hore likarolo tsa setšoantšo sena ho tloha hloohong ho ea maotong, li ne li emela mebuso ea lefatše e neng e tla ema e be e oe ho theosa le histori.a Qetellong, setšoantšo seo se ne se tla felisoa ka ho felletseng ka mor’a ho otloa ke lejoe le emelang ’Muso oa Molimo.—Daniele 2:36-45.

Boprofeta bona bo ne bo bontša hore ’Muso oa Molimo o ne o tla nkela mebuso eohle ea batho sebaka. ’Muso ona oa Molimo ke ’muso oo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae hore ba o rapelle ha a ne a re: “’Muso oa hao o tle.”—Matheu 6:10.

Empa ke boprofeta bofe ba Bibele bo buang ka meferefere ea lipolotiki? Hlokomela hore maoto a setšoantšo a ne a entsoe ka “tšepe e kopaneng le letsopa.” (Daniele 2:33) Karolo ena ea setšoantšo e ne e fapane le likarolo tse ling tsa sona, kaha e ne e entsoe ka motsoako oa tšepe le letsopa e leng se neng se bolela hore ho ne ho tla ba le ’muso o le mong o matla o fapaneng le o tlileng pele ho oona. Boprofeta ba Daniele boa hlalosa hore sena se ne se tla etsahala joang.

“Joalokaha u bone karolo e ’ngoe ea maoto le menoana e le letsopa la sebopi le kopaneng le tšepe, ’muso oo o tla arohana. Karolo e ’ngoe e tla ba thata joaloka tšepe joalokaha u bone tšepe e kopane le letsopa le bonolo. Joalokaha menoana ea maoto e le ea tšepe e kopaneng le letsopa, ’muso oo o tla ba le likarolo tse matla le tse fokolang. Joalokaha u bone tšepe e kopane le letsopa le bonolo, li tla tsoakana le batho empa li ke ke tsa khomarelana hore e be ntho e le ’ngoe feela joalokaha tšepe e sa kopane le letsopa.”—Daniele 2:41-43.

Ho latela boprofeta bona, ho ne ho tla ba le meferefere ea lipolotiki ’musong o neng o emeloa ke maoto a setšoantšo sena. ’Muso ona o ne o tla felloa ke matla ka lebaka la lintho tseo batho ba tlas’a oona ba neng ba tla li etsa.

Boprofeta ba Daniele bo phethahala joang kajeno?

Maoto a setšoantšo sena a emela ’muso o matla oa kajeno, o bileng teng ka lebaka la selekane se pakeng tsa Amerika le Brithani. Liketsahalo tsa morao-rao li tiisa seo joang?

Maoto a setšoantšo a entsoe ka “tšepe e kopaneng le letsopa,” e leng se bontšang hore ’muso ona o tla ba le likarolo tse matla le tse fokolang. (Daniele 2:42) Kajeno mebuso ea Amerika le Brithani e ntse e felloa ke matla ka lebaka la likarohano tse tlisoang ke batho ba mebuso ena. Batho ba lulang linaheng tsena ba loantšana ka bobona. Ka mohlala, ka mabifi batho ba loanela litokelo tsa bona. Batho bao ba ba khethileng ba hloleha ho phethahatsa litakatso tsa bona. Ka lebaka la likarohano tse bang teng sechabeng, mebuso ena ka bobeli ka linako tse ling e hloleha ho phethahatsa lintho tseo e neng e rerile ho li etsa.

Selekane se matla pakeng tsa Amerika le Brithani

Amerika le Brithani li na le selekane se matla hobane ha esale li tšehetsana ho tloha ka ntoa ea pele ea lefatše. Li matlafatsa selekane sa tsona ka hore li sebelisane hammoho litabeng tsa lipolotiki, tšireletso le tsa moruo.

  • U.S. Department of State e re: “Ha hona naha e ’ngoe e tšehetsang Amerika ho feta kamoo Brithani e e tšehetsang ka teng.”

  • U.K. Tona-kholo Keir Starmer o re: “Setsoalle sena se khethehileng ke sa bohlokoa haholo. Se . . . matla ho feta leha e le neng pele.”

  • U.S. Mongoli oa ’Muso Antony J. Blinken o re: “Brithani le Amerika li lumellana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlokoa e etsahalang mehleng ena.”

Batho ba ipelaetsang ba pota-potile maoto a setšoantšo se seholo se hlahang boprofeteng ba Daniele. Lefatše lea petsoha tlas’a bona.

Likarolo tsa ’muso tseo ho builoeng ka tsona khaolong ea bobeli ea Daniele

Bona kamoo karolo e ’ngoe ea boprofeta ba Daniele e se bolelang le hore na e phethahala joang kajeno:

Boprofeta: “’Muso oo o tla arohana. Karolo e ’ngoe e tla ba thata joaloka tšepe.”—Daniele 2:41.

Tlhaloso: Le hoja ho e-na le likarohano ka hare ho lipolotiki tsa Amerika le Brithani, linaha tsena ka bobeli li na le sesole se matla. Ka lebaka la sena liqeto tsa bolaoli tseo linaha tsena ka bobeli li li nkang li ama lefatše kaofela ’me linaha tsena li matla joaloka tšepe.

Phethahatso

Ka 2023, Amerika le Brithani li ile tsa sebelisa chelete e ngata haholo sesoleng ho feta e sebelisitsoeng ke linaha tse 12 li kopane. Linaha tseo tse 12 ke linaha tse sebelisang chelete e ngata haholo sesoleng.—Stockholm International Peace Research Institute.

Strategic Command, U.K. Ministry of Defence ea April 2024 e re: “Ha hona linaha tse peli tse kileng tsa etsa selekane se matla joaloka sa Amerika le Brithani. . . re entse selekane sena e le hore re khone ho itšireletsa. Re sebelisa theknoloji ea morao-rao . . . Re sebetsa hammoho, rea tšehetsana ebile re loana hammoho.”

Boprofeta: “Joalokaha menoana ea maoto e le ea tšepe e kopaneng le letsopa, ’muso oo o tla ba le likarolo tse matla le tse fokolang.”—Daniele 2:42.

Tlhaloso: Le hoja Amerika le Brithani li e-na le sesole se matla, ha li khone ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo li e batlang ka lebaka la tsela eo ’muso oa tsona o sebetsang ka teng. Haeba boholo ba batho bo voutela taba e itseng ba sa lumellane le ’muso, morero o joalo o ke ke oa tsoela pele.

Phethahatso

Litsebi tse ling tsa lipolotiki li re: “Liqabang tse teng ka hare ho ’muso oa Amerika li etsa hore ho be thata hore Amerika e etse lintho tseo e bolellang lefatše hore e ka khona ho li etsa. Lintho tseo li amana le tšireletso le khoebo.”

Institute for Government e re: “Ho bile le mathata a mangata a lipolotiki ho feta leha e le neng pele Brithani ’me sena se entse hore bo-ralipolotiki ba ferekane. Ka lebaka leo basebetsi ba ’muso ha baa khona ho etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore ba thuse sechaba.”

Boprofeta: ‘[’Muso] o tla tsoakana le batho empa o ke ke tsa khomarelana.’—Daniele 2:43.

Tlhaloso: Sechaba se lumelloa ho ntša maikutlo a sona litabeng tse ling tsa ’muso ’me sena ha se thabise baeta-pele ba sona.

Phethahatso

Pew Research Center e re: “Kajeno Maamerika a mangata a lahlehetsoe ke tšepo lipolotiking le ho bo-ralipolotiki.”

National Centre for Social Research e re: “Ho tloha lilemong tse 50 tse fetileng ho fihlela kajeno, batho ba Brithani ba lahlehetsoe ke tšepo ’musong le ho bo-ralipolotiki ho feta leha e le neng pele.”

Kamoo boprofeta ba Daniele bo tlang ho phethahala ka teng

Ho ea ka boprofeta ba Daniele, ha ’Muso oa Molimo o tla ho tla felisa mebuso eohle ea batho, ’muso o tla be o le matla e tla be e le ’muso oa Amerika le Brithani.—Daniele 2:44.

Bukeng ea Tšenolo, Bibele e bua ka boprofeta ba nako e tšoanang ha e re “marena a lefatše lohle” a tla ikopanya ho loantša Jehovab Molimo ntoeng ea Armagedone, e leng “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” (Tšenolo 16:14, 16; 19:19-21) Ntoeng eo, Jehova o tla felisa mebuso eohle ea batho e emeloang ke setšoantšo se hlahang boprofeteng ba Daniele ka ho feletseng.

E le ho ithuta ho eketsehileng bala sehlooho se reng “Ntoa ea Armagedone Ke’ng?”

Rua molemo boprofeteng ba Daniele bo buang ka meferefere ea lipolotiki

Boprofeta ba Daniele bo nepahetse ha bo bua ka meferefere ea lipolotiki e teng Amerika le Brithani ’me ho ithuta boprofeta bona ho tla u thusa hore u be le pono e fapaneng ka lintho tse etsahalang lefatšeng kajeno.

  • U tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jesu a ne a batla hore balateli ba hae ba se ke ba nka karolo lipolotiking tsa lefatše. (Johanne 17:16) Hape u tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jesu, eo Molimo a mo khethileng e le morena ’Musong oa hae a ile a re: “’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.”—Johanne 18:36.

  • U ka kholiseha hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla lokisa lintho ’me o tla tlisa litlhohonolofatso tseo Molimo a li tšepisitseng moloko oa batho.—Tšenolo 21:3, 4.

  • U tla ba le tšepo ka bokamoso ebile u ke ke oa hlola u tšoenyeha ka hore linaha tse nang le liqabang li ka felisa lefatše.—Pesaleme ea 37:11, 29.

Boprofeta ba Daniele bo bontša hore selekane sa Amerika le Brithani se tšoantšetsoang ke maoto a setšoantšo se seholo e tla ba ’muso oa ho qetela o busang moloko oa batho lefatšeng. O tla nkeloa sebaka ke ’Muso o phethahetseng o busang o le leholimong e leng ’Muso oa Molimo.

E le hore u fumane ho eketsehileng ka hore na ’Muso oa Molimo o tl’o etsetsa moloko oa batho eng, shebella video e nang le sehlooho se reng: ’Muso oa Molimo ke Eng?

Ke mebuso efe ea lefatše eo boprofeta ba Daniele bo buang ka eona?

Daniele khaolo ea bobeli e bua ka mebuso e mehlano ea lefatše e ammeng batho ba Molimo e emeloang ke likarolo tsa setšoantšo se seholo. Ke ena e latelang:

Setšoantšo se seholo se hlahang boprofeteng ba Daniele.
  • ’Muso oa Babilona o emeloang ke hlooho ea khauta.—Daniele 2:32, 36-38.

  • ’Muso oa Medo-Persia o emeloang ke sefuba le matsoho a silevera.—Daniele 2:32, 39.

  • ’Muso oa Greece o emeloang ke limpa le lirope tsa koporo.—Daniele 2:32, 39.

  • ’Muso oa Roma o emeloang ke meomo ea tšepe.—Daniele 2:33, 40.

  • ’Muso oa Amerika le Brithani o emeloang ke menoana ea maoto ea tšepe e kopaneng le letsopa.—Daniele 2:33, 41-43.

a Sheba lebokose le reng: “Ke Mebuso Efe ea Lefatše eo Boprofeta ba Daniele bo Buang ka Eona?”

b Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Bala sehlooho se reng: “Jehova ke Mang?”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela