Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 11
  • Na Litsebi Lia Lumela Hore Jesu o Kile a ba Teng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Litsebi Lia Lumela Hore Jesu o Kile a ba Teng?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 3 Tseba ’Nete Mabapi le Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jesu Kreste Bopaki ba Hore o Kile a Phela Lefatšeng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Jesu—Ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 11
Jesu o roetse moqhaka oa meutloa

Na Litsebi Lia Lumela Hore Jesu o Kile a ba Teng?

Litsebi li na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore Jesu o kile a ba teng lefatšeng. Malebana le lintho tseo bo-rahistori ba lekholong la pele le la bobeli la lilemo ba ileng ba li bua ka Jesu le Bakreste ba pele, Encyclopædia Britannica, e hatisitsoeng ka 2002, e re: “Litlaleho tseo tse ikemetseng, li paka hore linakong tsa khale esita le bahanyetsi ba Bokreste ha baa ka ba belaella bo ’nete ba histori ea Jesu, eo ho ileng ha phehoa khang ka eona ka lekhetlo la pele ka mabaka a se nang motheo, qetellong ea lekholo la bo18, la bo19 le qalong ea lekholo la bo20 la lilemo.”

Ka 2006, buka e reng Jesus and Archaeology e ile ea re: “Ha ho na setsebi se hlomphuoang sa kajeno se ka phehang khang ea hore Mojuda ea bitsoang Jesu mor’a Josefa o kile a phela; litsebi tse ngata li lumela ntle ho tikatiko hore hona joale re tseba lintho tse itseng ka Jesu le ka lithuto tsa hae tsa bohlokoa.”

Bibele e bontša hore Jesu ke motho oa sebele. E fana ka mabitso a baholo-holo ba hae le a beng ka eena ba haufi. (Matheu 1:1; 13:55) E boetse e fana ka mabitso a babusi ba hlaheletseng ba phetseng mehleng ea Jesu. (Luka 3:1, 2) Lintlha tseo li thusa bafuputsi hore ba tiise ho nepahala ha litlaleho tsa Bibele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela