Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 80
  • Na Nako ea Hore re Shoe e Behiloe Esale Pele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Nako ea Hore re Shoe e Behiloe Esale Pele?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e araba hore
  • Na Bokamoso ba Hao bo Reriloe ke Matla a Rerang Liketsahalo Esale Pele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e na le Nako ea Eona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na Qetello ea Rōna e Reriloe Esale Pele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Tšoanelo Eohle ea Motho”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 80
Motho o kenngoa ka ambolenseng ’me bafeti ka tsela ba shebeletse

Na Nako ea Hore re Shoe e Behiloe Esale Pele?

Bibele e araba hore

Che, nako ea hore re shoe ha ea behoa esale pele. Ho e-na le hore Bibele e tšehetse mantsoe ana, hangata e re lefu le bakoa ke “ketsahalo e sa lebelloang.”​—Moeklesia 9:​11.

Na Bibele ha e re ho na le “nako ea ho shoa”?

E, ho Moeklesia 3:2 e re ho na le “nako ea tsoalo le nako ea ho shoa; nako ea ho lema le nako ea ho fothola se lenngoeng.” Leha ho le joalo, mantsoe a temaneng ena a bontša hore Bibele e tšohla lebili le tloaelehileng la bophelo. (Moeklesia 3:​1-8) Molimo ha a re behela nako eo re lokelang ho shoa ka eona, feela joalokaha a sa qobelle sehoai ho lema lijalo ka nako e itseng ka ho toba. Ho e-na le hoo, ntlha ea bohlokoa ke hore ha rea lokela ho phathahana ka lintho tse tloaelehileng tsa bophelo ebe re hlokomoloha ’Mōpi oa rōna.​—Moeklesia 3:​11; 12:​1, 13.

Matsatsi a ho phela a ka eketsoa

Ho sa tsotellehe ho se tsitsi ha bophelo, hangata re ka phela nako e telele haeba re etsa liqeto tse bohlale. Bibele e re: “Molao oa ea bohlale ke mohloli oa bophelo, bakeng sa ho furallisa motho maraba a lefu.” (Liproverbia 13:14) Ka ho tšoanang, Moshe o ile a bolella Baiseraele hore ‘matsatsi a bona a ka ba malelele’ haeba ba ne ba ka mamela melao ea Molimo. (Deuteronoma 6:2) Ka lehlakore le leng, re ka fokotsa matsatsi a rōna ka bohlasoa haeba re etsa liqeto tse booatla.​—Moeklesia 7:​17.

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na re hlokolosi kapa re bohlale hakae re ke ke ra baleha lefu. (Baroma 5:​12) Empa boemo bona bo tla fetoha, kaha Bibele e tšepisa hore ho na le nako eo ka eona ‘lefu le ke keng la hlola le e-ba teng.’​—Tšenolo 21:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela