Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 32
  • Na ho ba le Mekhoa e Metle ke Habohlokoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho ba le Mekhoa e Metle ke Habohlokoa?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo u lokelang ho se tseba ka ho bontša mekhoa e metle
  • Kamoo u ka ntlafatsang kateng
  • Ho Hlaolela Mekhoa ea Bokreste Lefatšeng le se Nang Mekhoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • “Le Itšoare ka Mokhoa o Tšoanelang Litaba Tse Molemo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Mekhoa e Metle—Tšobotsi ea Batho ba Inehetseng ho Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Ho ba Basebeletsi ba Molimo ba Bontšang Mekhoa e Metle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 32
Moshanyana ea tšoarisang nkhono mokotla o kentseng korosari

BACHA BAA BOTSA

Na ho ba le Mekhoa e Metle ke Habohlokoa?

‘Batho ha ba mpulele monyako; ke hobane’ng ha ’na ke tlameha ho ba bulela?’

‘Ho na le lintho tsa bohlokoa tseo nka khathatsehang ka tsona ho e-na le hore ke ’ne ke re “kea kōpa,” “kea leboha,” kapa “ke kōpa ho feta”?’

‘Ha ke hloke ho bontša mekhoa e metle ho banab’eso. Rea amana.’

Na le uena u lumellana le se builoeng ka holimo? Haeba ho joalo, u ke ke ua ba le melemo e fumanoang ke batho ba bontšang mekhoa e metle.

  • Seo u lokelang ho se tseba ka ho bontša mekhoa e metle

  • Kamoo u ka ntlafatsang kateng

  • Seo bacha ba bang ba se buang

Seo u lokelang ho se tseba ka ho bontša mekhoa e metle

Mekhoa e metle e ka ntlafatsa likarolo tse latelang tse tharo bophelong ba hao:

  1. Botumo ba hao. Tsela eo u tšoarang batho ka eona e ka ama kamoo ba u talimang kateng. Ha u e-na le mekhoa e metle, batho ba tla u nka u le motho ea hōlileng le ea nang le boikarabelo​—’me ba tla u hlompha! Leha ho le joalo, ha u se na mekhoa e metle, batho ba tla nka hore ua ipona ’me u ka ’na ua qetella u fetoa ke menyetla e mengata le oa ho fumana mosebetsi. Bibele e re, ‘motho ea sehlōhō o itlisetsa khathatso.’​—Liproverbia 11:17.

  2. Metsoalle ea hao. Bibele e re: “Le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakolose 3:14) Sena ke ’nete. Batho ba rata batho ba nang le mekhoa e metle le ba hlomphang. Ha ho na motho ea ka ratang ho ba le motsoalle ea se nang mekhoa kapa ea seleng.

  3. Kamoo batho ba u tšoarang kateng. Mocha e mong ea bitsoang Jennifer o re: “Haeba u e-na le mekhoa e metle, u ka bona le batho ba sa hlompheng batho ba bang ba u tšoara ka tsela e fapaneng.” Empa ha u e-na le mekhoa e mebe, ba ke ke ba u hlompha. Bibele e re: “Tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona.”​—Matheu 7:2.

Ntlha ea bohlokoa: Re kopana le batho letsatsi le leng le le leng. Tsela eo u itšoarang ka eona e ka ama kamoo ba u talimang kapa ba u tšoarang kateng. Ka mantsoe a bonolo feela, ho ba le mekhoa e metle ke habohlokoa!

Kamoo u ka ntlafatsang kateng

  1. Hlahloba mekhoa ea hao. Ipotse lipotso tse kang tsena: ‘Na ke bua le batho ba baholo ka tlhompho? Ke khafetsa hakae ke buang mantsoe a kang “kea kōpa,” “kea leboha,” kapa “ke kōpa ho feta”? Na ha batho ba bang ba bua le ’na, ke etsa lintho tse ling—tse kang ho bala le ho araba melaetsa ea selefouno? Na ke hlompha batsoali ba ka le banab’eso kapa na ha ke ba hlomphe hobane feela ke nka hore “rea amana”?’

    Bibele e re: “Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.”​—Baroma 12:10.

  2. Ipehele lipakane. Ngola likarolo tse tharo tseo u ka ntlafatsang ho tsona. Ka mohlala, Allison, ea lilemo li 15, o re o batla ho ba “motho ea mamelang batho ba bang ha ba bua, ho e-na le hore ho lule ho bua eena.” David, ea lilemo li 19, o re o batla ho khaotsa ho bala le ho araba melaetsa ea selefouno ha a e-na le ba lelapa le metsoalle. O re: “Ke ho se hlomphe batho ba bang. Ho tšoana le ha ke ba bolella hore nka mpa ka bua le motho e mong ho e-na le ho bua le bona.” Edward, ea lilemo li 17, o re o batla ho khaotsa ho kena batho ba bang hanong ha ba bua. Jennifer, ea qotsitsoeng qalong, o re o batla ho ntlafatsa mekhoa ea hae ha a bua le batho ba hōlileng. O re: “Ke ne ke tloaetse ho ba lumelisa ka potlako ebe ke fetela ho lithaka tsa ka. Empa hona joale ke se ke qeta nako ke buisana le bona. Seo se nthusitse haholo ho ntlafatsa mekhoa ea ka!”

    Bibele e re: “Le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.”​—Bafilipi 2:4.

  3. Hlahloba khatelo-pele ea hao. Nka khoeli u ntse u hlahloba lipuo tsa hao kapa boitšoaro ba hao likarolong tseo u batlang ho ntlafatsa ho tsona. Ha khoeli e fela, ipotse: ‘Ho bontša mekhoa e metle ho nkentse motho ea molemo joang? Ke likarolo life tseo ke ntseng ke hloka ho ntlafatsa ho tsona?’ Ipehele lipakane tse ncha ho latela seo u se fumaneng.

    Bibele e re: “Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.”​—Luka 6:31.

Na u ne u tseba? Seo batho ba naheng e ’ngoe ba se nkang e le ho ba le mekhoa e metle, e ka ba ho se hlomphe linaheng tse ling. Ka mohlala, Japane ho tloaelehile hore motho a rōle lieta pele a kena ka tlung. Linaheng tse ling, ho etsa joalo ho ka ’na ha nkoa e le ho se hlomphe. Ke mekhoa efe e amohelehang sebakeng sa heno?

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

Selena

Selena

“Ha u bontša mekhoa e metle, ke eona ntho ea pele eo batho ba e hlokomelang le ho e ananela. Hape, u tla ikutloa u thabile hobane ua tseba hore u etsa ntho e nepahetseng.”

Megan

Megan

“Ha u se na mekhoa e metle, batho ba ke ke ba u hlompha. Empa ha u ba hlompha, le bona ba tla u hlompha.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela