BACHA BAA BOTSA
Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 4: Nka Hlalosa Joang Seo ke se Lumelang ka Pōpo?
U lumela hore lintho li bōpiloe, empa u tšaba ho bolella bana bao u kenang sekolo le bona. Mohlomong libuka tsa hao tsa sekolo li buella hore lintho li bile teng ka ho iphetola ha lintho ’me u tšaba hore matichere le liithuti-’moho ba tla u tšeha. U ka bua ka sebete joang ’me u hlalose seo u se lumelang ka pōpo?
U ka khona!
U ka ’na ua re: ‘Ha ke bohlale hakaalo hore nka buisana le batho ba bang ka litaba tsa saense le tsa ho iphetola ha lintho.’ Ke ka tsela eo Danielle a neng a ikutloa ka eona pele. O re: “Ke ne ke sa rate ho hanyetsana le tichere ea ka le liithuti-’moho.” Diana o re: “Ke ne ke ferekana ha ba sebelisa mantsoe a saense ha ba beha mabaka a bona.”
Leha ho le joalo, morero oa hao ha ea lokela ho ba ho hlōla likhang. Ntho e ntle ke hore ha ho hlokahale hore u be bohlale litabeng tsa saense e le hore u hlalose hore na ke hobane’ng ha u lumela hore lintho li bōpiloe.
Tlhahiso: Sebelisa lebaka le utloahalang la Bibele le ho Baheberu 3:4: “Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.”
Ngoanana e mong ea bitsoang Carol o ile a sebelisa molao-motheo o ho Baheberu 3:4 ka tsela ena: “A re re u ntse u tsamaea ka har’a moru o teteaneng. Ha ho na ntho e bontša hore ho na le batho ba lulang moo. Ha u sheba fatše u bona toothpick. U ka etsa qeto efe? Batho ba bangata ba ka re, ‘Ho na le motho ea kileng a tsamaea mona.’ Haeba ntho e nyenyane le e seng ea bohlokoa joaloka toothpick e bontša hore ho na le motho ea e entseng, ho thoe’ng ka bokahohle le lintho tsohle tse ho bona!”
Haeba motho e mong a re: “Haeba ke ’nete hore lintho li bōpiloe, ke mang ea bōpileng ’Mōpi oa tsona?”
U ka ’na ua araba tjena: “Taba ea hore ha re utloisise ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mabapi le ’Mōpi ha e bolele hore ha a eo. Ka mohlala, e ka ’na eaba ha u tsebe histori ea motho ea entseng selefouno, empa u ntse u lumela hore ho na le motho ea e entseng, na ha ho joalo? [Emela karabo.] Ho na le lintho tse ngata tseo re ka li tsebang ka ’Mōpi. Haeba u batla ho li tseba, nka thabela ho u bolella tsona.”
E-ba malala-a-laotsoe
Bibele e re u lokela ho lula u ‘loketse ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea u batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho uena, empa u etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.’ (1 Petrose 3:15) Kahoo, ela hloko lintho tsena tse peli—seo u se buang le kamoo u buang kateng.
Seo u se buang. Lerato la hao ho Molimo ke la bohlokoa ’me le ka u susumetsa hore u bue. Empa ho bolella ba bang kamoo u ratang Molimo kateng ho ka ’na hase ba kholise hore Molimo ke eena ea bōpileng lintho tsohle. Ho ka ba molemo hore u sebelise mehlala ea lintho tsa tlhaho ha u ba bontša hore na ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho lumela hore lintho li bōpiloe.
Kamoo u buang kateng. Bua ka sebete, empa u se ke ua ba bohale kapa ua nyenyefatsa batho. Batho ba ka ’na ba u mamela haeba u bua ka tlhompho ka seo ba se lumelang ’me u bontša hore ua elelloa hore ba na le bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto.
“Ke nahana hore ke habohlokoa hore batho ba se u nke u le motho ea tellang kapa tsebanyane. Ho ke ke ha thusa ka letho haeba u bua ka tsela e nyenyefatsang ba bang.”—Elaine.
Lintho tse ka u thusang hore u hlalose seo u se lumelang
Ha u lula u itokiselitse ho hlalosa seo u se lumelang ho tšoana le ha u lula u itokiselitse ho fetoha ha boemo ba leholimo
Mocha e mong ea bitsoang Alicia, o re: “Haeba re sa lokisetsa, re tla thōla feela e le hore re qobe ho phoqeha.” Joalokaha Alicia a bontša, ho lokisetsa ho ka re tsoela molemo. Jenna o re: “Ke ikutloa ke phutholohile haholoanyane ho bua ka pōpo ha ke e-na le mohlala o bonolo le o nahannoeng hantle o tla tšehetsa seo ke se lumelang.”
U ka fumana mehlala e joalo hokae? Bacha ba bangata ba ile ba atleha ha ba sebelisa likhatiso tse latelang:
Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?
The Origin of Life—Five Questions Worth Asking
The Wonders of Creation Reveal God’s Glory (video)
Letoto la lihlooho tsa “Na e Entsoe?” tse makasineng ea Tsoha! (Ngola mantsoe a na a reng [ho akarelletsa le matšoao a ho qotsa] “na e entsoe” karolong ea ho batla e ho Watchtower ONLINE LIBRARY.)
Etsa lipatlisiso tse eketsehileng u sebelisa Watchtower ONLINE LIBRARY.
U ka boela ua sheba lihlooho tse fetileng letotong lena la lihlooho tsa, “Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?”
Karolo ea 2: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela Hore Lintho li Bōpiloe?
Karolo ea 3: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela Hore Lintho li Bōpiloe?
Tlhahiso: Khetha mehlala eo u kholisehileng ka eona. Ho tla ba bonolo hore u e hopole ’me u tla khona ho e hlalosetsa ba bang ka sebete. Leka ho ’na u itlhakisa hore na u tla hlalosa seo u se lumela joang.