Na Lipaki Tsa Jehova li na le Melao eo li Lokelang ho e Latela ha li Ratana?
Lipaki Tsa Jehova li lumela hore likeletso le litaelo tse tsoang ka Bibeleng li ka li thusa ho etsa liqeto tse tla thabisa Molimo le tse tla li tsoela molemo. (Esaia 48:17, 18) Ke ’nete hore ha se rona ba behileng litaelo le likeletso tsena empa rea li mamela. A re boneng kamoo tse ling tsa litaelo tsena li sebetsang kateng tabeng ea ho ratana.a
Lenyalo ke tlamahano ea bophelo bohle. (Matheu 19:6) Lipaki Tsa Jehova li nka ho ratana e le taba e tebileng kaha e bontša hore motho o batla ho nyala.
Ke batho ba seng ba loketse ho kena lenyalong feela ba lokelang ho ratana. Batho ba joalo ke ba seng ba “holile ’meleng le kelellong,” kapa ba seng ba fetile takatso e matla ea ho etsa thobalano.—1 Bakorinthe 7:36.
Batho ba ratanang ba lokolohile hore ba ka nyalana. Melao ea Molimo e re lebaka feela le etsang hore motho a hlale, ke haeba e mong a entse boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. Kahoo, Molimo o nka batho ba bang ba hlalaneng ka molao ba sa lokela ho nyala hape.—Matheu 19:9.
Bakreste ba batlang ho nyala ba lokela ho khetha molekane ho balumeli-’moho le bona feela. (1 Bakorinthe 7:39) Lipaki Tsa Jehova li lumela hore taelo ena ha e bue ka motho ea mpang a hlompha seo re se lumelang feela empa e bua ka Paki e kolobelitsoeng e lumelang le ho etsa seo e ithutang sona. (2 Bakorinthe 6:14) Haesale Molimo a laela barapeli ba hae hore ba nyale balumeli-’moho le bona feela. (Genese 24:3; Malakia 2:11) Batho ba etsang lipatlisiso mehleng ena ba hlokometse hore taelo ena ea sebetsa le kajeno.b
Bana ba lokela ho mamela batsoali ba bona. (Liproverbia 1:8; Bakolose 3:20) Bana ba ntseng ba lula lapeng ba lokela ho mamela liqeto tsa batsoali ba bona mabapi le ho ratana. Sena se akarelletsa qeto eo batsoali ba e nkang ea hore na ngoana oa bona a ka qala ho ratana ha a le lilemo li kae le hore na ba mo lumella ho etsa’ng ha a ratana.
Paki e ’ngoe le e ’ngoe e tataisoa ke melao ea Bibele ha e khetha hore na e tla ratana na le hore na e tla ratana le mang. Sena se lumellana le seo Bibele e se buang ha e re: “Motho e mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.” (Bagalata 6:5, naletsana) Ba bang bona ba khetha ho batla likeletso tse mabapi le ho ratana ho Bakreste-’moho ba holileng tsebong ba ba batlelang se molemo.—Liproverbia 1:5.
Lintho tse ling tseo batho ba tloaetseng ho li etsa ha ba ratana, ha e le hantle ke libe tse tebileng. Ka mohlala, Bibele e re re lokela ho qoba boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. Sena ha se akarelletse ho etsa thobalano feela empa se akarelletsa le lintho tsohle tse sa hloekang tseo batho ba sa nyalanang ba li etsang, tse kang ho pholla litho tsa botona kapa tsa botšehali tsa motho e mong, ho kenya litho tsa botona ka hanong kapa ka morao. (1 Bakorinthe 6:9-11) Esita le lintho tseo batho ba sa nyalanang ba li etsang tse ba tsosetsang takatso ebe ba khaotsa pele ba etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano, ke “ho se hloeke” ’me Molimo haa li thabele. (Bagalata 5:19-21) Bibele e boetse e nyatsa lipuo tse sa hloekang le tse “nyonyehang.”—Bakolose 3:8.
Pelo kapa motho eo re leng eena ka hare e bolotsana. (Jeremia 17:9) E ka etsa hore motho a etse lintho tseo a tsebang hantle hore li fosahetse. Batho ba ratanang ba ka qoba ho ba bang e le hore lipelo tsa bona li se ke tsa ba susumelletsa ho etsa lintho tse fosahetseng. Ba ka etsa sena ka hore ba khethe ho lula ba le ka har’a batho kapa ba be le motho eo ba ka tsamaeang le eena. (Liproverbia 28:26) Bakreste ba sa kenang lenyalong ba batlang ho nyala ba hlokometse hore ho kotsi ho batla ho ratana inthaneteng. Haholo-holo hobane ba tla be ba batla ho ratana le motho eo ba sa mo tsebeng.—Pesaleme ea 26:4.
a Ho ratana ke ntho e tloaelehileng litsong tse ling. Ha ho na moo Bibele e reng batho ba tlameha ho ratana kapa hore ke eona feela tsela ea ho kena lenyalong.
b Ka mohlala, sehlooho se seng se hlahang koranteng ea Marriage & Family Review se re “lintho tse etsang hore banyalani ba tšoarelle lenyalong la bona ke haeba ba le bolumeling bo tšoanang ebile ba lumela linthong tse tšoanang (lilemo tse 25 ho ea ho 50 le ho feta).”—Volume 38, khatiso 1, leqephe 88 (2005).