Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 102
  • Na ho Becha ke Sebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Becha ke Sebe?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Na Papali ea Chelete e Loketse Bakreste?
    Tsoha!—1994
  • Phoso ke Efe ka Papali ea Chelete?
    Tsoha!—2002
  • Bathaothuoa ba Bacha ba Papali ea Chelete—Bacha!
    Tsoha!—1995
  • Qoba Leraba la Papali ea Chelete
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 102
Motho ea bechang o nkile tekete ea hae ’me o shebile thelevishene ho bona hore na linomoro tsa hae li tla hlaha

Na ho Becha ke Sebe?

Karabo ea Bibele

Le hoja lentsoe la Molimo le sa bue haholo ka ho becha, ho hlahloba melao-motheo ea Bibele ho ka re thusa ho hlokomela hore ho becha ke sebe.​—Baefese 5:​17.a

  • Ho becha ho susumetsoa ke meharo ’me Molimo o hloile meharo. (1 Bakorinthe 6:​9, 10; Baefese 5:​3, 5) Batho ba bechang ba batla ho ithuisa ka batho ba bang ’me sena ke phoso hobane Bibele e re motho a se ke a lakatsa lintho tsa motho e mong.​—Exoda 20:17; Baroma 7:7; 13:​9, 10.

  • Ho becha le ka chelete e nyenyane ho ka etsa hore motho a be le lerato le feteletseng la chelete.​—1 Timothea 6:​9, 10.

  • Batho ba bechang ba tšepa litumela-khoela le mahlohonolo. Leha ho le joalo, Molimo o nka seo e le borapeli ba litšoantšo bo khahlanong le borapeli ba hae.​—Esaia 65:11.

  • Bibele e khothalletsa batho ho sebetsa ka thata ho e-na le ho batla ho fumana lintho feela. (Moeklesia 2:​24; Baefese 4:​28) Batho ba sebelisang keletso ea Bibele ba tla ‘ja lijo tseo ba li sebelelitseng.’​—2 Bathesalonika 3:​10, 12.

  • Ho becha ho susumetsa tlholisano ’me Bibele e khahlanong le tlholisano.​—Bagalata 5:​26.

a Ka Bibeleng tlaleho ea ho becha e hlaha moo masole a Baroma a neng a lahla lotho bakeng sa liphahlo tsa Jesu ka lebaka la hoba meharo.​—Matheu 27:35; Johanne 19:23, 24.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela