Ke Bo-mang ba Eang Leholimong?
Karabo ea Bibele
Molimo ke eena ea khethang Bakreste ba ’maloa ba tšepahalang bao ka mor’a hore ba hlokahale ba tla tsosetsoa hore ba il’o phela leholimong. (1 Petrose 1:3, 4) Hang feela ha ba qeta ho khethoa, ba lokela ho tsoela pele ba itšoere hantle ebile ba e-na le tumelo e matla e le hore ba se ke ba amohuoa lefa la bona la ho phela leholimong.—Baefese 5:5; Bafilipi 3:12-14.
Batho ba eang leholimong ba il’o etsa’ng moo?
Ba tla sebetsa ’moho le Jesu e le marena le baprista ka lilemo tse 1 000. (Tšenolo 5:9, 10; 20:6) Ba tla theha ’muso leholimong e leng “maholimo a macha” ’me ’muso oo o tla busa batho lefatšeng e leng “lefatše le lecha.” Babusi bao ba tla thusa hore batho ba phele ka tsela eo Molimo a neng a batla hore batho ba phele ka eona ho tloha qalong.—Esaia 65:17; 2 Petrose 3:13.
Ke batho ba bakae ba tla tsosetsoa leholimong?
Bibele e re ke batho ba 144 000 ba tla tsosetsoa leholimong. (Tšenolo 7:4) Ponong e ngotsoeng lengolong la Tšenolo 14:1-3, moapostola Johanne o ile a bona “Konyana e emeng Thabeng ea Sione, e e-na le ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene.” Ponong ena, “Konyana” e emela Jesu. (Johanne 1:29; 1 Petrose 1:19) ‘Thaba ea Sione’ e emela boemo bo phahameng ba Jesu le ba Bakreste ba 144 000 ba tla busa le eena leholimong.—Pesaleme 2:6; Baheberu 12:22.
“Ba bitsitsoeng le ba khethiloeng” ho busa le Kreste ’Musong oa Molimo ba bitsoa “mohlatsoana.” (Tšenolo 17:14; Luka 12:32) Sena se bontša hore e tla be e le palo e nyenyane haholo ha e bapisoa le palo ea mohlape ’ohle oa Jesu.—Johanne 10:16.
Lintho tseo e seng ’nete tse buuoang ka batho ba eang leholimong
Seo e seng ’nete: Batho bohle ba lokileng ba ea leholimong.
’Nete: Molimo o tšepisa hore boholo ba batho ba lokileng ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng.—Pesaleme 37:11, 29, 34.
Jesu o ile a re: “Ha ho motho ea nyolohetseng leholimong.” (Johanne 3:13) Sena se bolela hore batho ba lokileng ba ileng ba hlokahala pele ho eena joaloka Abrahama, Moshe, Jobo le Davida ha baa nyolohela leholimong. (Liketso 2:29, 34) Ho e-na le hoo, ba ne ba e-na le tšepo ea ho tsosetsoa hore ba tl’o phela lefatšeng.—Jobo 14:13-15.
Ha Bibele e bua ka tsoho ea leholimong e e bitsa ‘tsoho ea pele.’ (Tšenolo 20:6) Sena se bontša hore ho tla ba le tsoho e ’ngoe ’me e tla ba tsoho ea batho ba tla phela lefatšeng.
Bibele e ruta hore ’Musong oa Molimo “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.” (Tšenolo 21:3, 4) Ho hlakile hore tšepiso ena e tla phethahala lefatšeng kaha ha ho e-s’o be le lefu leholimong.
Seo e seng ’nete: Motho e mong le e mong oa ikhethela hore na o tla phela lefatšeng kapa leholimong.
’Nete: Molimo ke eena ea khethang Bakreste ba tla fumana “moputso oa pitso ea holimo” e leng tšepo ea ho phela leholimong. (Bafilipi 3:14) Motho a ke ke a khethoa hobane feela a batla kapa a lakatsa ho phela leholimong.—Matheu 20:20-23.
Seo e seng ’nete: Tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ha se ea bohlokoa hakaalo hobane e fuoa feela batho ba sa tšoaneleheng ho il’o phela leholimong.
’Nete: Ha Molimo a bua ka batho ba tl’o phela lefatšeng ka ho sa feleng o re ke “sechaba sa ka,” “bakhethoa ba ka” le “ba hlohonolofalitsoeng ba Jehova.” (Esaia 65:21-23) Ba tla ba le monyetla oa ho phethahatsa seo Molimo a neng a se rerile ka batho, e leng ho phela ka ho sa feleng ba phethahetse lefatšeng la paradeise.—Genese 1:28; Pesaleme 115:16; Esaia 45:18.
Seo e seng ’nete: Palo ea 144 000 e hlahang lengolong la Tšenolo, e mpa feela e le tšoantšetso.
’Nete: Le hoja lipalo tse ling tse bukeng ea Tšenolo li emela ntho e itseng, empa tse ling tsona ha li joalo. Ka mohlala, buka ena e bua ka “mabitso a leshome le metso e ’meli a baapostola ba leshome le metso e ’meli ba Konyana.” (Tšenolo 21:14) Ela hloko bopaki bo bontšang hore na ke hobane’ng ha re ka re palo ea 144 000 ha se ea tšoantšetso.
Tšenolo 7:4 e bua ka ‘palo ea ba neng ba tiisitsoe [kapa ba tla phela leholimong], ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene.’ Buka ena ha e tsoela pele e bua ka sehlopha sa bobeli e leng “bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala.” Ba “bongata bo boholo” le bona ba fumana poloko e tsoang ho Molimo. (Tšenolo 7:9, 10) Haeba palo ena ea 144 000 e ne e le ea tšoantšetso ’me e bolela feela hore ke batho ba bangata, e ne e tla ba ho sa utloahaleng ha ho buuoa ka sehlopha sa bobeli sa bongata bo boholo.a
Ho ekelletsa moo, ba 144 000 ba hlalosoa “ba rekiloe har’a moloko oa batho joaloka litholoana tsa pele.” (Tšenolo 14:4) Ha ho buuoa ka “litholoana tsa pele,” ho boleloa sehlotšoana se senyenyane sa batho. Bana ke batho ba tla busa le Kreste leholimong ’me ba buse bongata bo tla phela lefatšeng.—Tšenolo 5:10.
a Ka ho tšoanang, Moprofesa Robert L. Thomas o ile a ngola ka palo ea batho ba 144 000 e hlahang ho Tšenolo 7:4 a re: “Ke palo e hlakileng ha e bapisoa le palo e hlahang ho Tšenolo 7:9. Haeba palo ena e ne e ka nkoa ka tsela ea tšoantšetso, le lipalo tsohle tse bukeng ena li ne li ka nkoa e le tsa tšoantšetso.”—Tšenolo 1-7: An Exegetical Commentary, leqephe 474.