Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 83
  • Nka Hlola Liteko Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Hlola Liteko Joang?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo u lokelang ho se tseba
  • Seo u ka se etsang
  • U ka Hlōla Teko ea ho Kopanela Liphate Joang?
    Tsoha!—2014
  • Ho Hlōla Mefokolo ea Nama
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Nka Hanela Liteko Joang?
    Tsoha!—2008
  • Nka Hanela Liteko Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 83
Ha mohlankana a bona moshanyana a eme le ngoanana ka tsela e bontšang hore baa ratana oa ba khalla, bashanyana ba babeli ba shebile sesebelisoa sa elektronike ’me ngoanana e mong o feta pel’a hae

BACHA BAA BOTSA

Nka Hlola Liteko Joang?

Moapostola Pauluse o ile a re: “Ha ke batla ho etsa lintho tse nepahetseng, tse mpe li teng ho ’na.” (Baroma 7:​21) Na u kile oa ikutloa ka tsela ee? Haeba ho joalo, sehlooho sena se tl’o u thusa hore na ke joang u ka hlolang teko ea ho etsa lintho tse fosahetseng.

  • Seo u lokelang ho se tseba

  • Seo u ka se etsang

  • Seo bacha ba bang ba se buang

Seo u lokelang ho se tseba

Hangata ha batho ba bang ba u hatella u qetella u batla ho etsa lintho tse mpe. Ha e le hantle Bibele e re “ho tloaelana le batho ba fosahetseng ho senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Khatello e tsoang ho batho ba bang kapa linthong tseo u li shebellang le ho li bala e ka etsa hore u ipehe tekong oa ba “oa latela bongata hore u etse bobe.”—Exoda 23:2.

Jeremy o re: “Khatello ea ho batla ho ratoa le ho amoheloa ho ka etsa hore u batle ho etsa lintho tseo batho ba bang ba li etsang e le hore feela ba u amohele.”

Nahana ka sena: Ke hobane’ng ha teko e ka ba matla haholo haeba u lula u nahana ka seo batho ba se buang kapa ba se nahanang ka uena?​—Liproverbia 29:25.

Taba-taba ke ena: U se ke oa lumella khatello ea lithaka hore e etse hore u sekisetse linthong tseo u li nkang e le tsa bohlokoa.

Seo u ka se etsang

Tseba seo u se lumelang. Haeba u sa tsebe seo u se lumelang, batho ba ka u etsa popae eo ba bapalang ka eona. Ho molemo hore u latele seo Bibele e se buang ha e re: “Etsang bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse, le khomarele tse nepahetseng.” (1 Bathesalonika 5:​21) Ha u ntse u utloisisa seo u se lumelang, ho tla ba bonolo hore u phele tumellanong le sona ’me u hlole teko ea ho etsa se fapaneng.

Nahana ka sena: Ke hobane’ng ha u lumela hore melao ea Molimo ea boitšoaro e etselitsoe ho u tsoela molemo?

Kimberly o re: “Ke ithutile hore haeba ke emela seo ke se lumelang ebile ke sa inehele litekong, batho ba bang baa ntlhompha.”

Mohlala oa motho eo re ka mo etsisang ea hlahang ka Bibeleng: Daniele. Ha Daniele e sa le mocha, “o ile a etsa qeto ka pelong ea hae” hore o tla mamela melao ea Molimo.—Daniele 1:8.

Mohlankana o tlanngoe ka lithapo joalokaha eka ke popae eo ho ntse ho bapaloa ka eona

Haeba u sa tsebe seo u se lumelang, batho ba ka u etsa popae eo ba bapalang ka eona

Tseba mefokolo ea hao. Ha Bibele e bua ka “litakatso tsa bocha” e bua ka boikutlo bo matla boo u bang le bona ha u sa le mocha. (2 Timothea 2:​22) Sena se akarelletsa boikutlo ba ho batla ho amoheloa ke batho ba bang le ba ho iketsetsa liqeto le hoja u e-s’o fihle lilemong tse loketseng eseng feela boikutlo ba ho batla ho etsa thobalano.

Nahana ka sena: Bibele e re “e mong le e mong o lekoa ke ho hoheloa ke litakatso tsa hae.” (Jakobo 1:​14) Ke takatso efe’ng eo u loantšanang le eona haholo?

Sylvia o re: “Tseba hore na ke liteko life tseo u iphumanang u tšoasehile ho tsona habonolo ’me u se ke oa ithetsa. Etsa lipatlisiso ka hore na u ka hlola liteko tseo joang ’me u ngole lintlha tseo u ka li sebelisang fatše. Ha u etsa joalo, u tla tseba hore na ke joang u ka hlolang liteko tse joalo nakong e tlang ha u tobana le tsona.”

Mohlala oa motho eo re ka mo etsisang ea hlahang ka Bibeleng: Davida. Ka linako tse ling Davida o ne a itlohella hore a hatelloe ke litakatso tsa hae le ke batho ba bang. Empa o ile a ithuta liphosong tsa hae ’me a leka ho ntlafatsa. O ile a rapela Jehova a re “hloekisa pelo ea ka, u fetole tsela eo ke nahanang ka eona e le hore nka tšepahala.”​—Pesaleme ea 51:10.

Tseba seo u lokelang ho se etsa. Bibele e re: “U se ke oa itlohela hore u hloloe ke bobe.” (Baroma 12:21) Sena se bolela hore ha oa lokela ho inehella liteko. Empa u ka khetha ho etsa se nepahetseng.

Nahana ka sena: U ka etsa’ng hore u se ke oa iphumana u entse ntho e fosahetseng ha u lekoa?

Sophia o re: “Ke nahana ka hore na ke tl’o ikutloa joang kamor’a ho itumella ho lekoa. Na ke tl’o utloa ke khotsofetse? Mohlomong ka nakoana. Ho thoe’ng kamor’a nako e telele? Ke tla be ke ikoahlaea. Na ho molemo ho etsa joalo? Che!”

Mohlala oa motho eo re ka mo etsisang ea hlahang ka Bibeleng: Pauluse. Le hoja Pauluse a ile a lumela hore o na le takatso ea ho etsa se fosahetseng, o ile a ema a tiile. O ile a re: “ke tšoara ’mele oa ka ka thata ebile ke o tšoara joaloka lekhoba.”—1 Bakorinthe 9:27.

Taba-taba ke ena: Ho matleng a hao hore na u tla etsa’ng ha u hlaheloa ke liteko.

Hopola hore liteko ke lintho tsa nakoana. Melissa ea lilemo li 20 o re: “Ha ke nahana hore lintho tse ngata tseo e neng e le liteko ho ’na khale, hona joale ha li sa re letho, ke kholisehile hore liteko tse ntlhahelang li tla feta ’me ka le leng ke tla hetla ke hlokomele hore bophelo ba ka bo se bo le molemo hobane ke ile ka li hlola.”

Seo bacha ba bang ba se buang

Olivia

Olivia o re: “Ha ke etsa qeto ’me ke e emela, seo se nthusa hore ke hlole liteko. Ka mohlala, ha ke entse qeto ea hore ha ke na etsa ntho e itseng kea e khomarela ’me ha ke nahane habeli kapa hona ho itumella hore ke susumetsoe ke liqeto tsa batho ba bang.”

Jared

Jared o re: “Bacha ba ba le khatello ea ho ea liphathing le ho etsa lintho tse ngata tse etsoang moo tse kang ho noa joala, ho sebelisa lithethefatsi le ho etsa thobalano. Ntho e nthusang ke ho bua le batsoali ba ka ke phutholohile ka lintho tsena. Hape, ho lula ke phathahane nakong eo ho se nang letho leo nka le etsang ho nthusa hore ke qobe liteko tsa ho etsa lintho tse mpe.”

Mayan

Mayan o re: “Teko eo ho leng thata ka ho fetisisa ho e hlola, ke ea ntho eo batho ba bang ba sa e nkeng e fosahetse empa ’na ke e nka e le phoso joaloka ho khetha boithabiso. Ho tseba seo u se lumelang ho ka u thusa hore u hlole khatello e kang ena ’me sena se hloka nako le boiphihlelo.”

Julian

Julian o re: “Ha ho tluoa tabeng ea liteko, u se ke oa ithetsa. U lokela ho tseba hore na ke likarolo life tsa Inthanete tse ka u kenyang molekong, tse hlahisang litšoantšo tse litšila ’me u tsebe hore na u tla etsa’ng ha li hlaha. U lokela ho lula u itebetse e le hore u se ke oa oela molekong.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela