Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 89
  • Nka Etsa’ng e le Hore ke se ke ka Nahana ka Thobalano?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa’ng e le Hore ke se ke ka Nahana ka Thobalano?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke hobane’ng ha ho fosahetse ho lula u nahana ka thobalano?
  • Ke hobane’ng ha ho le thata ho tlohela ho nahana ka thobalano?
  • Seo u ka se etsang
  • Bua le Bana ba Hao ka ho Kopanela Liphate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Nka Hlalosa Joang Seo ke se Lumelang ka ho Kopanela Liphate?
    Bacha Baa Botsa
  • Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho Khaotsa ho Nahana ka ba Bong bo Fapaneng?
    Tsoha!—1994
  • Na ho Nyanyana Litho Tsa Botona Kapa Tsa Botšehali ke ho Etsa Thobalano?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 89
Mocha o susumelletsoa ke lipapatso hore a batle ho etsa thobalano. Mocha o bona baratani ba eme ka ntle ho cinema moo ho tl’o bapalang movie oa batho ba ratanang.

BACHA BAA BOTSA

Nka Etsa’ng e le Hore ke se ke ka Nahana ka Thobalano?

Vera o re: “Ho nahana ka thobalano ho itlela feela ’me seo ha se etsahala ha ke khone ho nahana ka ntho e ’ngoe. Ha sena se etsahala ke utloa ekare ho na le motho ea laolang kelello ea ka.”

John o re “Ho thata ho tlohella ho nahana ka thobalano.”

Na le uena u ikutloa joaloka Vera le John? Haeba ho joalo sehlooho sena se tla u thusa.

  • Ke hobane’ng ha ho fosahetse ho lula u nahana ka thobalano?

  • Ke hobane’ng ha ho le thata ho tlohela ho nahana ka thobalano?

  • Seo u ka se etsang

  • Seo bacha ba bang ba se buang

Ke hobane’ng ha ho fosahetse ho lula u nahana ka thobalano?

Mocha e mong ea bitsoang Alex o re: “Malome oa ka o re Molimo o ne a ke ke a re bopa re e-na le boikutlo ba ho etsa thobalano haeba o ne a sa batle hore re e etse.”

Seo malome oa Alex a se buang ka hore Molimo o re file litakatso tsa ho etsa thobalano ke ’nete empa Molimo o na le mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha a re file litakatso tseo. Batho kajeno ba teng ka lebaka la thobalano. Joale ke hobane’ng ha u sa lokela ho nahana haholo ka thobalano? Bibele e re bolella mabaka a mabeli a utloahalang:

  • Bibele e ruta hore Molimo o entse hore ho be le thobalano e le hore monna le mosali ba nyalaneng ba ka e thabela.​—Genese 1:28; 2:24.

    Haeba ha oa nyala ’me u lula u nahana ka thobalano seo se ka u ferekanya. Haeba u lula u nahanne ka thobalano qetellong u ka iphumana u se u e entse ’me batho ba bangata ba fetileng boemong bona ba re baa itšola.

  • Haeba u khona ho laola maikutlo a hao ka thobalano seo se bontša hore u na le boitšoaro.​—1 Bakorinthe 9:25.

Ho ba le boitšoaro ho tla u thusa haholo bophelong ba hao hona joale le nakong e tlang. Lipatlisiso tse ling li bontša hore bana ba hotseng ba na le boitšoaro ha se hangata ha ba se ba le baholo ba bang le mathata a ho kula, a lichelete le a molao.a

Ke hobane’ng ha ho le thata ho tlohela ho nahana ka thobalano?

Batho ba bangata kajeno ba lula ba bua ka thobalano ’me joaloka batho ba bacha re na le li-hormone tse etsang hore re be le boikutlo ba ho batla ho etsa thobalano ’me seo se etsa hore ho be thata ho tlohela ho nahana ka eona.

Ruth o re: “Mananeo a thelevishene kajeno a lula a hlahisa batho ba sa nyalanang ba etsa thobalano empa ha ba bontše litla-morao tse bohloko tse tlisoang ke seo. Ka lebaka la hore ha ba hlahise litla-morao tse bohloko tse tlisoang ke thobalano, seo se etsa hore re lule re nahana ka eona.”

Nicole o re: “Mosebetsing batho ba lula ba bua puo e litšila ka ho etsa thobalano ’me seo se etsa hore le ’na ke batle ho tseba. Batho ba lula ba bua ka thobalano joalokaha eka ke ntho e tloaelehileng hoo qetellong o ka bonang eka ha ho phoso ho etsa thobalano pele o nyala”.

Maria o re: “Ka linako tse ling ho ka ba bonolo hore o iphumane o shebile senepe se tsosang takatso ea ho etsa thobalano ha o ntse o shebile linepe tse hlahang mecheng ea phatlalatso. Senepe seo se ka lula se lutse ka hloohong ea hao ’me ho ka ba thata hore o se lebale!”

Lintho tsena kaofela li ka etsa hore u ikutloe joaloka moapostola Pauluse. O ile a re: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.”​—Baroma 7:21.

Menahano e mebe e tšoanang le linonyana tse lutseng holim’a sehlaha, e lutse holim’a lihlooho tsa bacha ba bangata. Mocha e mong haa lumelle hore menahano e mebe e etse sehlaha.

U se ke oa lumella menahano e mebe hore e hahe sehlaha hloohong ea hao

Seo u ka se etsang

Leka ho nahana ka lintho tse ling. Leka ho nahana ka lintho tse ling ka ntle ho thobalano. Mohlomong u ka etsa ntho eo u e ratang, oa bapala, oa ikoetlisa kapa oa etsa ntho e ’ngoe ho tlosa monahano oa hao moo. Valerie o re: “Ho bala Bibele ho ka u thusa hobane e na le monahano oa Molimo ’me haeba u nahana ka Molimo ho thata hore u nahane ka ntho e ’ngoe hape.”

Ke ntho e tloaelehileng hore motho e mong le e mong a nahane ka thobalano. Empa ho ho uena hore u lumelle maikutlo ao kapa che. Le teng haeba o a lumella, ke uena feela ea ka khonang ho fetola monahano oo.

Helena o re: “Ha ke qala ho nahana ka thobalano ke etsa bonnete ba hore ke nahana ka ntho e ’ngoe e itseng. Ebe kea sheba hore na ke’ng e entseng hore ke be le boikutlo boo haeba ke pina kea e hlakola kapa senepe le sona kea se hlakola.”

Molao-motheo oa Bibele: “Lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, . . . le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.”​—Bafilipi 4:8.

Khetha metsoalle e lokileng. Haeba metsoalle ea hao e lula e bua ka thobalano seo se tla etsa hore le uena u lule u nahana ka eona.

Sarah o re: “Ha ke ntse ke hola ke ne ke lula ke nahana ka lintho tse sa lokang ’me seo se ne se bakoa ke metsoalle ea ka e sa lokang. Haeba o qeta nako le batho ba lulang ba bua lintho tse mpe seo se ka etsa hore le uena o lule o nahana ka tsona ’me seo se ka ba kotsi haholo.”

Molao-motheo oa Bibele: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”​—Liproverbia 13:20.

Qoba boithabiso bo bontšang thobalano. Kajeno rea tseba hore mecha ea phatlalatso e khothalletsa hore batho ba etse thobalano. Nicole o re: “’Na ntho e etsang ke be le maikutlo a ho etsa thobalano ke ’mino.”

Joanne o re: “Ke ne ke shebella li-movie le mananeo a TV a nang le likarolo tse hlahisang batho ba etsang thobalano. Seo se ile sa nkama haholo ke sa hlokomele hobane ke ne ke se ke lula ke nahana ka thobalano. Ke ile ka khona ho hlokomela hore na seo se ne se bakoa ke’ng. Ka mor’a hore ke khaotse ho shebella li-movie le mananeo a TV a nang le likarolo tse hlahisang thobalano, ha kea ka ka hlola ke nahana haholo ka thobalano. Ho khetha boithabiso bo lokileng ho ile ha nthusa hore ke qobe ho nahana ka lintho tse mpe.”

Molao-motheo oa Bibele: “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lona.”​—Baefese 5:3.

Seo u lokelang ho se tseba: Batho ba bang ba etsa thobalano hobane ba nka maikutlo a bona e le a bohlokoa hoo ba sa batleng ho a laola ha ba ba le ona. Empa Bibele ha e lumellane le seo kaha e re nka re le batho ba bohlokoa, hobane e re re khona ho laola maikutlo a rona.

Molao-motheo oa Bibele: “Le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lona.”​—Baefese 4:23.

Seo bacha ba bang ba se buang

Tyler

Tyler o re: “Tsela eo boithabiso bo entsoeng ka eona kajeno bo entsoe ka tsela e re susumetsang hore re nahane lintho tse mpe. Kahoo, re lokela ho etsa sohle se matleng a rona hore re khethe metsoalle ea rona hantle le hore na re shebella le ho bala eng. Re lokela ho qoba ho etsa lintho kapa ho ba le batho ba ka re susumelletsang hore re be le maikutlo a fosahetseng.”

Yaditsy

Yadi o re: “Re ka khona feela ho ba le boitšoaro haeba feela re bala Bibele ’me re rapela kamehla. Haeba motho a lula a e-na le maikutlo a fosahetseng, seo se bontša hore ho na le ntho eo a sa e etseng hantle e leng ho bala Bibele.”

Seo re ithutileng sona: Nka etsa’ng hore ke tlohelle ho nahana ka thobalano?

  1. Nahana ka ntho e ’ngoe e itseng.

  2. Khetha metsoalle ea hao hantle.

  3. Qoba ho shebella boithabiso bo sa lokang.

Nahana ka sena: Ke lintlha life tseo u ka ntlafatsang ho tsona?

a Le batho ba nyalaneng ba ntse ba hloka ho ba le boitšoaro ke kahoo ho ba le boitšoaro ho ka u tsoelang molemo hona joale ha u ntse u e-so nyale.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela