Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA

Naletsana

a Lipaki tsa Jehova ka baka la ho laba-labela ho tla hape ha Jesu, li ile tsa etsa litlhahiso tsa matsatsi ao ho ileng ha bonahala hore a fosahetse. Ka lebaka lena, ba bang ba ile ba li bitsa baprofeta ba bohata. Leha ho le joalo, maemong ana ha ho mohla li boletseng hore litebello tsa tsona li entsoe ‘ka lebitso la Jehova.’ Ha ho mohla li kileng tsa re, ‘Ana ke mantsoe a Jehova.’ Molula-Qhooa (oa Senyesemane), e leng koranta ea Lipaki tsa Jehova, e lumeletsoeng ka molao o ile oa re: “Ha re na neo ea boprofeta.” (January 1883, leqephe 425) “Kapa hona hore lingoliloeng tsa rōna ha lia lokela ho talingoa kapa ho nkoa e le tse sa foseng.” (December 15, 1896, leqephe 306) Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o boetse o bolela hore ’nete ea hore ba bang ba na le moea oa Jehova “ha e bolele hore ba sebeletsang joaloka Lipaki tsa Jehova ba bululetsoe. Sena ha se bolele hore se ngotsoeng limakasineng tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ke litaba tse bululetsoeng le tse hlokang liphoso.” (May 15, 1947, leqephe 157) “Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ha o bolele hore seo o se bolelang se bululetsoe, kapa hona ho hatella pono ea oona.” (August 15, 1950, leqephe 263) “Baena ba ngolang libuka tsena ba ka etsa liphoso. Seo ba se ngolang ha sea bululeloa joaloka se ngotsoeng ke Pauluse le bangoli ba bang ba Bibele. (2 Tim. 3:16) ’Me kahoo, ka linako tse ling, ho ’nile ha hlokahala hore ho lokisoe maikutlo ha kutloisiso e hlaka haholoanyane. (Liprov. 4:18)”—August 15, 1981, leqephe 18.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela