Naletsana
a Ba bang ba nahana hore lilemo tse boletsoeng tlalehong ena ea Bibele ha e le hantle ke likhoeli. Leha ho le joalo, mangolo a re Arpakshade o ile a tsoala Shela a le lilemo li 35. Haeba sena se nkoa e le likhoeli tse 35, joale ho tla bolela hore Arpakshade e bile ntate le pele a qeta lilemo tse tharo—e leng ntho e hlakileng hore e ke ke ea etsahala. Ho feta moo, likhaolo tse qalang tsa Genese li arola lilemo tse baloang ka potoloho ea letsatsi, ho likhoeli tse baloang ka khoeli e holimo.—Genese 1:14-16; 7:11.