Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA

Naletsana

a Ha a bontša hore lithuto tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana bo koenehileng, litšebeletso tsa bona le mekhoa ea bona ha lia simoloha Bokresteng, mok’hadinale oa Roma e K’hatholike oa lekholong la bo19 la lilemo John Henry Newman o ile a ngola tjena bukeng ea hae e bitsoang Essay on the Development of Christian Doctrine: “Ho sebelisoa ha litempele, tse nehetsoeng ho bahalaleli ba khethehileng, tseo ka linako tse ling li khabisoang ka makala a lifate; libano, mabone, le likerese; linyehelo tseo motho a itlamang hore o tla li ntša ha a ka fola; metsi a halalelang; matlo a setšabelo; matsatsi a halalelang le linako tsa selemo, ho sebelisoa ha lialmanaka, mekoloko, mahlohonolo masimong; liaparo tsa boprista, tsela eo motho a kutoang ka eona ha a kena bopristeng, reng ea lenyalo, ho sheba Bochabela, litšoantšo tse tlileng hamorao, mohlomong le lithapelo tse binoang, le Kyrie Eleison [pina e reng “Morena, E-ba le Mohau”], kaofela li simolohile boheteneng, ’me li halalelitsoe ka hore li amoheloe ka Kerekeng.”

Ho e-na le ho halaletsa borapeli bo joalo ba litšoantšo, “Jehova ea Matla ’Ohle” o eletsa Bakreste ka ho re: “Tsoang har’a bona, ’me le ikarole, . . . le khaotse ho ama ntho e sa hloekang.”—2 Bakorinthe 6:14-18.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela