Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA

Naletsana

c Ka mohlala: (1) Lekholong la bo16 la lilemo, mekhatlo e loantšang thuto ea boraro-bo-bong e ne e le matla Europe. Ka mohlala, Ferenc Dávid (1510-79), oa Hungary, o ne a tseba a bile a ruta hore thuto ea Boraro-bo-bong hase ea Mangolo. Ka baka la litumelo tsa hae, o ile a shoella teronkong. (2) Minor Reformed Church, e ileng ea ata Poland ka lilemo tse ka bang lekholo lekholong la bo16 le la bo17 la lilemo, le eona e ile ea hana Boraro-bo-bong, ’me balateli ba kereke eo ba ile ba rekisa lingoliloeng Europe kaofela, ho fihlela hamorao ha Majesuite a etsa hore ba lelekoe Poland. (3) Monghali Isaac Newton (1642-1727), Engelane, o ile a hana thuto ea Boraro-bo-bong ’me a ngola mabaka a qaqileng a histori le a Mangolo a ho etsa seo, empa ha aa ka a hatisoa nakong ea ha a ntse a phela, ka ho hlakileng ka baka la ho tšaba liphello tse tla hlahisoa ke seo. (4) Har’a ba bang Amerika, Henry Grew o ile a pepesa hore thuto ea Boraro-bo-bong hase ea Mangolo. Ka 1824 o ile a tšohla taba ena ka ho qaqileng ho An Examination of the Divine Testimony Concerning the Character of the Son of God.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela