Naletsana
a ‘Nako ea hore ho nchafatsoe lintho tsohle’ e qalile ha ho hlongoa ’Muso oa Bomesia ’me mojalefa oa Morena Davida ea tšepahalang a behoa teroneng. Jehova o ne a ile a tšepisa Davida hore mojalefa oa hae o tla busa ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 89:35-37) Empa ka mor’a hore Babilona e timetse Jerusalema ka 607 B.C.E., ha ho motho eo e neng e le setloholo sa Davida ea ileng a lula teroneng ea Molimo. Jesu, ea ileng a tsoaloa lefatšeng e le mojalefa oa Davida, e bile eena Morena eo e leng khale a tšepisitsoe ha a behoa teroneng leholimong.