Naletsana
b Bibele e bontša hore hase kamehla ho lekaneng ho ba le letsoalo le hloekileng feela. Ka mohlala, Pauluse o ile a re: “Ha ke ele ntho leha e le efe hloko khahlanong le ’na. Empa leha ho le joalo ka sena ha ke pakoe hore ke lokile, empa ea ntlhahlobang ke Jehova.” (1 Bakorinthe 4:4) Esita le ba hlorisang Bakreste, joalokaha Pauluse a ne a kile a ba hlorisa, ba ka etsa joalo ka letsoalo le hloekileng hobane ba nahana hore Molimo o lumellana le seo ba se etsang. Ke habohlokoa hore matsoalo a rōna a hloeke ho rōna a be a hloeke le mahlong a Molimo.—Liketso 23:1; 2 Timothea 1:3.