Naletsana
b Taba ea hore ebe ho sebelisitsoe lentsoe “halefa” ea bontša hore Jehova o nka taba ea ho tšepahala e tebile. Re ka tšoantša khalefo ena le eo monna a ka bang le eona ha a fumana hore mosali oa hae o mo tsoile tlase. (Liprov. 6:34) Feela joaloka monna eo, Jehova le eena o ile a halefa ha a fumana hore batho ba hae ba mo tsoile tlase ka ho rapela melimo ea litšoantšo. Tlhaloso e ’ngoe ea Bibele e re: “Molimo o halefa . . . hobane a halalela. Kaha ke eena feela Ea Halalelang . . . , a ke ke a lumella borabele.”—Ex. 34:14.