Naletsana
a Jesu o ile a ba sebete sa ho hlasela mokhatlo o joalo oa khoebo e etsang phaello. Ho latela rahistori e mong, lekhetho la tempele le ne le lokela ho lefshoa ka chelete ea tšepe ea boholo-holo ea Sejuda e khethehileng. Ka lebaka leo, baeti ba bangata ba tempele ba ne ba ka batla ho chencha chelete ea bona e le hore ba lefe lekhetho leo. Ba chenchang chelete ba ne ba lumeletsoe ho lefisa tefo e tsitsitseng ea ho chencha, ’me sena se ne se ba kenyetsa chelete e ngata.