Naletsana
c Mokhatlo oa bona o ne o tloha ho oa Bahasid, e leng sehlopha se ileng sa hlaha makholo a lilemo pejana bakeng sa ho loantša tšusumetso ea Bagerike. Bahasid ba ile ba fumana lebitso la bona lentsoeng la Seheberu chasi·dhimʹ, le bolelang “batšepuoa” kapa “ba halalelang.” Mohlomong ba ile ba ikutloa hore mangolo a buang ka “batšepuoa” ba Jehova a sebetsa ho bona ka tsela e itseng e khethehileng. (Pesaleme ea 50:5, BPN) Bona, le Bafarisi ba bileng teng ka mor’a bona, e ne e le basireletsi ba chesehang ka ho feteletseng, le ba ipehileng litulong ba lengolo la Molao.