Naletsana
b Molao o mong oo ho ka ’nang ha bonahala o amana le seo o ne o re ho se ke ha e-ba le monna eo setho sa hae sa botona se lemetseng haholo ea ka kenang phuthehong ea Molimo. (Deuteronoma 23:1) Leha ho le joalo, Insight on the Scriptures e bolela hore ho hlakile hore sena “se ne se amana le ho faola ha ka boomo bakeng sa merero ea boitšoaro bo bobe, bo kang bosodoma.” Kahoo, molao oo o ne o sa akarelletse ho faola kapa se lekanang le hona, bakeng sa ho thibela kemolo. Insight e boetse e re: “Ka tsela e tšelisang Jehova o boletse esale pele nako eo ka eona a neng a tla amohela maqhalaha e le bahlanka ba hae ’me, haeba a mamela, a ne a tla ba le lebitso le molemo ho feta bara le barali. Ha Jesu Kreste a ne a felisa Molao, batho bohle ba sebelisang tumelo, ho sa tsotellehe boemo ba bona ba nakong e fetileng, e ne e ka ba bara ba moea ba Molimo. Lintho tse ba khethollang li ne li tlositsoe.—Esa 56:4, 5; Joh 1:12.”