Naletsana
b Har’a bongata bo boholo bo neng bo le teng moketeng oa selemo le selemo oa Lijo tsa Shoalane tsa Morena o neng o tšoeroe ka la 28 March, 2002, ba limilione ha ba e-s’o qale ho sebeletsa Jehova. Re rapela ka matla hore haufinyane lipelo tsa ba bangata ba batho bana ba thahasellang li tla susumelletseha ho amohela tokelo ena ea ho ba bahoeletsi ba litaba tse molemo.